Thuto ea 9
Metsoalle ea Molimo ke Bo-mang?
Jesu Kreste ke Mora oa Jehova ebile ke motsoalle oa hae ea haufi-ufi le ea ratoang ka ho fetisisa. Pele Jesu a phela lefatšeng e le motho oa nama, o ne a phela leholimong e le sebōpuoa se matla sa moea. (Johanne 17:5) Ka mor’a moo o ile a tla lefatšeng ho tla ruta batho ’nete ka Molimo. (Johanne 18:37) O ile a boela a fana ka bophelo ba hae ba nama e le hore a pholose batho ba mamelang sebeng le lefung. (Baroma 6:23) Hona joale Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo, puso ea leholimo e tla tlisa Paradeise lefatšeng lena.—Tšenolo 19:16.
Mangeloi le ’ona ke metsoalle ea Molimo. Mangeloi ha aa ka a qala bophelo ba ’ona e le batho lefatšeng. A bōpiloe leholimong pele Molimo a etsa lefatše. (Jobo 38:4-7) Ho na le mangeloi a limilione. (Daniele 7:10) Metsoalle ena ea Molimo ea leholimo e batla hore batho ba ithute ’nete ka Jehova.—Tšenolo 14:6, 7.
Molimo o boetse o na le metsoalle lefatšeng; o e bitsa lipaki tsa hae. Paki e ka lekhotleng e bolela seo e se tsebang ka motho e mong kapa ntho e ’ngoe. Lipaki tsa Jehova li bolella ba bang seo li se tsebang ka Jehova le merero ea hae. (Esaia 43:10) Joaloka mangeloi, Lipaki li batla ho u thusa hore u ithute ’nete ka Jehova. Li batla hore le uena u be motsoalle oa Molimo.