Libōpuoa tsa Moea tse Limillione
Bibele e re bolella hore ho na le batho ba moea ba bangata. Jehova ka boeena ke moea.—Johanne 4:24; 2 Ba-Korinthe 3:17, 18.
Ka nako e ’ngoe Jehova o ne a le mong bokahohleng. Eaba o qala ho bōpa batho ba moea ba bitsoang mangeloi. A matla haholo ebile a bohlale haholo ho feta batho. Jehova o ile a bōpa mangeloi a mangata; ponong, mohlanka oa Molimo Daniele o ile a bona mangeloi a limillione tse lekholo.—Daniele 7:10; Ba-Heberu 1:7.
Mangeloi ana a ile a bōptjoa ke Molimo esita le pele o etsa lefatše. (Jobo 38:4-7) Ha ho leha e le afe ho ’ona ao e leng batho ba kileng ba phela lefatšeng le ho shoella teng.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Moea o moholo, Jehova, o bōpile batho ba moea ba limillione