Karolo 8
Hana Bolumeli ba Bohata; E-ba Bolumeling ba ’Nete
1. Batho ba talimane le khetho efe kajeno tabeng ea borapeli?
JESU o ile a re: “Ea seng ka lehlakoreng la ka o khahlanong le ’na.” (Matheu 12:30) Re ka lehlakoreng la Jehova kapa la Satane. Batho ba bangata ba nahana hore ba sebeletsa Molimo ka tsela e amohelehang, empa Bibele e re Satane o ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9) Batho ba limilione ba lumela hore ba rapela Molimo, empa ha e le hantle ba sebeletsa Satane Diabolose! Kajeno batho ba tobane le khetho: Ba tlameha ho sebeletsa Jehova, “Molimo oa ’nete,” kapa Satane, “ntate oa leshano.”—Pesaleme ea 31:5; Johanne 8:44.
Itokolle Bolumeling ba Bohata
2. Ke tsela efe e ’ngoe eo ka eona Satane a sitisang batho ho rapela Jehova?
2 Ho etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova ke khetho e bohlale, khetho e tlisang kamohelo ea Molimo. Empa Satane ha a thabisoe ke motho leha e le ofe ea sebeletsang Molimo; o bakela ba sebeletsang Molimo mathata. Tsela e ’ngoe eo a e sebelisang ke ho etsa hore ba songoe kapa ba hanyetsoe, esita le ke metsoalle le litho tsa lelapa. Jesu o ile a lemosa: “Ka sebele, lira tsa motho e tla ba batho ba ntlo ea hae.”—Matheu 10:36.
3. Haeba ba lelapa kapa metsoalle ba hanyetsa borapeli ba hao ho Molimo, u tla etsa’ng?
3 Haeba seo se u etsahalla, u tla etsa’ng? Batho ba bangata baa tseba hore tsela eo ba rapelang ka eona e fosahetse, empa ba leqe ho itokolla ho eona. Ba nka hore e tla ba ho tsoa malapa abo bona tlaase. Na leo ke lebaka le utloahalang? Haeba u hlokomela hore litho tse haufi tsa lelapa li sebelisa lithethefatsi tse kotsi, na u ne u ke ke ua li lemosa hore lithethefatsi tseo li tla li ntša kotsi? Na u ne u tla kopanela le tsona ho sebeliseng lithethefatsi tseo?
4. Joshua o ile a re’ng ho Baiseraele mabapi le borapeli ba mehleng ea hae?
4 Joshua o ile a khothalletsa Baiseraele ho tlohela mekhoa le lineano tse fosahetseng tsa bolumeli ba baholo-holo ba bona. O ile a re: “Joale tšabang Jehova ’me le mo sebeletse ka ho hloka molato le ka ’nete, ’me le tlose melimo eo baholo-holo ba lōna ba neng ba e sebeletsa ka lehlakoreng le leng la Nōka le Egepeta, ’me le sebeletse Jehova.” (Joshua 24:14) Joshua o ne a tšepahala ho Molimo, ’me Jehova a mo hlohonolofatsa. Haeba re tšepahala ho Jehova, le rōna o tla re hlohonolofatsa.—2 Samuele 22:26.
Lahla Lintho Tse Sebelisoang Borapeling ba Bohata
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho lahla thepa ea boselamose?
5 Ho itokolla bolumeling ba bohata ho boetse ho bolela hore re lokela ho lahla thepa leha e le efe ea boselamose eo e ka ’nang eaba re ne re e-na le eona, joaloka likhoeetsa, lithatho, lireng le lipetja tsa boselamose le lintho tse ling tse kang tseo. Sena ke sa bohlokoa kaha se bontša hore re tšepa Jehova ka ho feletseng.
6. Bakreste ba pele ba ile ba etsa’ng ka libuka tsa bona tsa boselamose?
6 Hlokomela seo Bakreste ba bang ba pele ba ileng ba se etsa ha ba etsa qeto ea ho kena bolumeling ba ’nete. Bibele e re: “Ba bangata ba neng ba sebelisa tsebo ea boselamose ba bokella libuka tsa bona ’me ba li chesa ka pel’a bohle.”—Liketso 19:19.
7. Re ka etsa’ng haeba bademona ba re khathatsa?
7 Ba bang ba qalang ho sebeletsa Jehova ba neng ba kopanela mekhoeng ea boloi, kapa boselamose ba ka ’na ba khathatsoa ke bademona. Haeba seo se u etsahalla, rapela Jehova ka lentsoe le phahameng, u hoeletse lebitso la hae. O tla u thusa.—Liproverbia 18:10; Jakobo 4:7.
8. Bakreste ba talima melimo ea litšoantšo le litšoantšo tse sebelisoang borapeling ba bohata joang?
8 Ba lakatsang ho sebeletsa Jehova ha baa lokela ho boloka kapa ho sebelisa molimo leha e le ofe oa setšoantšo, kapa setšoantšo sa bolumeli seo e leng karolo ea borapeli ba bohata. Bakreste ba ’nete ba “tsamaea ka tumelo, eseng ka pono.” (2 Bakorinthe 5:7) Ba hlompha molao oa Molimo o hanelang ho sebelisoa ha setšoantšo leha e le sefe borapeling.—Exoda 20:4, 5.
Kopanela le Batho ba Jehova
9. Bibele e fana ka keletso efe mabapi le ho hlalefa?
9 Bibele e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.” (Liproverbia 13:20) Haeba re batla ho hlalefa, re lokela ho tsamaea le Lipaki tsa Jehova, kapa ho kopanela le tsona. Ke bona batho ba tsamaeang tseleng e isang bophelong.—Matheu 7:14.
10. Lipaki tsa Jehova li ka u thusa ho sebeletsa Molimo joang?
10 Lipaki li tsotella batho ba bang e le kannete. Mosebetsi oa tsona ke ho thusa batho ba lipelo li tšepahalang ho utloisisa linnete tsa Bibele tse isang bophelong bo sa feleng. Li ka u thusa ka ho ithuta Bibele le uena, li sa u lefise. Li tla araba lipotso tsa hao li be li u bontše kamoo u ka sebelisang tsebo ea Bibele kateng bophelong ba hao.—Johanne 17:3.
11. Liboka tsa Bokreste li tla u thusa joang?
11 Libokeng tsa tsona, tse atisang ho tšoareloa Holong ea ’Muso, u tla ithuta ho eketsehileng ka litsela tsa Jehova. Takatso ea hao ea ho ba bolumeling ba ’nete e tla matlafatsoa. Hape u tla fumana koetliso ea kamoo u ka thusang ba bang ho ithuta linnete tsa Bibele kateng.—Baheberu 10:24, 25.
12. Thapelo e ka u thusa hore u sebeletse Molimo joang?
12 Ha u ntse u ithuta ka ho eketsehileng ka thato ea Jehova le morero oa hae, mohlomong u tla ananela ka ho teba haholoanyane litsela tsa hae tse lerato. Hape takatso ea hao ea ho etsa se mo khahlisang le ho qoba se sa mo khahliseng e tla matlafala. Hopola hore u ka atamela Jehova ka thapelo ua mo kōpa hore a u thuse ho etsa se nepahetseng le ho qoba se fosahetseng.—1 Bakorinthe 6:9, 10; Bafilipi 4:6.
13. U ka thabisa pelo ea Jehova joang?
13 Ha nako e ntse e ea, u ntse u hōla moeeng, ha ho pelaelo hore u tla bona ho hlokahala hore u be Paki ea Jehova e inehetseng, e kolobelitsoeng. Ka ho ba e mong oa batho ba Jehova, u tla thabisa pelo ea Jehova. (Liproverbia 27:11) U tla ba e mong oa batho ba thabileng bao Molimo a reng ka bona: “Ke tla lula har’a bona ’me ke tsamaee har’a bona, ’me ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.”—2 Bakorinthe 6:16.
Lithuto Tsa Bolumeli—Ba ’Nete le ba Bohata
● Boraro-bo-bong: Malumeli a mangata a ruta hore Molimo ke Boraro-bo-bong. A re “Ntate ke Molimo, Mora [Jesu] ke Molimo le Moea o Halalelang ke Molimo, ’me leha ho le joalo hase Melimo e meraro empa ke Molimo a le mong.”
Lentsoe “Boraro-bo-bong” ha le hlahe le ho hlaha ka Bibeleng, ebile ha e rute hore Jehova ke batho ba bararo ho a le mong. Jehova ke Molimo a ’notši. Bakorinthe ba Pele 8:6 e re: “Ka sebele ho rōna ho na le Molimo a le mong Ntate.” Jehova ke Ea Phahameng ka ho Fetisisa. Jesu hase Molimo, empa ke “Mora oa Molimo.” (1 Johanne 4:15) Ho joalo le ka moea o halalelang, hase Molimo. Ebile moea o halalelang hase motho. Ke matla a sebetsang a Molimo.—Liketso 1:8; Baefese 5:18.
● Moea: Malumeli a mangata a ruta hore moea ke ntho e ka hare ho motho e sa shoeng. Bibele e ruta hore moea ke motho le hore ha e le hantle motho a ka shoa.—Genese 2:7; Ezekiele 18:4.
● Mollo oa Lihele: Malumeli a bohata a ruta hore meea ea ba khopo e hlokofatsoa ka ho sa feleng liheleng. Bibele e re bafu “ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Bibele e boetse e ruta hore “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Jehova, Molimo ea lerato, a ke ke a hlokofatsa ba bang mollong le ka mohla.
[Potso ea Sehlooho se Ithutoang]
Lebokose: Bibele e ruta eng ka Boraro-bo-bong, moea le mollo oa lihele?
Ke Ile ka Itokolla Bodemoneng
Ka letsatsi le leng bosiu ha ke ntse ke robetse le monna oa ka, ke ile ka utloa lentsoe le mpitsa ka makhetlo a mararo. Ka ntan’o bona siling e aroha ka lehare, eaba ntho e chesang e kang bolo e oela mpeng ea ka. Ha e le monna oa ka eena o ne a sa bone le e ’ngoe ea lintho tsena. Ke ile ka utloa bohloko bo chalametsang ba ho cha bo ileng ba nka likhoeli tse ’maloa.
Likhoeli tse tšeletseng hamorao, lentsoe lela la boela la mpitsa. Ka ho panya ha leihlo feela, eaka ntlo eohle e tletse metsi. Ha bitoha tlhoare e khōlō metsing ea ikharela letsohong la ka. Ka re ke leka ho e hlohlora empa ea hana. Ke ile ka apareloa ke tšabo. Eaba metsi le noha lia nyamela, ’me ka tabana fatše. Ke ile ka qeta lihora tse ngata ke ile le mailiili. Ka mor’a moo lentsoe la mpolella hore ke khutlele tempeleng ea motse eo ho phekoloang ka moea ho eona. Ha ke botsa moea oo lebitso la oona, oa mpolella lebitso le bolelang “ea ruileng empa a se na ngoana.” Oa ntšepisa hore o tla nthuisa ka hore ke sebelise matla a ho phekola.
Batho ba kulang ba ne ba e-tla ho ’na ba e-tsoa hōle le haufi. Pele ba fihla lapeng ha ka, ke ne ke ba bontšoa ka seiponeng sa ka se khethehileng. Ha motho a fihla ke ne ke mo phathatsa ka seatleng, ebe ke senoleloa bokuli kapa bothata ba hae hona hoo le pheko ea bona. Moea o ne o boetse o mpolella hore na batho bao ba lokela ho lefa bokae.
Ho ne ho kena chelete le limpho tse ngata ka lebaka la liphekolo tse atlehang. Ke ile ka ba “ea ruileng,” empa ka boela ka hlokomela se boleloang ke ‘ea se nang ngoana.’ Nako le nako ha ke e-ba le ngoana, ea tlang pele ho eo o ne a hlokahala. Ena e ne e le taba e sithabetsang. Bana ba ka ba tšeletseng ba ile ba shoa, lilemong tse 12 tseo ke neng ke sebeletsa moea ona ka tsona.
Ke ile ka qala ho rapela Molimo hore a nthuse. Ke ile ka rapela ka matla. Ka letsatsi le leng Lipaki tsa Jehova li ile tsa kokota lapeng ha ka. Le hoja ke ne ke lula ke li leleka, letsatsing leo ke ile ka khetha ho li mamela. Ha re ntse re buisana, ke ile ka hlokomela hore ke ne ke sebeletsa modemona! Ke ile ka etsa qeto ea ho khaotsa tšebelisano le meea.
Ha ke bolella moea seo, o ile oa ntemosa khahlanong le qeto eo ea ka. Leha ho le joalo, ke ile ka re: “Ha ho sa na letho le tla hlola le nkopanya le uena.”
Ke ile ka chesa lintho tsohle tseo ke neng ke li sebelisetsa ho noha. Ka ithuta Bibele le Lipaki, ka ba mohlanka oa Jehova, ’me ka kolobetsoa ka 1973. Hona joale ke na le bana ba bahlano ba phelang hantle. Monna oa ka le eena e ile ea e-ba Paki e kolobelitsoeng.—Joalokaha ho boletse Josephine Ikezu.
[Potso ea Sehlooho se Ithutoang]
Lebokose: Mosali e mong o ile a itokolla joang bodemoneng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
U ka ba bolumeling ba ’nete joang?