Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 12/15 maq. 8-9
  • Johanne o-oa Boba, Jesu o-oa Hōla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Johanne o-oa Boba, Jesu o-oa Hōla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Johanne oa Boba, Jesu oa Hōla
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu o Tuma ho Feta Johanne
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Johanne Mokolobetsi ke Mohlala o ka re Thusang Hore re Lule re Thabile
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Na Johanne o ne a Haelloa ke Tumelo?
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 12/15 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae

Johanne o-oa Boba, Jesu o-oa Hōla

KAMOR’A Paseka ka selemo sa 30 C.E., Jesu le barutuoa ba hae ba tloha Jerusalema. Leha ho le joalo, ha ba ka ba khutlela mahabo bona Galilea empa ba ea motseng oa Judea moo ba neng ba kolobetsa teng. Johanne Mokolobetsi o ʼnile a etsa mosebetsi o tšoanang ho e ka bang selemo joale, ʼme o ntse a e-na le barutuoa ba mo latelang.

Jesu ha a ka a kolobetsa motho le ea mong, empa a laela barutuoa ba hae ho kolobetsa. Kolobetso ea bona e ne e tšoana le ea Johanne, e bile letšoao la pako ea Bajode bakeng sa libe selekaneng sa Molao sa Molimo. Leha ho le joalo, kamor’a tsoho, Jesu a laela barutuoa ba hae ho kolobetsa ka tsela e fapaneng. Kolobetso ea Bokreste ke letšoao la boinehelo ba motho ho sebeletsa Jehova Molimo.

Leha ho le joalo, tšimolohong ea tšebeletso ea Jesu, eena le Johanne, le hoja ba ne ba sa sebetse ʼmoho, ba ne ba ruta ʼme ba kolobetsa ba bontšang pako. Empa barutuoa ba Johanne ba e-ba mōna, ba ngongoreha ka Jesu, ʼme ba re ho Johanne: “Rabbi . . . bona, ke enoa oa kolobetsa, ʼme bohle ba ea ho eena.”

Ho e-na le hore Johanne a be mōna, a thabela katleho ea Jesu ʼme o ne a lakatsa hore barutuoa ba hae le bona ba thabe. A ba hopotsa: “Ke lōna ka sebele le leng lipaki tsa ka hobane ke boletse, ka re: Hase ’na Kreste, ke mpa ke romiloe ho mo etella pele.” Ka hona a sebelisa papiso e ntle: “Ea nang le monyaluoa ke monyali; empa motsoalle oa monyali ea emeng teng le ho mo utloa, o ee a thabe ka thabo e kholo, ha a utloa lentsoe la monyali. Thabo ea ka, e leng e joalo, e phethehile.”

Johanne, e le motsoalle oa Monyali, a thaba likhoeli tse tšeletseng pejana ha a ne a tsebisa barutuoa ba hae Jesu. ʼMe ba bang ea e-ba litho tsa kamoso tsa sehlopha sa monyaluoa oa Kreste oa leholimong tse etsoang ka Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. Johanne o ne a batla hore barutuoa ba hae le bona ba latele Jesu, kaha morero oa hae e ne e le ho lokisa tsela hore tšebeletso ea Kreste e atlehe. Johanne o hlalositse: “E ka khona eena a hōle, ʼme ʼna ke bobe.”

Kapele kamor’a moo, Johanne a tšoaroa ke Morena Heroda. Heroda o ne a nkile Herodiase, mosali oa Filippi moholoane oa hae, a mo entse mosali oa hae, ha Johanne a pepesa bobe boo, Heroda a mo kenya teronkong. Ha Jesu a utloela ka ho tšoaroa ha Johanne, a tloha Judea le barutuoa ba hae ba leba Galilea. Johanne 3:22–4:3; Liketso 19:4; Mattheu 28:19; 2 Ba-Korinthe 11:2; Mareka 1:14; 6:17-20.

◆ Likolobetso tse laetsoeng ke Jesu pele le kamor’a tsoho ea hae li ne li bolela eng?

◆ Johanne o bontšitse joang hore lingongoreho tsa barutuoa ba hae li ne li se na mabaka?

◆ Ke hobane’ng ha Johanne a na e kenngoa teronkong?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela