Thuto ea 16
Bontša Hore U Rata Molimo
Hore u tsoele pele u le motsoalle oa motho e mong, ho hlokahala hore u bue le eena. Ua mo mamela, le eena oa u mamela. Ho hong hape, u bua hantle ka motsoalle oa hao ho ba bang. Ho joalo le ka ho ba motsoalle oa Molimo. Nahana seo Bibele e se buang ka sena:
Bua le Jehova kamehla ka thapelo. ‘Phehella thapelong.’—Baroma 12:12.
Bala Lentsoe la Molimo, Bibele. “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.”—2 Timothea 3:16.
Ruta ba bang ka Molimo. “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Matheu 28:19, 20.
Atamela haufi le metsoalle ea Molimo. “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”—Liproverbia 13:20.
E-ba teng libokeng Holong ea ’Muso. “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, . . . re khothatsana.”—Baheberu 10:24, 25.
Thusa ho tšehetsa mosebetsi oa ’Muso. “E mong le e mong a ke a [fane] feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”—2 Bakorinthe 9:7.