Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 2/15 maq. 8-9
  • Synagogeng ea ha Habo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Synagogeng ea ha Habo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Synagogeng ea ha Habo Jesu
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu o Synagogeng Nazaretha
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Nazaretha—Lehae la Moprofeta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ha A Tloha Ha Jairuse Leha a Boetse a Etela Nazaretha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 2/15 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae

Synagogeng ea ha Habo

HA JESU a khutlela hae, re ka inahanela thabo e khaphatsehang Nazaretha. Pele a tloha ho ea kolobetsoa ke Johanne selemo pejana, Jesu o ne a tsejoa e le ’metli. Empa hona joale o tumme ka bophara e le moetsi oa mehlolo. Baahi ba moo ba thahasella ho ’mona a etsa tse ling tsa lintho tse babatsehang har’a bona.

Tebello ea bona e-ea phahama ha Jesu, ho latela tloaelo ea hae, a e-ea synagogeng ea moo. Nakong ea litšebeletso, o-oa ema ho ea bala, ’me o neoa moqolo oa moprofeta Esaia. O fumana moo ho buuoang ka Ea tlotsitsoeng ka moea oa Jehova, e leng khaolong ea 61 Bibeleng ea rōna kajeno.

Hoba a bale ka kamoo Enoa a neng a tla bolela ho lokolloa hoa ba botlamuoeng, ho tutubolla ba foufetseng, le ka selemo sa mehauhelo ea Jehova, Jesu a khutlisetsa moqolo ho mosebeletsi ’me a lula fatše. Mahlo ’ohle a talimile ho eena. Joale o buisana le bona, mohlomong ka nako e telele, a ba hlalosetsa: “Kajeno, lengolo leo le etsahetse, le ikutloela.”

Batho ba tsota ‘mantsoe a hae a molemo’ ’me ba buisana e le bona: “Enoa na ha se mor’a oa Josefa na?” Empa ka ho tseba hore ba batla hore a etse mehlolo, Jesu a tsoela pele: “Efela le sa tla mpolella setšoantso se reng: Ngaka, u ipholise e le uena; ntho tseo re li utloileng li etselitsoe Kapernauma, u etse tse kalo le mona naheng ea heno.” Ho totobetse hore bao e kileng ea e-ba baahelani ba Jesu ba ikutloa hore pholiso e lokela ho qala hae molemong oa batho ba habo pele. Kahoo ba ikutloa Jesu a ba khethollotse.

Ka ho hlokomela monahano oa bona, Jesu o pheta histori e ’ngoe e sebetsang. O hlokomelisa hore ho ne ho e-na le bahlolohali ba bangata Iseraele mehleng ea Elia, empa Elia ha a ka a romeloa le ho a le mong oa bona. Ho e-na le hoo, a ea ho mosali oa mohlolohali eo e seng Moiseraele Sidone, moo a ileng a etsa mohlolo o pholosang bophelo. ’Me le mehleng ea Elisha, ho ne ho e-na le balepera ba bangata, empa Elisha a hloekisa Naamane oa Syria feela.

Ba halefisitsoe ke lipapiso tsena tse tsebisahalang histori tseo ba sa li rateng tse senolang boithati ba bona le ho haelloa ke tumelo, ba ka synagogeng ba phahama ’me ba ntšetsa Jesu ka ntle ho motse ka lephahla-phahla. Mono, tlhorong ea thaba moo Nazaretha e hailoeng teng, ba leka ho mo lihela selomong. Empa Jesu o phonyoha matsohong a bona ’me o ikela a sireletsehile. Luka 4:16-30; 1 Marena 17:8-16; 2 Marena 5:8-14.

◆ Ke hobane’ng ha ho e-na le thabo e khaphatsehang Nazaretha?

◆ Batho ba nahana joang ka puo ea Jesu, empa joale ke eng ho ba halefisang hakaale?

◆ Batho ba leka ho etsa eng ho Jesu?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela