Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 18
  • Johanne oa Boba, Jesu oa Hōla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Johanne oa Boba, Jesu oa Hōla
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Johanne o-oa Boba, Jesu o-oa Hōla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Jesu o Tuma ho Feta Johanne
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Na Johanne o ne a Haelloa ke Tumelo?
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Na Johanne o ne a Haelloa ke Tumelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 18

Khaolo ea 18

Johanne oa Boba, Jesu oa Hōla

KA MOR’A Paseka nakong ea selemo ka 30 C.E., Jesu le barutuoa ba hae ba tloha Jerusalema. Leha ho le joalo, ha ba ka ba khutlela mahabo bona Galilea empa ba ea motseng oa Judea, moo ba kolobetsang ha ba fihla teng. Johanne Mokolobetsi o ’nile a etsa mosebetsi o tšoanang hoo e ka bang selemo joale, ’me o ntse a e-⁠na le barutuoa ba mo latelang.

Ha e le hantle, Jesu ka boeena ha a etse mosebetsi oa ho kolobetsa, empa barutuoa ba hae ba etsa mosebetsi oo tlas’a tataiso ea hae. Kolobetso eo ba e etsang e na le bohlokoa bo tšoanang le e etsoang ke Johanne, e leng letšoao la pako ea Bajode libeng selekaneng sa Molao oa Molimo. Leha ho le joalo, ka mor’a tsoho ea hae, Jesu o laela barutuoa ba hae ho etsa mosebetsi oa ho kolobetsa o nang le bohlokoa bo fapaneng. Kajeno kolobetso ea Bokreste ke letšoao la boinehelo ba motho ba ho sebeletsa Jehova Molimo.

Leha ho le joalo, tšimolohong ea tšebeletso ea Jesu, eena le Johanne, le hoja ba ne ba sa sebetse ’moho, ba ne ba ruta ’me ba kolobetsa batho ba bontšang pako. Empa barutuoa ba Johanne ba ba mōna, ba tletleba ka Jesu: “Rabbi, . . . bona, ke enoa oa kolobetsa, ’me bohle ba ea ho eena.”

Ho e-⁠na le hore Johanne a be mōna, o thabela katleho ea Jesu ’me o ne a batla hore barutuoa ba hae le bona ba thabe. Oa ba hopotsa: “Ke lōna ka sebele le leng lipaki tsa ka tsa hobane ke boletse, ka re: Hase ’na Kreste, ke mpa ke romiloe ho mo etella pele.” Joale o sebelisa papiso e ntle: “Ea nang le monyaluoa ke monyali; empa motsoalle oa monyali ea emeng teng le ho mo utloa, o ee a thabe ka thabo e kholo, ha a utloa lentsoe la monyali. Thabo ea ka, e leng e joalo, e phethehile.”

Johanne, joaloka motsoalle oa Monyali, o ile a thaba likhoeli tse tšeletseng pejana ha a ne a tsebisa Jesu barutuoa ba hae. ’Me ba bang ho bona ea e-⁠ba litho tsa nakong e tlang tsa sehlopha sa monyaluoa oa Kreste oa leholimong se neng se tla etsoa ka Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. Johanne o ne a batla hore barutuoa ba hae ba nakong eo le bona ba latele Jesu, kaha morero oa hae e ne e le ho lokisa tsela hore tšebeletso ea Kreste e atlehe. Ho joalokaha Johanne Mokolobetsi a hlalosa: “E ka khona eena a hōle, ’me ’na ke bobe.”

Morutuoa oa Jesu e mocha, Johanne, eo le eena pejana e neng e le morutuoa oa Johanne Mokolobetsi, oa ngola mabapi le moo Jesu a tsoang teng le karolo ea Hae ea bohlokoa eo a neng a tla e phetha polokong ea batho, o re: “Ea tsoang leholimong o ka holimo ho bohle . . . Ntate o rata Mora, ’me o mo neile lintho tsohle matsohong. Ea lumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; ’me ea sa lumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo bo sa feleng, empa bohale ba Molimo bo sala holim’a hae.”

Kapele ka mor’a hore Johanne Mokolobetsi a bue ka ho boba ha tšebeletso ea hae, o tšoaroa ke Morena Heroda. Heroda o ne a nkile Herodiase, mosali oa ngoan’abo Filippi, a mo entse mosali oa hae, ’me ha Johanne a pepesa hore ketso eo ha ea lokela, Heroda o mo kenya teronkong. Ha Jesu a utloela ka ho tšoaroa ha Johanne, o tloha Judea le barutuoa ba hae ba leba Galilea. Johanne 3:22–4:3; Liketso 19:4; Mattheu 28:19; 2 Ba-Korinthe 11:2; Mareka 1:14; 6:17-20.

▪ Likolobetso tse laetsoeng ke Jesu pele ho tsoho ea hae li ne li e-⁠na le bohlokoa bofe? Le tsa ka mor’a tsoho ea hae?

▪ Johanne o bontša joang hore litletlebo tsa barutuoa ba hae li ne li se na motheo?

▪ Ke hobane’ng ha Johanne a ile a kenngoa teronkong?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela