Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 16
  • Ho Chesehela Borapeli ba Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Chesehela Borapeli ba Jehova
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Chesehela Borapeli ba Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Jesu o Chesehela Borapeli ba ’Nete
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lebaka Leo ka Lona Jesu a Tlileng Lefatšeng
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu o Hloekisa Tempele
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 16

Khaolo ea 16

Ho Chesehela Borapeli ba Jehova

BANAB’ABO Jesu ka ’m’a bona​—⁠bara ba bang ba Maria⁠—⁠ke Jakobo, Josefa, Simone le Judase. Mohlomong pele ba qalisa leeto hammoho le Jesu le barutuoa ba hae ho ea Kapernauma, e leng motse o haufi le Leoatle la Galilea, ba ile ba emisa Nazaretha habo bona e le hore lelapa le nke lintho tseo le tla li hloka.

Empa ke hobane’ng ha Jesu a ea Kapernauma, ho fapana le hore a ntšetse tšebeletso ea hae pele Kana, Nazaretha, kapa sebakeng se seng se maralleng a Galilea? Lebaka le leng ke hore, Kapernauma e sebakeng se setle haholo ’me ka ho hlakileng ke motse o moholoanyane. Hape, barutuoa ba bangata ba bacha ba Jesu ba ne ba lula Kapernauma kapa haufi le moo, ka hona ho ke ke ha hlokahala hore ba tlohe mahabo bona ho tla rutoa ke Jesu.

Ha Jesu a le Kapernauma, o etsa mesebetsi e babatsehang, joalokaha eena ka sebele a tiisitse joalo likhoeli hamorao. Empa kapele Jesu le metsoalle ea hae ba kena tseleng hape. Ke nako ea selemo, ’me ba tseleng ho leba Jerusalema ho ea ba teng Pasekeng ea 30 C.E. Ha ba sa le moo, barutuoa ba Jesu ba bona ntho e ’ngoe eo ho seng mohla ba kileng ba e bona.

Ho latela Molao oa Molimo, Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa mahlabelo a liphoofolo. Molemong oa bona, bahoebi Jerusalema ba ba rekisetsa liphoofolo kapa linonyana bakeng sa morero ona. Empa ba li rekisetsa ka hare ho tempele, ’me ba qhekella batho ka ho ba lefisa haholo.

Jesu o tlala bohale, o loha phafa ’me o phahla ba neng ba rekisa. O tšolla lichelete tsa ba ananyang le ho phethola litafole tsa bona. O bolella ba bapatsang ka maeba: “Tlosang lintho tsena mona, ntlo ea Ntate le se ke la e etsa ntlo ea ho rekela.”

Ha barutuoa ba Jesu ba bona sena, ba hopola boprofeta bo buang ka Mor’a Molimo: “Cheseho ea ntlo ea hao e ntjele.” Empa Bajode baa botsa: “U ea re bontša pontšo efe, ha e le moo u etsa joalo?” Jesu oa ba arabela: “Qhaqhang tempele ena, ’me ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”

Bajode ba ne ba nahana hore Jesu o bua ka tempele ea sebele, kahoo baa botsa: “Tempele ena e hahiloe ka lilemo tse mashome a mane a metso e tšeletseng, ’me uena u re, u tla e tsosa ka matsatsi a mararo na?” Leha ho le joalo, Jesu o bua ka tempele eo e leng ’mele oa hae. ’Me lilemo tse tharo hamorao, barutuoa ba hae ba hopola mantsoe ana a hae ha a tsosoa bafung. Johanne 2:12-22; Mattheu 13:55; Luka 4:23.

▪ Ka mor’a lenyalo le neng le le Kana, Jesu o etela libaka life?

▪ Ke hobane’ng ha Jesu a ne a halefile, ’me o etsa eng?

▪ Barutuoa ba Jesu ba hopola eng ha ba bona liketso tsa hae?

▪ Jesu o boletse eng ka “tempele ena,” hona o ne a bolela eng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela