Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 11/15 maq. 16-17
  • Ho Chesehela Borapeli ba Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Chesehela Borapeli ba Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Chesehela Borapeli ba Jehova
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu o Chesehela Borapeli ba ’Nete
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Etsa Mohlolo ka Lekhetlo la Bobeli Kana
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lebaka Leo ka Lona Jesu a Tlileng Lefatšeng
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 11/15 maq. 16-17

JESU Bophelo le Tšebeletso ea Hae

Ho Chesehela Borapeli ba Jehova

KAMOR’A hore Jesu a be moketeng oa lechato Kana, a leba Kapernauma, motse o haufi le Leoatle la Galelia. O tsamaea le barutuoa ba hae, ’m’ae, bana’abo , Jakobo, Josefa, Simeone, le Juda. Leha ho le joalo, mohlomong pele ba qalisa leeto lena ba ile ba emisa Nazaretha habo Jesu e le hore lelapa le nke lintho tseo le tla li hloka.

Empa ke hobane’ng ha Jesu a ea Kapernauma, ho e-na le hore a ntšetse tšebeletso ea hae pele Kana, Nazaretha, kapa libakeng tse ling tsa maralla a Galilea? Lebaka le leng ke hore Kapernauma e sebakeng se setle haholo ’me ke motse o moholo. Hape, barutuoa ba bacha ba Jesu ba ne ba lula Kapernauma kapa haufi le moo, ka hona ho ke ke ha hlokahala hore ba tlohe mahabo bona ho tla rutoa ke Jesu.

Ha Jesu a le Kapernauma, a etsa mehlolo e mengata, joalokaha a boletse ka eona likhoeli hamorao. Empa kapele kamor’a moo Jesu le metsoalle ea hae ba kena tseleng hape. Ke selemo, ’me ba lebile Jerusalema ho ea keteka Paseka ka 30 C.E. Ha ba sa le moo, barutuoa ba hae ba bona ntho e ’ngoe eo ho seng mohla Jesu a kileng a e etsa.

Molao oa Molimo o ne o re, Baiseraele ba lokela ho etsa mahlabelo a liphoofolo. Ka hona ho ba thusa, bahoebi Jerusalema ba ba rekisetsa liphoofolo kapa linonyana bakeng sa morero ona. Empa ba rekisetsa ka hare ho tempele, ’me ba ba qhekanyetsa ka ho ba lefisa haholo.

Jesu a tlala bohale, a loha phafa ’me a phahla ba neng ba rekisa. A tšolla lichelete tsa ba ananyang le ho rapalatsa litafole. “TIosang lintho tsena mona,” a bolella ba bapatsang ka maeba. “Ntlo ea Ntate le se ke la e etsa ntlo ea ho rekela.”

Ha barutuoa ba Jesu ba bona sena, ba hopola boprofeta bo boletsoeng ka Mora oa Molimo: “Cheseho ea ntlo ea hao e ntjele.” Empa Bajode ba botsa: “U ea re bontša pontšo efe, ha e le moo u etsa tse joalo?” Jesu a ba arabela: “Qhaqhang tempele ena, ’me ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”

Bajode ba ne ba nahana hore Jesu o bua ka tempele ea majoe, empa o ne a bua ka tempele ea ’mele oa hae. ’Me lilemo tse tharo hamorao barutuoa ba hae ba hopola mantsoe ao ha a tsoha bafung. Johanne 2:12-22; Mattheu 13:55; Luka 4:23.

♦ Kamor’a hore Jesu a be moketeng oa lechato Kana, a etela libaka life?

♦ Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ha lefile, ’me o etsa eng?

♦ Barutuoa ba Jesu ba hopola eng ha ba bona boitšoaro ba hae?

♦ Jesu o boletse eng ka “tempele ena,” ’me o ne a bolela eng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela