Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 3/1 maq. 16-17
  • Jesu Kreste ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu Kreste ke Mang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Thekollo ke Mpho ea Bohlokoa e Tsoang ho Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Romela Jesu Lefatšeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 3/1 maq. 16-17

Ithute Lentsoe la Molimo

Jesu Kreste ke Mang?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Jesu Kreste ke mang?

Ho fapana le batho ba bang, Jesu o phetse leholimong e le motho oa moea pele a ka tsoaloa lefatšeng. (Johanne 8:23) Ke eena oa pele eo Molimo a mo bōpileng eaba o thusa ho bōpa lintho tse ling tsohle tse teng. Ke eena feela eo Jehova a mo bōpileng ka ho toba ’me ke kahoo a bitsoang Mora ea “tsoetsoeng a ’notši” oa Molimo. Jesu e ne e le ’Muelli oa Molimo, ke ka hona a boetseng a bitsoang “Lentsoe.”—Johanne 1:1-3, 14; bala Liproverbia 8:22, 23, 30; Bakolose 1:15, 16.

2. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tla lefatšeng?

Molimo o ile a romela Mora oa hae lefatšeng ka ho mo tlosa leholimong ’me a kenya bophelo ba hae pōpelong ea moroetsana oa Mojuda ea bitsoang Maria. Kahoo, Jesu o ne a se na ntate oa lefatšeng. (Luka 1:30-35) Jesu o ile a tla lefatšeng (1) ho tla ruta ’nete ka Molimo, (2) ho beha mohlala oa ho etsa thato ea Molimo le (3) ho fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le “thekollo.”—Bala Matheu 20:28; Johanne 18:37.

3. Ke hobane’ng ha re hloka thekollo?

Thekollo ke ntho e lefshoang ho lokolla motho botlamuoeng. Lefu le botsofali e ne e se lintho tseo Molimo a neng a li reretse moloko oa batho. Re tseba seo joang? Molimo o ile a bolella monna oa pele, Adama, hore haeba a ka etsa seo Bibele e reng ke sebe, o tla shoa. Hoja Adama ha aa ka a etsa sebe, a ka be a sa ka a shoa. Le hoja Adama a ile a phela lilemo tse makholo ka mor’a moo, o ile a qalella ho shoa ho tloha letsatsing leo a sa kang a mamela Molimo ka lona. (Genese 2:16, 17; 5:5) Adama o ile a fetisetsa sebe ho litloholo tsohle tsa hae hammoho le kotlo ea sona e leng lefu. Kahoo, lefu le ile la “kena” bathong bohle ba lefatšeng ka Adama. Ke kahoo re hlokang thekollo.—Bala Baroma 5:12; 6:23.

4. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a shoa?

Ke mang ea neng a ka re rekolla e le hore a re lokolle lefung? Ha re e-shoa re lefella kotlo ea libe tsa rōna. Ha ho motho ea sa phethahalang ea neng a ka lefella libe tsa batho ba bang.—Bala Pesaleme ea 49:7-9.

Kaha Jesu ha aa ka a futsa ho se phethahale ho ntate oa lefatšeng, o ile a shoa ka lebaka la libe tsa batho ba bang, eseng ka lebaka la libe tsa hae. Molimo o ile a romela Mora oa hae hore a re shoele ho bontša hore O rata moloko oohle oa batho haholo. Jesu le eena o ile a bontša hore oa re rata ka ho mamela Ntate oa hae le ho fana ka bophelo ba hae bakeng sa libe tsa rōna.—Bala Johanne 3:16; Baroma 5:18, 19.

5. Jesu o etsa’ng hona joale?

Ka ho phekola ba kulang, ho tsosa bafu le ho lokolla batho likotsing, Jesu o ile a bonahatsa hore na hamorao o ne a tla etsetsa batho bohle ba mamelang eng. (Luka 18:35-42; Johanne 5:28, 29) Ka mor’a hore Jesu a shoe, Molimo o ile a mo tsosa ’me ea e-ba motho oa moea. (1 Petrose 3:18) Ka mor’a moo, Jesu o ile a leta a le ka letsohong le letona la Molimo ho fihlela Jehova a mo fa matla a ho busa lefatše lohle e le Morena. (Baheberu 10:12, 13) Hona joale Jesu o busa e le Morena leholimong ’me balateli ba hae ba lefatšeng ba phatlalatsa litaba tse molemo lefatšeng lohle.—Bala Daniele 7:13, 14; Matheu 24:14.

Haufinyane, Jesu o tla sebelisa matla a hae a Borena ho felisa mahlomola ’ohle le bohle ba a bakang. Ba limilione ba bontšang tumelo ho Jesu le ba mo mamelang ba tla thabela bophelo lefatšeng la paradeise.—Bala Pesaleme ea 37:9-11.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 4 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela