Nako ea Lilemo Tse Sekete e Hlollang ea Atamela
“Eaba ke bona literone, ’me ba bang ba lula holim’a tsona, ba filoe matla a ho ahlola; ka bona le meea ea ba khaotsoeng lihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentsoe la Molimo, le ba sa kang ba khumamela sebata, leha e le setšoantšo sa sona, ba sa kang ba amohela letšoao la sona liphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, ’me ba busa le Kreste lilemo tse sekete.” “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a [batho]; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 20:4; 21:4.
KA HONA Bibele e phatlalatsa esale pele nako ea lilemo tse sekete e hlollang e atamelang—Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste le sehlopha se sebetsang le eena sa marena a leholimo. Mohlomong u na le tšekamelo ea ho hana boprofeta bona joalokaha eka ke ntho feela e thetsang, ntho ea bohata eo ho lumeloang ho eona. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a lekaneng a hore u talime Nako ena ea Lilemo tse Sekete e le ntho ea sebele e tlang!
Tabeng ea pele, thuto ea Bibele e tla u senolela hore e sebetsane le lilemo tse fetileng tse likete tse tšeletseng tsa histori ea batho ka tsela e tšepahalang ka ho babatsehang. Ho phaella moo, Bibele ke buka ea boprofeta, ’me liphatlalatso tsa eona tse ngata tseo e li entseng esale pele, kapa boprofeta, li se li ntse li phethahetse ka botlalo.a Ha boemo e le boo, ke hobane’ng ha Bibele e ke ke ea tšepahala ha e phatlalatsa esale pele Nako ea Lilemo tse Sekete ea puso ea Kreste e atamelang? Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa hore na Bibele e re bolella eng ka nako eo. E tla sebeletsa morero ofe? ’Me ho thahasellisang ka ho khetheha ho uena, e tla ama bophelo ba hao joang?
Lefa Lea Lahloa
Bibele e bontša hore Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete ke tsela ea hae ea ho fetisetsa lefa la bohlokoahali ho “bana” ba hae. Empa ke lefa lefe? Hona “bana” bao ke bafe? Lefa le ka ’na la hlalosoa e le ntho e ’ngoe e fetisetsoang ho bana ba motho e mong ha motho eo a shoa. Ha ntate-moholo oa rōna Adama a ipaka a sa utloe Molimo, o ile a lahleheloa le bana bohle ba hae—moloko oa batho kaofela—ke tokelo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ka hona Adama o ile a fetisetsa lefa la sebe, lefu, le mahlomola ho litloholo tsa hae.—Genese 3:1-19; Ba-Roma 5:12.
Jesu o ile a tla lefatšeng ka ’mele oa nama hore a khutlisetse lefa leo Adama a ileng a le lahla bathong. O ile a etsa sena ka ho ipaka a tšepahala ho Jehova Molimo, a nehelana ka bophelo ba hae molemong oa batho ka boithatelo. (Johanne 3:16) Ka ho phela bophelo bo phethahetseng le bo hlokang sebe, Jesu o ile a iphumanela tokelo ea bophelo bo sa feleng bo phethahetseng Paradeiseng lefatšeng—eona ntho eo Adama a ileng a lahleheloa ke eona. Leha ho le joalo, ha ho mohla Jesu a kileng a sebelisa tokelo eo; leha e le hore o ile a lahleheloa ke eona ha a ne a shoa ’me a tsosetsoa bophelong leholimong. Ka hona o ne a ka e sebelisa e le lefa la bohlokoa hore a le fetisetse ho “bana” ba hae.—Ba-Roma 5:18, 19.
Majalefa—“Bana” ba Kreste
Ho Esaia 9:6, (NW) ho latela boprofeta Jesu o bitsoa “Ntate ea se Nang ho Fela.” O fetoha Ntate ea se Nang ho Fela oa lefatše la batho ba lopollotsoeng, a le boemong ba ho fetisetsa lefa ho bana ba lopollotsoeng, kapa bana ba inketsoeng ka molao. (Mattheu 20:28; bona le Pesaleme ea 37:18, 29.) Sena se bontšoa ka ho hlakileng tšepisong ena ea hae: “Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ’muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa.” O ile a tsoela pele ho re: “Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatše.”—Mattheu 5:5; 25:34.
Leha ho le joalo, e le hore lefatše e tle ebe lefa le tšoanelehang, maemo a tlameha hore a fetoloe haholo—a tlisoe phethehong! Le tlameha ho fetoha lefatše leo ho lona khotso e phethahetseng le kutloano li busang har’a libōpuoa tsohle tsa Molimo. (Esaia 11:6-9) Moneketsela o mong le o mong oa ho se phethahale ha batho o tlameha ho hlakoloa, ho akarelletsa le lefu. (1 Ba-Korinthe 15:25, 26) Sena se bolela hore batho ba shoeleng, bao e leng karolo ea batho ba lopollotsoeng, ba tlameha ho tsosoa. Ke ka tsela ena feela ba neng ba ka fumana monyetla oa ho fetoha majalefa a Kreste!—Johanne 5:28, 29.
Ka hona, Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete e tla ba nako e thabisang eo ho eona batho ba ‘holloang bohlankeng ba tšenyeho’ butle-butle ’me ba fihla phethehong. (Ba-Roma 8:21) Ka ho thahasellisang, esita le lingoloa tsa lefatše tse fanang ka boitsebiso li hlokomela hona e le oona morero oa nako ea lilemo tse sekete (millennium, ka Senyesemane). Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary (khatiso ea 1985) e hlalosa “millennium” e le “nako ea thabo e khōlō kapa ea ho phethahala ha batho.”
E Phahametse Puso ea Salomone
Nako ena ea Lilemo tse Sekete e khanyang e ka tšoantšoa le puso ea Morena Salomone ea khotso le e atlehileng ea lilemo tse 40 holim’a Iseraele ea boholo-holo. (1 Marena 4:24, 25, 29) Ha mofumahali oa Sheba a ne a etetse Morena Salomone, o ile a re: “See ke neng ke se utloile naheng ea ka sa taba tsa hao le bohlale ba hao, e ne e le ’nete. Empa ha kea ka ka lumela, ho fihlela ke ba ke e-tla, ke bona ka mahlo a ka; bona, ha kea ka ka bolelloa le halofo; bohlale ba hao le letlotlo [“katleho,” BPN] la hao li fetisa botumo boo ke bo utloileng. Ba lehlohonolo, batho ba hao, ba lehlohonolo, bahlanka bana ba hao, ba hlolang ba eme pel’a hao, ba utloang bohlale ba hao!”—1 Marena 10:6-8.
Haeba khotso, katleho, le bohlale tsa puso ea lilemo tse 40 ea lefatšeng ea Morena Salomone li ne li phahametse litebello tse khōlō tsa mofumahali oa Sheba, e, haeba li ne li li mena ka makhetlo a fetang a mabeli, joale Puso ea Lilemo tse Sekete ea Morena Salomone e moholoanyane oa leholimo, Jesu Kreste, ruri e tla phahamela monahano oa batho! Ho latela mantsoe a Jesu ka boeena, o “moholo ho Salomone.” (Mattheu 12:42) Ak’u leke ho bona ka kelellong ea hao setšoantšo sa maemo a matle, a atlehileng, a khotso, a ho loka, le a thabisang lefatšeng ao u ka a nahanang, ’me u ke ke ua khona ho utloisisa esita le karolo e nyenyane feela ea seo Nako ea Lilemo tse Sekete ea Kreste e se fupereng.
Na e Tla Thulana le Nako ea Boraro ea Lilemo Tse Sekete?
Liketsahalo tsa lefatše ho tloha ka 1914 li bontša hore re phela ‘bofelong ba tsamaiso ea lintho.’ (NW) Jesu o ile a phaella ka hore moloko o amanang le liketsahalo tsena tse boletsoeng esale pele o ne o ke ke “oa feta, tseo tsohle li eso ho etsahale.” Ka hona, na see se bolela hore Puso ea Kreste ea Nako ea Lilemo tse Sekete e tla thulana le nako ea boraro ea lilemo tse sekete?—Mattheu 24:3-21, 34.
Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae hore ba se ke ba inahanela likhopolo tse se nang bopaki. O ile a re: “Ha hoa le lokela ho tseba mehla, leha e le linako tseo Ntate a itaoletseng tsona a ’notši.” (Liketso 1:7) ’Me mabapi le ‘letsatsi le hora’ tse tobileng tseo liketsahalo tsena li neng li tla etsahala ka tsona, Jesu o ile a re ke Ntate oa hae feela, Jehova Molimo, ea neng a li tseba. (Mattheu 24:36) Ka hona, Bibele hase motšehetsi oa mekhatlo le baprofeta bafe kapa bafe ba letsatsi la kahlolo bao hona joale palo ea bona e ntseng e hōla ba supang nakong ea bosiu ka khitla Mantsiboeeng a Selemo se Secha, 1999, e le bofelo ba lefatše.
Leha ho le joalo, liketsahalo tse teng hona joale li bontša ka ho hlaka hore nako ea bofelo ba tsamaiso ena ea lintho e lefifi le e khopo ‘e se e ea sa’ le hore Nako ea Lilemo tse Sekete ea Kreste e “atametse.” (Ba-Roma 13:12) Ho e-na le ho ba le likhopolo tse se nang bopaki ka letsatsi le tobileng le hora e tobileng ea hore sena se tle, hona joale ke nako e loketseng ea ho fumana tsebo ea litlhokahalo tsa Molimo bakeng sa pholoho. (Johanne 17:3) Ka tsela ena u ka ithuta hore na ke joang u ka bang har’a bao Jesu a tla re ho bona: “Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ’muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa.” (Mattheu 25:34) Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ’me li ka khona ho u thusa hore u be har’a ba tla thabela mahlohonolo a Nako ea Lilemo tse Sekete e hlollang e tlang.b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Ho ka lokisetsoa thuto ea mahala ea lehae ea Bibele ka hore u ngolle bahatisi ba makasine ena.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Tloong, lōna ba hloho-nolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ’muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa”