Khaolo ea 57
Kutloelo-bohloko ho ba Saretsoeng
KA MOR’A ho nyatsa Bafarisi ka lineano tsa bona tsa boikhabi, Jesu a tloha le barutuoa ba hae. U tla hopola hore, e seng khale haholo, boiteko ba hae ba ho tsamaea le bona bakeng sa ho ea phomola ho se hokae bo ile ba sitisoa ke ha matšoele a ba fumana. Joale, a e-na le barutuoa ba hae, a tloha ho ea libakeng tsa Tyre le Sidone, lik’hilomithara tse ngata ka leboea. Ka ho hlakileng lena ke lona leeto feela leo Jesu a le nkang le barutuoa ba hae ka ntle ho meeli ea Iseraele.
Ka mor’a ho fumana ntlo eo ba tla lula ho eona, Jesu a bolela hore ha a batle ha mang kapa mang a ka tseba moo ba leng teng. Leha ho le joalo, esita le sebakeng sena seo e seng sa Baiseraele, a ke ke a ipata. Mosali oa Mogerike, ea neng a tsoaletsoe hona Phoenicia oa Syria, o oa mo fumana ’me a qala ho kōpa: “Nkutloele bohloko, Morena, mor’a Davida! Morali oa ka o tšoenngoa hampe ke modemona.” Leha ho le joalo, Jesu ha a mo arabe.
Qetellong, barutuoa ba bolella Jesu: “Mo khutlise, hobane o hooa a ntse a re latela.” Ha a hlalosa lebaka la hae la ho mo hlokomoloha, Jesu o re: “Ha kea romeloa ho motho, ha e se ho linku tsa ntlo ea Iseraele tse timetseng.”
Leha ho le joalo, mosali ha a tele. O atamela Jesu o itihela fatše ka pel’a hae. Oa kōpa, “Morena, nthuse!”
E tlameha ebe pelo ea Jesu e ile ea susumetsoa hakaakang ke kōpo e phehellang ea mosali enoa! Leha ho le joalo, o ile a bolela hape ka boikarabelo ba hae ba pele, ho sebeletsa batho ba Molimo ba Iseraele. Ka nako e tšoanang, e le ho leka tumelo ea mosali enoa, Jesu o bolela ka pono ea Bajode e leeme ka lichaba tse ling, ka ho hlalosa: “Ha hoa lokela ho nka bohobe ba bana le ho bo akhela lintjanyana.”
Ka molumo oa lentsoe la hae o bontsang kutloelo-bohloko le ka boemo ba sefahleho sa hae, ka sebele Jesu o senola maikutlo a hae a lerato ho bao e seng Bajode. O bebofatsa papiso eo ka Balichaba ba bitsoang lintja ka ho ba bitsa “lintjanyana.” Ho e-na le ho khopeha, mosali o nka mantsoe a Jesu ha a bolela ka leeme la Bajode ’me o fana ka tlhokomeliso ena: “E, Morena; empa le tsona lintjanyana li ee li thole makumane a oang tafoleng ea beng ba tsona.”
Jesu oa araba, “Mosali, tumelo ea hao e kholo, a ho etsoe ho uena kamoo u ratang kateng.” ’Me ha fela ha etsahala! Ha a fihla lapeng, o fihlela morali oa hae a lutse moalong, a folile ka ho feletseng.
Ho tloha sebakeng sa lebōpo sa Sidone, Jesu le barutuoa ba hae ba haola le naha ba lebile ’nģa Nōka ea Jordane. Ho bonahala ba tšela Jordane kae kae ka holimo ho Leoatle la Galilea ’me ba kena sebakeng sa Dekapolise, ka bochabela ho leoatle. Moo ba ile ba hloa thaba, empa matšoele a ba fumana ’me ba tlisa ho Jesu lihlotsa, lifofu, le limumu, le ba bangata ba neng ba kula mafu a fapaneng le lihole. Ba ba beha maotong a Jesu, ’me a ba folisa. Batho ba makala ha ba bona limumu li bua, liritsa li tsamaea, le lifofu li bona; ’me ba rorisa Molimo oa Iseraele.
Jesu a lemoha ka ho khethehileng monna e mong eo e leng sethōlō ebile e le semumu. Hangata lithōlō li hlajoa ke lihlong habonolo haholo-holo, ha li le har’a letšoele. Jesu o hlokomela lihlong tsa monna enoa. Kahoo Jesu ka kutloelo-bohloko a mo tlosa har’a letšoele a ea le eena thōkoana. Ha ba le bang, Jesu o bontša seo a tla mo etsetsa sona. O kenya menoana ea hae litsebeng tsa monna enoa ’me, ka mor’a ho tšoela ka mathe, o ama leleme la hae. Joale, a lelaletse leholimong, Jesu ka ho feheloa ho tebileng a re: “Thiboloha.” Ka nako eona eo, monna enoa a boela a utloa, ’me a tseba ho bua hantle.
Ha Jesu a se a entse lipholiso tsena tse ngata, matšoele a arabela ka kananelo. A re: “O entse tsohle hantle; o utloisa ba sa utloeng, o buisa ba sa bueng.” Mattheu 15:21-31, NW; Mareka 7:24-37.
▪ Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a folisa ngoana oa mosali oa Mogerike hang-hang?
▪ Hamorao, Jesu o ile a isa barutuoa ba hae hokae?
▪ Ke joang Jesu ka kutloelo-bohloko a phekolang sethōlō seo e leng semumu?