Thuto ea 4
Tsela ea ho Ithuta ka Molimo
U ka ithuta ka Jehova ka ho bala Bibele. Mehleng ea khale haholo Molimo o ile a khetha batho ba itseng hore ba ngole mehopolo ea hae. Lingoliloeng tseo li bitsoa Bibele. Kajeno re ithuta ka Molimo ka ho bala Bibele. Kaha Bibele e fupere lentsoe la Jehova, kapa molaetsa, e boetse e bitsoa Lentsoe la Molimo. Re ka lumela seo Bibele e se buang hobane ha ho mohla Jehova a buang leshano. ‘Ha ho khonehe hore Molimo a bue leshano.’ (Baheberu 6:18) Lentsoe la Molimo le fupere ’nete.—Johanne 17:17.
Bibele ke e ’ngoe ea limpho tsa bohlokoahali tseo Molimo a re fileng tsona. E tšoana le lengolo le tsoang ho ntate ea lerato le eang ho bana ba hae. E re bolella ka tšepiso ea Molimo ea ho fetola lefatše lena paradeise—e leng sebaka se babatsehang seo ho ka pheloang ho sona. E re bolella seo a se etselitseng bana ba hae ba tšepahalang nakong e fetileng le seo a ba etsetsang sona hona joale le seo a tla ba etsetsa sona nakong e tlang. E boetse e re thusa ho rarolla mathata a rōna le ho fumana thabo.—2 Timothea 3:16, 17.
Lipaki tsa Jehova ke metsoalle ea Molimo; li tla u thusa ho utloisisa seo Bibele e se rutang. Li bolelle feela hore u batla ho ithuta Bibele. Ha li na ho u lefisa. (Matheu 10:8) Ho phaella moo, u ka ba teng libokeng tsa Bokreste. Liboka tsena li tšoareloa libakeng tsa borapeli tse bitsoang Liholo tsa ’Muso. Haeba u e-ba teng libokeng tsa Bokreste, tsebo ea hao ea Molimo e tla hōla ka potlako.
U ka ithuta ka Molimo ka lintho tseo a li entseng. Ka mohlala, Bibele e re: “Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Ha Jehova a bōpa “maholimo,” o ile a etsa letsatsi. Ebe see se re bolella’ng ka Molimo? Se re bolella hore Jehova o na le matla a maholo. Ke eena feela ea neng a ka etsa ntho e matla joaloka letsatsi. Hape se re bolella hore Jehova o bohlale, kaha ho ile ha hloka bohlale ho etsa letsatsi le ntšang mocheso le khanya empa le sa fele le ka mohla.
Pōpo ea Jehova e bontša hore oa re rata. Nahana ka mefuta e sa tšoaneng ea litholoana tse teng lefatšeng. Jehova a ka be a ntse a ile a re fa tholoana ea mofuta o le mong feela—kapa a se ke a re fa ho hang. Ho e-na le hoo, Jehova o re file mefuta e mengata ea litholoana tse sa tšoaneng ka sebōpeho, boholo, mebala le tatso. Sena se bontša hore Jehova hase Molimo ea lerato feela empa hape o seatla se bulehileng haholo, oa nahanela ebile o mosa.—Pesaleme ea 104:24.