Thuto ea 3
Jesu Kreste ke Mang?
Ke hobane’ng ha Jesu a bitsoa Mora oa Molimo oa “letsibolo”? (1)
Ke hobane’ng ha a bitsoa “Lentsoe”? (1)
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tla lefatšeng e le motho? (2-4)
Ke hobane’ng ha a ne a etsa mehlolo? (5)
Jesu o tla etsa eng nakong e tlang e haufi? (6)
1. Jesu o ile a phela leholimong e le motho oa moea pele a tla lefatšeng. E bile pōpo ea pele ea Molimo, ’me kahoo o bitsoa Mora oa Molimo oa “letsibolo.” (Bakolose 1:15; Tšenolo 3:14) Jesu ke eena feela Mora eo Molimo a ileng a mo bōpa ka boeena. Jehova o ile a sebelisa Jesu pele e e-ba motho e le ‘mosebetsi oa hae ea hloahloa’ ha a bōpa lintho tse ling kaofela tse leholimong le tse lefatšeng. (Liproverbia 8:22-31, NW; Bakolose 1:16, 17) Molimo o ile a boela a mo sebelisa e le ’muelli oa Hae e moholo. Ke ka lebaka leo Jesu a bitsoang “Lentsoe.”—Johanne 1:1-3; Tšenolo 19:13.
2. Molimo o ile a romela Mora oa Hae lefatšeng ka ho fetisetsa bophelo ba hae pōpelong ea Maria. Kahoo Jesu o ne a se na ntate oa motho. Ke ka lebaka leo a sa kang a futsa sebe leha e le sefe kapa ho se phethahale. Molimo o ile a romela Jesu lefatšeng ka mabaka a mararo: (1) Ho tla re ruta ’nete ka Molimo (Johanne 18:37), (2) ho boloka botšepehi bo phethahetseng, a fana ka mohlala oo re lokelang ho o latela (1 Petrose 2:21) le (3) ho etsa bophelo ba hae sehlabelo bakeng sa ho re lokolla sebeng le lefung. Ke hobane’ng ha see se ne se hlokahala?—Matheu 20:28.
3. Ka ho se mamele taelo ea Molimo, motho oa pele, Adama, o ile a etsa seo Bibele e se bitsang “sebe.” Kahoo Molimo o ile a mo ahlolela lefu. (Genese 3:17-19) O ne a se a sa finyelle litekanyetso tsa Molimo, kahoo o ne a se a sa phethahala. Butle-butle o ile a tsofala ’me a shoa. Adama o ile a fetisetsa sebe ho bana bohle ba hae. Ke ka lebaka leo re tsofalang, re kulang ’me re e-shoa. Moloko oa batho o ne o ka pholosoa joang?—Baroma 3:23; 5:12.
4. Jesu e ne e le motho ea phethahetseng hantle joaloka Adama. Leha ho le joalo, ho fapana le Adama, Jesu o ne a mamela Molimo ka ho phethahetseng esita le tlas’a teko e khōlō ka ho fetisisa. Ka hona o ne a ka etsa sehlabelo ka bophelo ba hae bo phethahetseng bakeng sa ho lefella sebe sa Adama. Sena ke seo Bibele e se bitsang “thekollo.” Kahoo bana ba Adama ba ne ba ka lokolloa kahlolong ea lefu. Bohle ba behang tumelo ea bona ho Jesu ba ka tšoareloa libe tsa bona ’me ba fumana bophelo bo sa feleng.—1 Timothea 2:5, 6; Johanne 3:16; Baroma 5:18, 19.
5. Ha a ne a le lefatšeng Jesu o ile a folisa ba kulang, a fepa ba lapileng le ho khutsisa lifefo. O bile a tsosa le bafu. Ke hobane’ng ha a ile a etsa mehlolo? (1) O ne a utloela batho ba neng ba le mahlomoleng bohloko, ’me o ne a batla ho ba thusa. (2) Mehlolo ea hae e ile ea paka hore e ne e le Mora oa Molimo. (3) E ile ea bontša seo a tlang ho se etsetsa moloko oa batho o mamelang nakong ea ha a busa e le Morena holim’a lefatše.—Matheu 14:14; Mareka 2:10-12; Johanne 5:28, 29.
6. Jesu o ile a shoa ’me a tsosoa ke Molimo e le sebōpuoa sa moea, ’me o ile a khutlela leholimong. (1 Petrose 3:18) Ho tloha ka nako eo, Molimo o mo entse Morena. Haufinyane Jesu o tla tlosa bokhopo bohle le mahlomola lefatšeng lena.—Pesaleme ea 37:9-11; Liproverbia 2:21, 22.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Tšebeletso ea Jesu e ne e akarelletsa ho ruta, ho etsa mehlolo esita le ho nehelana ka bophelo ba hae bakeng sa rōna