Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae
Ho Etsa Mesebetsi e Metle ka Sabbatha
KE NAKO ea selemo ea 31 C.E. Likhoeli tse ’maloa li se li fetile haesale Jesu a bua le mosali selibeng sa Samaria ha a le tseleng e tlohang Judea ho ea Galilea.
Joale, kamor’a ho ruta libakeng tse ngata ho haola Galilea, Jesu o boetse a ea Judea, moo a rutang matlong a thapelo. Ha ho bapisoa le tlhokomelo e ileng ea lebisoa tšebeletsong ea hae ea Galilea, Bibele e bua hanyenyane ka tšebeletso ea Jesu Judea nakong ea ketelo ena le ea likhoeli tseo a li qetileng mona kamor’a Paseka e sa tsoa feta. Ho totobetse hore tšebeletso ea hae ha e’a amoheloa hantle Judea joalokaha ho etsahetse Galilea.
Hang Jesu o tseleng ea hae e lebang motseng o moholo oa Judea, Jerusalema, bakeng sa Paseka ea 31 C.E. Mona, haufi le monyako oa linku oa motse-moholo ona, ho teng letša le bitsoang Bethesda, moo batho ba bangata ba kulang, ba foufetseng le ba hlotsang ba tlang. Ba lumela hore batho ba ka folisoa ka ho kena na metsing a letša leo ha a foluuoe.
Ke Sabbatha, ’me Jesu o bona monna ea letšeng leo ea kutseng ka lilemo tse 38. A hlokometse nako e telele eo monna eo a e kutseng, Jesu o’a botsa: “Na u rata ho fola na?”
O’a araba, “Morena, ha ke na motho ea nkenyang letšeng, ha metsi a sa tsoa fuluoa; ke re ke sa tla teng, e mong a theohele pele ho ’na.”
Jesu o re ho eena: “Ema, nka liphate tsa hao, u tsamaee.” Hona hoo monna eo a hla a fola ’meleng, a nka liphate tsa hae ’me a qala ho tsamaea!
Empa ha Bajode ba bona monna eo, ba re: “Ke sabbatha, ha ua lokela ho jara liphate sa hao.”
Monna eo o’a ba araba: “Ea mpholisitseng ke eena ea itseng ho ’na: Nka liphate tsa hao, u tsamaee.”
Ba botsa, “Ke mang motho ea itseng ho uena: Nka liphate tsa hao, u tsamaee?” Jesu o ne a nyametse har’a bongata bo neng bo le moo, ’me ea neng a folisitsoe o ne a sa tsebe lebitso la hae. Leha ho le joalo, hamorao Jesu le monna eo ba kopana ka tempeleng, ’me monna eo a tseba hore na ke mang ea mo folisitseng.
Ka hona monna ea folisitsoeng a kopana le Bajode ho ba bolella hore ke Jesu ea mo folisitseng. Ha ba tseba sena, Bajode ba ea ho Jesu. Ka lebaka lefe? La ho ithuta hore na ke ka mokhoa ofe a khonang ho etsa lintho tse babatsehang joalo? Che. Empa hore ba mo tšoaee phoso hobane o etsa lintho tsena tse ntle ka Sabbatha. ’Me ebile ba qalisa ho mo hlorisa! Luka 4:44; Johanne 5:1-16.
◆ E batla e le nako e kae esale Jesu a ne a chakele Judea?
◆ Ke hobane’ng ha letša le neng le bitsoa Bethesda le ne le tumme hakaale?
◆ Ke mohlolo ofe oo Jesu a o entseng letšeng leo, ’me boitšoaro ba Bajode e bile bofe?