Khaolo ea 29
Ho Etsa Mesebetsi e Metle ka Sabbatha
KE NAKO ea selemo ea 31 C.E. Ho se ho fetile likhoeli tse ’maloa haesale Jesu a bua le mosali selibeng se Samaria ha a le tseleng e tlohang Judea ho ea Galilea.
Joale, ka mor’a ho ruta ka ho pharalletseng hohle Galilea, Jesu o boetse o khutlela Judea, moo a rutang lisynagogeng. Ha ho bapisoa le tlhokomelo eo Bibele e e lebisang tšebeletsong ea hae Galilea, e bua hanyenyane ka tšebeletso ea Jesu Judea nakong ea ketelo ena le ea likhoeli tseo a li qetileng mona ka mor’a Paseka e sa tsoa feta. Ka ho hlakileng tšebeletso ea hae ha ea ka ea amoheloa hantle Judea joalokaha ho etsahetse Galilea.
Hang Jesu o tseleng e lebang motseng o moholo oa Judea, Jerusalema, bakeng sa Paseka ea 31 C.E. Mona, haufi le Monyako oa Linku oa motse ona o moholo, ho na le letša le bitsoang Bethsaida, moo batho ba bangata ba kulang, ba foufetseng le ba hlotsang ba tlang teng. Ba lumela hore batho ba ka phekoleha ha ba ka kena ka metsing a letša leo ha a ile a fuluuoa.
Ke Sabbatha, ’me Jesu o bona monna ea leng letšeng leo ea kutseng ka lilemo tse 38. Ha Jesu a hlokomela nako e telele eo monna eo a kutseng ka eona, oa ’motsa: “Na u rata ho fola na?”
O araba Jesu: “Morena, ha ke na motho ea nkenyang letšeng, ha metsi a sa tsoa fuluoa; ke re ke sa tla teng, e mong a theohele pele ho ’na.”
Jesu o re ho eena: “Ema, nka liphate tsa hao, u tsamaee.” Hona hoo monna eo oa fola ’meleng, o nka lempara la hae ’me o qala ho tsamaea!
Empa ha Bajode ba bona monna eo ba re: “Ke sabbatha, ha ua lokela ho jara liphate tsa hao.”
Monna eo oa ba araba: “Ea mpholisitseng ke eena ea itseng ho ’na: Nka liphate tsa hao u tsamaee.”
Baa botsa: “Ke mang motho ea itseng ho uena: Nka liphate tsa hao, u tsamaee?” Jesu o ne a furalletse ka baka la letšoele le neng le le moo, ’me motho eo ea neng a folisitsoe o ne a sa tsebe lebitso la Jesu. Leha ho le joalo, hamorao Jesu le monna eo ba kopana ka tempeleng, ’me monna eo oa tseba hore na ke mang ea mo folisitseng.
Ka hona monna ea folisitsoeng o kopana le Bajode ’me oa ba bolella hore ea mo folisitseng ke Jesu. Ha Bajode ba utloa sena, ba ea ho Jesu. Ka lebaka lefe? Na ke ka baka la ho ithuta hore na ke ka mokhoa ofe a khonang ho etsa lintho tse babatsehang joalo? Che. Empa hore ba mo tšoaee phoso hobane o etsa lintho tsena tse ntle ka Sabbatha. ’Me ebile ba qala ho mo hlorisa! Luka 4:44; Johanne 5:1-16.
▪ E batla e le nako e kae haesale Jesu a ne a etele Judea?
▪ Ke hobane’ng ha letša le neng le bitsoa Bethsaida le ne le tumme hakaale?
▪ Ke mohlolo ofe oo Jesu a o entseng letšeng leo, ’me Bajode ba itšoara joang?