Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • sp maq. 23-27
  • Sebeletsa Jehova, Eseng Satane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebeletsa Jehova, Eseng Satane
  • Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Molemo
  • Qoba Mekhoa e Litšila
  • Sebelisa Borapeli ba ’Nete
  • Kopanela Hammoho le Lipaki tsa Jehova
  • Mangeloi ke Bo-mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Hana Bolumeli ba Bohata; E-ba Bolumeling ba ’Nete
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Mangeloi ke Bo-mang, Hona a Etsa Eng?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Jesu o Matla ho Feta Bademona
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
sp maq. 23-27

Sebeletsa Jehova, Eseng Satane

Kaofela ha rōna re na le khetho. Re ka sebeletsa Jehova kapa ra sebeletsa Satane le bademona ba hae. Re ke ke ra ba sebeletsa ka bobeli ba bona. Ho bohlale hakaakang ho sebeletsa Jehova!

Jehova o Molemo

Joalokaha re se re bone, bademona ba thabela ho hlokofatsa le ho thetsa batho. Jehova ha aa joalo. O rata batho joalokaha ntate a rata bana ba hae. Ke eena Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng.” (Jakobo 1:17) Ha aa hanele batho ka ntho efe kapa efe e ntle, esita leha a ka lahleheloa haholo.—Ba-Efese 2:4-7.

Nahana ka lintho tseo Jesu, Mor’a Molimo, a li entseng lefatšeng. O ile a etsa hore limumu li bue ’me a etsa hore lifofu li bone. O ile a folisa balepera le batho ba lihlotsa. O ile a leleka bademona ’me a folisa ho kula ha mefuta eohle. Jesu, ka matla a Molimo, o bile a tsosa bafu.—Mattheu 9:32-35; 15:30, 31; Luka 7:11-15.

Ho e-na le hore Molimo o bue mashano hore o re thetse, ka mehla o bua ’nete. Le ka mohla ha o thetse mang kapa mang.—Numere 23:19.

Qoba Mekhoa e Litšila

Feela joalokaha tepo ea sekho e tšoasa ntsintsi, batho ba bangata ba tšoasitsoe ke tumela-khoela le lintho tsa bohata. Ba tšaba bafu. Ba tšaba bademona. Ba tšaba ho betsoa, bonohe, lithatho, le boloi. Ba tšoasitsoe ke litumelo le lineano tse theiloeng mashanong a Satane Diabolose. Bahlanka ba Molimo ha baa tšoasoa ke eng kapa eng ea lintho tsena.

Jehova o matla haholo ho feta Satane. Haeba u sebeletsa Jehova, o tla u sireletsa ho bademona. (Jakobo 4:7) U ke ke ua louoa. Ka mohlala, Nigeria, bo-ngakana-ntšonyana ba bang ba bararo ba matla ba ne ba batla ho bolaea Paki e ’ngoe ea Jehova e ileng ea hana ho tloha motseng ka ho e loea. Eitse ha ba hlōleha ho e loea, e mong oa bo-ngakana-ntšonyana bao o ile a tšoha haholo, a ea ho Paki eo, ’me a ikōpela mohau.

Haeba u tšoenngoa ke bademona, u ka bitsa Jehova ka lebitso ’me o tla u sireletsa. (Liproverbia 18:10) Empa hore Molimo o u sireletse, u tlameha ho itšoasolla ka ho felletseng nthong e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le ho sebelisana le meea le borapeli ba bademona. Barapeli ba Molimo ba Efese ea boholo-holo ba ile ba etsa joalo. Ba ile ba bokella libuka tsa bona tsa boloi kaofela ’me ba li chesa. (Liketso 19:19, 20) Bahlanka ba Molimo kajeno ba tlameha ho etsa se tšoanang. Lahla lithatho, likhoeetsa, mehala e “sireletsang,” boloi, libuka tsa boloi, le ntho leha e le efe e amanang le mekhoa ea ho sebelisana le meea.

Sebelisa Borapeli ba ’Nete

Haeba u batla ho khahlisa Molimo, ha hoa lekana hore feela u lahle borapeli ba bohata le ho khaotsa ho etsa lintho tse mpe. U tlameha ho sebelisa borapeli bo hloekileng ka mafolo-folo. Bibele e bontša se hlokahalang:

Kopanela Hammoho le Lipaki tsa Jehova

Satane le bademona ba na le batho lefatšeng ba rutang lintho tse mpe le ba li etsang. Empa Jehova le eena o na le batho. Ke Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10) Ho pholletsa le lefatše, ho na le Lipaki tse fetang limillione tse ’nè. Kaofela ha tsona li leka ka matla ho etsa lintho tse ntle le ho ruta batho ’nete. Linaheng tse ngata, u ka teana le tsona Holong ea ’Muso, moo li tla u amohela ka mofuthu.

Mosebetsi oa tsona ke ho thusa ba bang ho sebeletsa Molimo. Li tla ithuta Bibele le uena lapeng la hao, li u thuse ho ithuta kamoo u ka rapelang Jehova ka tsela e nepahetseng. Ha ho hlokahale hore u lefe. Lipaki li thabela ho ruta ba bang ’nete hobane li rata batho ’me li rata Jehova Molimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Jesu, Mor’a Molimo, o ile a bontša lerato ho batho ka ho ba phekola ha ba kula

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Baefese ba ile ba chesa libuka tsa bona tsa boloi

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

E-ba teng libokeng tsa Bokreste.—Ba-Heberu 10:24, 25

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ithute Bibele.—Johanne 17:3

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Pakela ba bang.—Mattheu 24:14

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Rapela Jehova.—Ba-Filippi 4:6, 7

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Kolobetsoa.—Liketso 2:41

[Litšoantšo tse leqepheng la 27]

Lipaki tsa Jehova li tla u thusa ho sebeletsa Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela