Khaolo ea 130
Leoatleng la Galilea
JOALE baapostola ba khutlela Galilea, joalokaha pejana Jesu a ile a ba laela ho etsa joalo. Empa ha baa tiiseha ka seo ba lokelang ho se etsa moo. Ka mor’a nakoana, Petrose o bolella Thomase, Nathanaele, Jakobo le Johanne ngoan’abo, le baapostola ba bang ba babeli: “Ke ea tšoasa lihlapi.”
Ba tšeletseng baa arabela: “Le rōna re ea le uena.”
Bosiu bohle, ba sitoa ho tšoasa letho. Leha ho le joalo, hantle feela ha eka ho qala ho khanya, Jesu o iponahatsa lebōpong, empa baapostola ha ba lemohe hore ke Jesu. Oa hoeletsa: “Bana, na ha le na se ka jeoang na?”
Ba hoeletsa hape ba le ka mose oane ho metsi: “Che.”
O re: “Akhelang letlooa pel’a lehlakore le letona la sekepana, ’me le tla li bona.” ’Me ha ba le akhela, ba sitoa ho hula letlooa la bona ka lebaka la lihlapi tseo kaofela.
Johanne oa hoeletsa: “Ke Morena.”
Ha Petrose a utloa sena, o apara seaparo sa hae se ka holimo, kaha o hlobotse liaparo, ’me o ikakhela leoatleng. O sesa hoo e ka bang limithara tse 90 ho ea lebōpong. Baapostola ba bang ba latela ka seketsoana se senyenyane, se hulang letlooa le tletseng lihlapi.
Ha ba fihla lebōpong, ho na le mollo oa mashala, le hlapi holim’a oona, le bohobe teng. Jesu o re: “Tlisang lihlapi tse ling tsa tseo le sa tsoa li tšoasa.” Petrose o kena ka seketsoaneng ’me o hulela letlooa lebōpong. Le na le lihlapi tse khōlō tse 153!
Jesu oa ba mema: “Tlong, le je.”
Ha ho lea mong oa bona ea nang le sebete sa ho botsa hore, “U mang?” hobane kaofela ha bona baa tseba hore ke Jesu. Lena ke lekhetlo la bosupa a iponahatsa ka mor’a tsoho ea hae, ’me ke lekhetlo la boraro a iponahatsa ho baapostola e le sehlopha. Joale o aba lijo tsa hoseng, ’me o fa e mong le e mong oa bona bohobe le hlapi.
Ha ba qeta ho ja, mohlomong a shebile lihlapi tse ngata tse tšoasitsoeng, Jesu o botsa Petrose: “Simone, mor’a Jona, a u nthata haholo ho fetisa bana [“tsena,” NW] na?” Ntle le pelaelo o bolela hore, Na u rata khoebo ea ho tšoasa lihlapi ho feta mosebetsi oo ke u lokiselitseng oona hore u o etse?
Petrose oa arabela: “E, Morena, u tseba hoba kea u rata.”
Jesu oa arabela: “Alosa likonyana tsa ka.”
Hape, lekhetlo la bobeli, oa botsa: “Simone, mor’a Jona, a ua nthata na?”
Petrose o arabela ka tieo: “E, Morena, u tseba hoba kea u rata.”
Jesu o boetse oa mo laela: “Lisa linku tsa ka.”
Joale, lekhetlo la boraro, oa botsa: “Simone, mor’a Jona, a ua nthata na?”
Joale Petrose o se a soabile. E ka ’na eaba o ipotsa hore na Jesu o belaella botšepehi ba hae. Etsoe haufinyane ha Jesu a ne a le tekong ea bophelo ba hae, Petrose o ile a latola ka makhetlo a mararo hore oa mo tseba. Kahoo Petrose o re: “Morena, u tseba tsohle; u tseba hoba kea u rata.”
Jesu o mo laela lekhetlo la boraro: “Alosa linku tsa ka.”
Kahoo Jesu o sebelisa Petrose e le mocha oa ho hatisa ho ba bang mosebetsi oo a batlang hore ba o etse. Haufinyane o tla tloha lefatšeng, ’me o batla hore ba etelle pele ho hlokomeleng ba tlang ho tlisoa lesakeng la linku tsa Molimo.
Feela joalokaha Jesu a ile a tlangoa ’me a bolaoa kahobane a entse mosebetsi oo Molimo o mo rometseng ho o etsa, kahoo joale o senola hore Petrose o tla utloa bohloko ka mokhoa o tšoanang. Jesu oa ’molella: “Enere ha u sa le mocha, u no u itlama u ’notsi, u itsamaela moo u ratang teng; empa etlare hobane u tsofale, u tla otlolla matsoho a hao, ’me e mong o tla u tlama, a u ise moo u sa rateng teng.” Ho sa tsotellehe lefu la boshoela-tumelo le emetseng Petrose, Jesu oa mo phehella: “Ntatele!”
Ha a hetla, Petrose o bona Johanne ’me oa botsa: “Morena, ho tla ba joang ho eo?”
Jesu oa arabela: “Ekare ha ke rata hore a lule ke be ke tle, e ka ba eng ho uena? Uena, ntatele.” Barutuoa ba bangata ba ile ba utloisisa mantsoe ana a Jesu eka a bolela hore moapostola Johanne a ke ke a shoa le ka mohla. Leha ho le joalo, joalokaha moapostola Johanne a ile a hlalosa hamorao, Jesu ha aa ka a re a ke ke a shoa, o mpa feela a itse: “Ekare ha ke rata hore a lule ke be ke tle, e ka ba eng ho uena?”
Hamorao Johanne o ile a boela a bua polelo ena ea bohlokoa: “Taba tse ling li sa le teng tse ngata, tseo Jesu a li entseng. Hojane li ka ngoloa ka bonngoe, ke lekanya hore le lona lefatše le be le ke ke la lekana libuka tse ka ngoloang.” Johanne 21:1-25; Mattheu 26:32; 28:7, 10.
▪ Ke eng e bontšang hore baapostola ha baa tiiseha ka seo ba lokelang ho se etsa Galilea?
▪ Baapostola ba hlokomela Jesu joang Leoatleng la Galilea?
▪ Ke makhetlo a makae joale ao Jesu a seng a iponahalitse ka ’ona haesale ho tloha tsohong ea hae?
▪ Jesu o hatisa seo a batlang hore baapostola ba se etse joang?
▪ Jesu o bontša mokhoa oo Petrose a tla shoa ka oona joang?
▪ Ke litlhaloso life tsa Jesu mabapi le Johanne tseo barutuoa ba bangata ba ileng ba li utloisisa ka mokhoa o fosahetseng?