Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 92 leq. 214-leq. 215 ser. 1
  • Jesu o Hlaha ho Batšoasi ba Litlhapi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Hlaha ho Batšoasi ba Litlhapi
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Lebopong la Leoatle la Galilea
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Leoatleng la Galilea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Leoatleng la Galilea
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ho Sebeletsa Joaloka Batšoasi ba Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 92 leq. 214-leq. 215 ser. 1
Jesu o bua le barutuoa ba hae ha a ntse a besitse tlhapi mollong

THUTO EA 92

Jesu o Hlaha ho Batšoasi ba Litlhapi

Ka mor’a hore Jesu a hlahe ho baapostola, Petrose o ile a il’o tšoasa litlhapi Leoatleng la Galilea. Thomase, Jakobo, Johanne le baapostola ba bang ba ile ba tsamaea le eena. Ba ile ba leka ho tšoasa litlhapi bosiu kaofela empa ba se ke ba li fumana.

Hoseng ba ile ba bona monna e mong a eme lebopong la leoatle. A ba hoeletsa a re: ‘Na le tšoasitse litlhapi?’ Ba re: “Che!” Eaba o re: “Lahlelang linete tsa lona ka letsohong le letona.” Eitse ha ba etsa joalo, linete tsa bona tsa tlala litlhapi hoo ba neng ba sitoa le ho li hulela ka har’a sekepe. Ha Johanne a elelloa hore monna eo ke Jesu, a re: “Ke Morena!” Hang-hang Petrose a ikakhela ka metsing eaba o tola ho ea lebopong la leoatle. Barutuoa ba bang ba tla ka sekepe.

Ha ba fihla lebopong la leoatle, ba ile ba fumana Jesu a ntse a besa bohobe le tlhapi. Eaba Jesu o ba kopa hore ba tlise litlhapi tsa bona hore ba eketse lijo. A re ho bona: ‘Tloong re tl’o ja.’

Petrose o ea ho Jesu lebopong la leoatle ’me barutuoa ba bang ba mo sala morao

Ha ba qeta ho ja, Jesu a re ho Petrose: ‘Na u nthata ho feta ho tšoasa litlhapi?’ Petrose a re: ‘E, Morena, oa tseba hore kea u rata.’ Jesu a re ho eena: ‘Fepa likonyana tsa ka.’ Jesu a mo botsa hape a re: ‘Petrose, na oa nthata?’ Petrose a re: ‘Morena, oa tseba hore kea u rata.’ Jesu a re: “Lisa linku tsa ka tse nyenyane.” Jesu a mo botsa ka lekhetlo la boraro. Petrose a araba a utloile bohloko a re: ‘Morena, u tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Oa tseba hore kea u rata.’ Jesu a re: “Fepa linku tsa ka tse nyenyane.” A boela a re: “U se ke oa khaotsa ho ntatela.”

“[Jesu] a re ho bona: ‘Ntšaleng morao, ke tla le etsa batšoasi ba batho.’ Hang-hang ba tlohela matlooa a bona eaba baa mo latela.”—Matheu 4:19, 20

Lipotso: Jesu o ile a etsetsa batšoasi ba litlhapi mohlolo ofe? U nahana hore ke hobane’ng ha Jesu a ile a botsa Petrose hararo hore na oa mo rata?

Johanne 21:1-19, 25; Liketso 1:1-3

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela