Haeba U ne U ka Phela ka ho sa Feleng—Na U ne U ka Etsa Khetho eo?
Ka sebele u ka phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng, joalokaha bukana ena e lekanang le makasine e bontša ka ho hlaka. Joang kapa joang morero oa Molimo bakeng sa maemo a joalo o tla phethahatsoa! Empa u lokela ho etsa khetho ea ho phela ka ho sa feleng.
Jesu Kreste o rutile hore khetho eo e tlameha ho thehoa tsebong e nepahetseng ea Molimo. Bukana ena e lekanang le makasine e etselitsoe ho u thusa ho fumana tsebo eo. Thuso e eketsehileng e ka fumanoa ho Lipaki tsa Jehova. Li tla thabela ho u etela ka nako le sebakeng se loketseng bakeng sa hao. ’Me haeba u rata ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, u ka bolela sena ka ho ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse ka tlaase mona.