Khaolo ea 21
Synagogeng ea ha Habo Jesu
HA JESU a khutlela hae, ntle ho pelaelo ho na le thabo e khaphatsehang Nazaretha. Pele a tloha ho ea kolobetsoa ke Johanne selemo pele ho moo, Jesu o ne a tsejoa e le ’metli. Empa hona joale o tumme hohle e le moetsi oa mehlolo. Baahi ba moo ba laba-labela ho ’mona a etsa e meng ea mesebetsi ena e babatsehang har’a bona.
Tebello ea bona ea phahama ha Jesu, ho latela tloaelo ea hae, a ea synagogeng ea moo. Nakong ea litšebeletso, oa ema ’me o itokisetsa ho bala, ’me o nehoa moqolo oa moprofeta Esaia. O fumana moo ho buuoang ka Ea tlotsitsoeng ka moea oa Jehova, e leng khaolong ea 61 Bibeleng ea rōna kajeno.
Hoba a bale kamoo Enoa a neng a tla bolela ho lokolloa ha batlamuoa, ho tutubolloa ha ba foufetseng, le ka selemo sa mehauhelo ea Jehova, Jesu o khutlisetsa moqolo ho mosebeletsi ’me o lula fatše. Mahlo ’ohle a mo talimme. Joale o buisana le bona, mohlomong ka nako e telele, a ba hlalosetsa: “Kajeno, lengolo leo le etsahetse le ikutloela.”
Batho ba tsota ‘mantsoe a hae a molemo’ ’me ba buisana e le bona: “Enoa na hase mora oa Josefa na?” Empa kaha o ne a tseba hore ba batla a etse mehlolo, Jesu o tsoela pele: “Efela le sa tla mpolella setšoantšo se reng: Ngaka, u ipholise e le uena; ntho tseo re li utloileng li etselitsoe Kapernauma, u etse tse kalo le mona naheng ea heno.” Ka ho hlakileng, baahisani ba Jesu ba pele ba ikutloa hore ’metla-khola o e lebisa ho oa habo, o lokela ho folisa batho ba habo pele. Kahoo ba ikutloa hore Jesu o ba khethollotse.
Ha Jesu a hlokomela monahano oa bona, o pheta pale e ’ngoe e sebetsang. O hlokomelisa hore ho ne ho e-na le bahlolohali ba bangata Iseraeleng mehleng ea Elia, empa Elia ha aa ka a romeloa le ho a le mong oa bona. Ho fapana le hoo, o ile a ea ho mosali oa mohlolohali eo eseng Moiseraele Sidone, moo a ileng a etsa mohlolo o pholosang bophelo. ’Me le mehleng ea Elisha, ho ne ho e-na le balepera ba bangata, empa Elisha o ile a hloekisa Naamane oa Syria feela.
Ba halefisitsoe ke lipapiso tsena tse sa rateheng paleng tse pepesang boithati ba bona le ho haelloa ke tumelo, ba leng ka synagogeng baa ema ’me ba ntšetsa Jesu ka ntle ho motse ka lehlapha-hlapha. Mono, tlhōrōng ea thaba moo Nazaretha e hahiloeng teng, ba leka ho mo lihela selomong. Empa Jesu o phonyoha matsohong a bona ’me o ikela a sireletsehile. Luka 4:16-30; 1 Marena 17:8-16; 2 Marena 5:8-14.
▪ Ke hobane’ng ha ho e-na le thabo e khaphatsehang Nazaretha?
▪ Batho ba nahana eng ka puo ea Jesu, empa joale ke eng se ba halefisang haholo?
▪ Batho ba leka ho etsa’ng ka Jesu?