Khaolo ea 30
O Arabela Banģosi ba Hae
HA BAETA-PELE ba bolumeli ba Bajode ba qosa Jesu ka ho tlōla Sabbatha, oa arabela: “Ntate o sa sebetsa le joale, le ’na kea sebetsa.”
Ho sa tsotellehe polelo ea Bafarisi, mosebetsi oa Jesu hase mosebetsi o thibetsoeng ke molao oa Sabbatha. Mosebetsi oa hae oa ho bolela le ho folisa ke kabelo e tsoang ho Molimo, ’me o etsisa mohlala oa Molimo, o tsoela pele ho o etsa ka mehla. Leha ho le joalo, karabelo ea hae e etsa hore Bajode ba halefe ho feta pele, ba bile ba batla ho ’molaea. Hobane’ng?
Ke hobane hona joale hase feela hore ba lumela hore Jesu o tlōla Sabbatha empa hape ba nka hore polelo ea hae ea hore ke Mor’a Molimo ke ho nyefola. Leha ho le joalo, Jesu ha a tšohe ’me o ba arabela hape mabapi le kamano ea hae e hlomphehang le Molimo. O re, “Ntate o rata Mora, ’me o ’montša tsohle tsee eena a li etsang.”
Jesu o tsoela pele, “Joale ka ha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le eena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa.” Ka sebele Mora o se a ntse a tsosa bafu ka kutloisiso ea moea! Jesu o re, “Ea utloang lentsoe la ka, ’me a lumela ea nthomileng, . . . o tlohile lefung ho kena bophelong.” E, o tsoela pele: “Nako ea tla, le joale e se e tlile, eo bafu ba tla utloa lentsoe la Mor’a Molimo, ’me ba le utloang ba tla phela.”
Le hoja ho e-s’o be le tlaleho ea hore Jesu ka sebele o tsositse motho leha e le ofe bafung, o bolella banģosi ba hae hore tsoho e joalo ea sebele ea bafu e tla etsahala. O re, “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona.”
Ho fihlela joale, ho hlakile hore Jesu ha a e-s’o hlalose ka ho hlaka karolo ea hae ea bohlokoa morerong oa Molimo ka tsela e hlakileng le e tobileng hakana. Empa banģosi ba Jesu ha ba pakeloe lintho tsena ke Jesu a le mong feela. Jesu oa ba hopotsa, “Lōna le rometse ho Johanne, ’me o pakile ’nete.”
Lilemo tse peli feela pejana, Johanne Mokolobetsi o ne a bolelletse baeta-pele bana ba bolumeli ba Bajode ka Ea neng a tla tla ka mor’a hae. Ha a ba hopotsa ka tlhompho eo ba kileng ba e fa Johanne ea seng a kentsoe teronkong hona joale, Jesu o re: “Lōna le ithatetse ho nyakalla leseling la hae ka mehla e se mekae.” Jesu o ba hopotsa sena ka tšepo ea ho ba thusa, e, ho ba pholosa. Empa ha aa itšetleha ka bopaki ba Johanne.
“Mesebetsi eo ke e etsang [ho akarelletsa le mohlolo oo a sa tsoa o etsa] ke eona e mpakang hore Ntate o nthomile.” Empa ntle le moo, Jesu o tsoela pele: “Le eena Ntate ea nthomileng oa mpaka.” Ka mohlala, Molimo o ile oa pakela Jesu ha a ne a kolobetsoa, oa re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang.”
Ka sebele, banģosi ba Jesu ha ba na lebaka la ho mo latola. Mangolo ao ba ipolelang hore ba batlisisa ho oona aa mo paka! Jesu o qetella ka ho re, “Hola le lumela ho Moshe, le ho ’na le ka be le lumela; hobane o ngolile taba tsa ka. Empa ekare ha le sa lumele mangolo a hae, le ka lumela mantsoe a ka joang?” Johanne 5:17-47; 1:19-27; Mattheu 3:17.
▪ Ke hobane’ng ha mosebetsi oa Jesu e se ho tlōla Sabbatha?
▪ Jesu o hlalosa karolo ea hae ea bohlokoa morerong oa Molimo joang?
▪ Ho paka hore ke Mor’a Molimo, Jesu o supa bopaking ba mang?