Kingdom News No. 36
Lilemo tsa Sekete se Secha—Li U Tšoaretse Bokamoso Bofe?
Lilemo tsa Sekete se Secha—Na ke ho Qaleha ha Mehla e Mecha?
HAR’A mp’a bosiu ka la 31 December, 1999, ho ile ha fela lekholo la bo20 la lilemo.a E bile lekholo la lilemo le bileng le meferefere e mengata. Empa hape e bile la litšibollo tsa theknoloji e ncha, tsoelo-pele e khōlō ea bongaka, ho atoloha ha boitsebiso le khōlo e potlakileng ea moruo lefatšeng ka bophara. Ka hona sekete sena sa lilemo se secha se amohetsoe ke ba bangata e le letšoao la tšepo le phetoho. Na mohlomong se tla bona ho fela ha ntoa, bofutsana, tšilafalo ea tikoloho le boloetse?
Ba bangata ba na le tšepo e joalo. Empa ho na le monyetla ofe oa hore lilemo tsa sekete se secha li tla hlahisa liphetoho tse tla u tsoela molemo—liphetoho tse tla etsa hore bophelo e be bo sireletsehileng bakeng sa hao le lelapa la hao? Ak’u inahanele hore na mathata a seng makae ao re talimaneng le ’ona a maholo hakaakang.
Tšilafalo
Linaha tse tsoetseng pele indastering li “baka tšenyo ea tikoloho ka tekanyo ea lefatše lohle le tšilafalo e pharaletseng le tšitiso tsamaisong e rarahaneng ea tikoloho.” Haeba mekhoa e teng e ntse e tsoela pele, “tikoloho ea tlhaho e tla ba khatellong e eketsehileng.”—“Global Environment Outlook—2000,” United Nations Environment Programme.
Ho Kula
“Ka selemo sa 2020, mafu a sa tšoaetsanoeng a lebeletsoe ho ba sesosa sa ho shoa ha batho ba supileng ho ba bang le ba bang ba leshome libakeng tse hōlang, ha ho bapisoa le ba ka tlaase ho halofo kajeno.”—“The Global Burden of Disease,” Harvard University Press, 1996.
Litsebi tse ling li bolela hore “ka 2010, linaheng tse 23 tse hlasetsoeng ke seoa se tšabehang sa [AIDS] [ho tla be ho phela] batho ba fokotsehileng ka limilione tse 66.”—“Ho Tobana le AIDS: Bopaki bo Tsoang Lefatšeng le Tsoelang Pele,” tlaleho ea Komisi ea Europe le Banka ea Lefatše.
Bofutsana
“Batho ba ka bang limilione tse likete tse 1,3 ba phela ka chelete e ka tlaase ho dolara [R6] ka letsatsi, ’me ba ka bang limilione tse sekete ba sitoa ho fumana lintho tsa motheo tseo ba li hlokang.”—“Human Development Report 1999,” United Nations Development Programme.
Ntoa
“Pefo [linaheng tse sa tšoaneng] e ka fihla maemong ao e ke keng ea lekanngoa. E hlohlelletsoa ke [likarohano] tsa morabe, leloko, le bolumeli, . . . pefo e joalo e tla theha . . . mofuta o tloaelehileng haholo oa khohlano lilemong tse latelang tse 25 tsa lekholo lena la lilemo . . . , e bolaee batho ba makholo a baloang ka likete selemo le selemo.”—“New World Coming: American Security in the 21st Century,” U.S. Commission on National Security/21st Century.
Ponahalo ea ka ntle le thabo ka lebaka la lilemo tsa sekete se secha li koahela ’nete ea hore tšilafalo, ho kula, bofuma le ntoa li sokela ho feta leha e le neng pele. Motsong oa mathata ana ke meharo, ho se tšepane le boithati—e leng litšobotsi tse ke keng tsa tlosoa feela ke phuputso ea saense, theknoloji kapa lipolotiki.
Lilemo tse Sekete tse tla Hlohonolofatsa Moloko oa Batho
MONGOLI e mong oa boholo-holo o kile a hlokomela: “Tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Motho ha a haelloe feela ke matla empa o boetse o haelloa le ke tokelo ea ho busa lefatše. Moetsi oa rōna, Jehova Molimo, ke eena feela ea nang le tokelo le ea tsebang mokhoa oa ho rarolla mathata a moloko oa batho.—Baroma 11:33-36; Tšenolo 4:11.
Empa neng? Joang? Bopaki ba hore re haufi le bofelo ba “matsatsing a ho qetela” boa hlolla. Ka kōpo phetla Bibele ea hao, ’me u bale 2 Timothea 3:1-5. E hlalosa ka ho hlaka litšobotsi tseo batho ba neng ba tla li bonahatsa ‘linakong tsena tse mahlonoko.’ Matheu 24:3-14 le Luka 21:10, 11 le tsona li hlalosa ‘matsatsi a ho qetela.’ Mono tlhokomelo e lebisitsoe liketsahalong tsa sebele tse etsahetseng ho tloha ka 1914, tse kang ntoa ea lefatše, mafu a seoa, le likhaello tse akaretsang tsa lijo.
Haufinyane ‘matsatsi a ho qetela’ a tla fela. Daniele 2:44 e re: “Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. . . . O tla silakanya o felise mebuso ena [ea lefatše] kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” Kahoo ho ile ha boleloa esale pele hore Molimo o ne a tla hloma ’Muso, kapa puso, e tla busa lefatše. Ho ea ka Tšenolo 20:4, ’muso ona o tla busa lilemo tse sekete! Nahana feela ka tse ling tsa litsela tseo maemo a bophelo a tlang ho ntlafala kateng bakeng sa moloko oohle oa batho nakong ea Lilemo tsena tse Sekete tse khanyang:
Boemo ba Moruo. “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je.”—Esaia 65:21, 22.
Bophelo bo Botle. “Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha. Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.” “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24; 35:5, 6.
Tikoloho. Molimo o tla “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.
Likamano Tsa Batho. “Li ke ke tsa ntša kotsi leha e le efe kapa tsa baka tšenyo leha e le efe thabeng eohle ea ka e halalelang; hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova.”—Esaia 11:9.
Ba limilione ba na le tumelo litšepisong tsena tsa Bibele ’me kahoo ba na le pono e nepahetseng le e nang le tšepo ka bokamoso. Ka lebaka leo, ba khona ho tobana ka katleho le likhatello tsa bophelo le mathata. Bibele e ka fetoha matla a tataisang joang bophelong ba hao?
Tsebo e Isang Bophelong!
KA LINAKO tse ling saense le theknoloji e ka ba tse khahlang haholo! Ho ntse ho le joalo, tsebo ea batho ha ea etsa hore bophelo e be bo sireletsehileng le bo thabileng ho batho ba bangata. Tsebo feela e ka finyellang sena e hlalositsoe ka Bibeleng ho Johanne 17:3, e reng: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”
Tsebo e joalo e fumanoa maqepheng a Bibele. Le hoja ba bangata ba e-na le maikutlo a matla ka buka eo e halalelang, ke ba fokolang feela ba kileng ba itlhahlobela eona. Ho thoe’ng ka uena? Ke ’nete hore ho bala Bibele ho hloka boiteko bo boholo. Empa boa lokela. Bibele ke eona feela buka e ‘bululetsoeng ke Molimo ’me e molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.’—2 Timothea 3:16.
Joale u ka qala ho itloaelanya le Bibele joang? Ke hobane’ng ha u sa amohele thuso ea Lipaki tsa Jehova? Li ruta batho ba limilione malapeng a bona, ntle ho tefo. E le ho u thusa ntlheng ena, li sebelisa lingoliloeng tse sa tšoaneng tse thehiloeng Bibeleng, tse kang bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? E fana ka likarabo tse khutšoanyane lipotsong tse ngata tseo e ka ’nang eaba u ipotsa tsona ka Bibele, tse kang: Molimo ke mang? Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše? ’Muso oa Molimo ke eng? Bibele e ka ntlafatsa bophelo ba lelapa la hao joang?
Haeba u rata hore e mong oa Lipaki tsa Jehova a u etele ha hao, ka kōpo tlatsa setlankane se ka tlaase. Li tla thabela ho u fa boitsebiso bo eketsehileng ka Puso e khanyang ea Lilemo tse Sekete ea ’Muso oa Molimo!
□ Ke tla rata ho amohela bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?
Bontša hore na u ka e thabela ka puo efe
□ Ka kōpo iteanyeng le ’na mabapi le thuto ea Bibele ea lehae e sa lefelloeng
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mona re bua ka maikutlo a tloaelehileng Bophirimela mabapi le lilemo tsa sekete se secha. Ha e le hantle, lilemo tsa sekete se secha li qala ka la 1, January, 2001.