Khaolo ea 51
Polao ka Letsatsi la Mokete oa Tsoalo
HOBA Jesu a qete ho neha baapostola ba hae litaelo, a ba roma ka bobeli motseng. Ho ka etsahala hore bana ba motho Petrose le Andrease ba ne ba tsamaea hammoho, joalokaha ho entse Jakobo le Johanne, Filippi le Bartholome, Thomase le Mattheu, Jakobo le Thaddea, le Simone le Judas Iskariota. Lihlopha tsena tse tšeletseng tsa baevangeli li ne li bolela ka litaba tse molemo tsa ’Muso ’me li ne li folisa ka mohlolo hohle moo li eang teng.
Khabareng, Johanne Mokolobetsi o ntse a le teronkong. Joale e se e batla e le lilemo tse peli a le moo. U tla hopola hore Johanne o ile a bolella Heroda Antipase sefahla-mahlo hore ho fosahetse ho nka Herodiase, mosali oa Filippi ngoan’abo, ho ba mosali oa hae. Kaha Heroda Antipase o ne a re o bolokile Molao oa Moshe, ka ho nepahetseng Johanne o ile a pepesa kopano ena ea bohlola. Ke lebakeng lena Heroda a ileng a kenya Johanne teronkong, mohlomong ka lebaka la tšusumetso ea Herodiase.
Heroda Antipase a hlokomela hore Johanne ke monna ea lokileng le ea mamelang ka thabo. Kahoo, ha a tsebe hore na a etse eng ka eena. Ka lehlakoreng le leng, Herodiase o hloile Johanne ’me o batla litsela tsa ho ’molaea. Qetellong, monyetla oo e leng khale a o emetse oa hlaha.
Nakoana pele ho Paseka ea 32 C.E., Heroda o lokisetsa mokete oa semetletsahali oa letsatsi la hae la tsoalo. Ba tlileng moketeng ke mahosana ’ohle a Heroda, balaoli ba makhotla, le baholo ba Galilea. Ha nako ea mantsiboea e atamela, Salome, morali e monyenyane oa Herodiase ka monna oa hae oa pele Filippi, o kōptjoa ho tantšetsa baeti. Bashebelli bana ba banna ba khahloa ke mokhoa oo a tantšang ka oona.
Heroda o thabisitsoe haholo ke Salome. ‘Kōpa ntho leha e le efe eo u e ratang, ke tla u fa eona,’ a rialo. A ba a hlapanya: “Leha e le eng eo u ka e kōpang, ke tla u fa eona, leha e ka ba ho u arolela ’muso oa ka ka lehare.”
Pele Salome a arabela, a tsoa ho ea iteanya le ’m’ae. A ’motsa, “Ke tla kōpa’ng na?”
Monyetla qetellong! Herodiase o arabela ka ntle ho tika-tiko: “Hloho ea Johanne Mokolobetsi.”
Ka potlako Salome o khutlela ho Heroda ’me a kōpa: “Ke rata ho fuoa ke uena, hona joale, ka mokeke, hloho ea Johanne Mokolobetsi.”
Heroda o soabile haholo. Empa ka lebaka la hobane baeti ba hae ba utloile kano ea hae, a tšaba ho se e tiise, leha sena se bolela ho bolaea motho ea se nang molato. Monna ea ikarabellang ka lipolao a romeloa teronkong ka potlako ka litaelo tsa hae tse tšosang. Kapelenyana o khutla le hlooho ea Johanne ka mokeke, ’me o e fa Salome. Joale eena o e isa ho ’m’ae. Ha barutuoa ba Johanne ba utloa se etsahetseng, ba tla ba nka setopo sa hae ’me ba se pata, ’me ba tlalehela Jesu taba eo.
Hamorao, ha Heroda a utloela ka hore Jesu o folisa batho le ho leleka bademona, o tšohile, o tšaba hore Jesu ke Johanne ea tsositsoeng bafung. Ka mor’a moo, o lakatsa haholo ho bona Jesu, e seng ho mamela thuto ea hae, empa ho tiisa haeba tšabo ea hae ke ’nete kapa che. Mattheu 10:1-5; 11:1; 14:1-12; Mareka 6:14-29; Luka 9:7-9.
▪ Ke hobane’ng ha Johanne a le teronkong, ’me ke hobane’ng ha Heroda a sa batle ho ’molaea?
▪ Ke joang qetellong Herodiase a tsebileng ho bolaea Johanne?
▪ Ka mor’a lefu la Johanne, ke hobane’ng ha Heroda a batla ho bona Jesu?