Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 8 leq. 107-leq. 110 ser. 2
  • Molumo o Loketseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molumo o Loketseng
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Feto-fetoha ha Molumo oa Lentsoe
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Feto-fetoha ha Molumo oa Lentsoe
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Lipotso Tseo Batsoali ba li Botsang
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ho Talima Bamameli
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 8 leq. 107-leq. 110 ser. 2

Thuto 8

Molumo o Loketseng

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Bua ka lentsoe le nang le molumo kapa matla a lekaneng. Ha u lekanyetsa hore na ke hofe ho loketseng, nahana ka (1) hore na bamameli ba hao ba bangata hakae le hore na ke batho ba mofuta ofe, (2) melumo e sitisang, (3) boitsebiso bo tšohloang le (4) pakane ea hao.

Ke Hobane’ng ha e le oa Bohlokoa?

Ha batho ba sa u utloe hantle, likelello tsa bona li ka ’na tsa lelera ’me ba ka ’na ba se hlakeloe ke boitsebiso boo u fanang ka bona. Ha u bua ka lentsoe le phahameng haholo, batho ba ka ’na ba se ke ba rata hoo—’me ba ba ba ho nka e le ho se hlomphe.

HA SEBUI sa phatlalatsa se sa bue ka molumo o lekaneng, ba bang har’a bamameli ba ka ’na ba qala ho otsela. Ha mohoeletsi a buela tlaase tšebeletsong ea tšimo, ho ka etsahala hore a se ke a hapa tlhokomelo ea mong’a ntlo. ’Me ha litlhaloso tse fanoang ke bamameli libokeng li sa fanoe ka molumo o lekaneng, ba leng teng ba ke ke ba fumana khothatso e hlokahalang. (Baheb. 10:24, 25) Ka lehlakoreng le leng, ha sebui se phahamisa lentsoe ka nako e fosahetseng, bamameli ba ka ’na ba ikutloa ba sa lokoloha—esita le ho teneha.—Liprov. 27:14.

Nahana ka Bamameli ba Hao. U bua le bo-mang? na u bua le motho a le mong? na u bua le sehlopha sa lelapa? na u bua le sehlopha se senyenyane se kopaneng bakeng sa tšebeletso ea tšimo? na u bua le phutheho kaofela? kapa na u bua kopanong e khōlō? Ho hlakile hore molumo o loketseng boemo bo itseng ho ka etsahala hore o se ke oa lokela boemo bo bong.

Bahlanka ba Molimo ba ile ba bua le bamameli ba bangata ka linako tse sa tšoaneng. Ha ho ne ho khakoloa tempele Jerusalema mehleng ea Solomone, ho ne ho se na lisebelisoa tse hōlisang molumo. Kahoo Solomone o ile a ema sethaleng se phahameng ’me a hlohonolofatsa sechaba “ka lentsoe le phahameng.” (1 Mar. 8:55; 2 Likron. 6:13) Lilemo tse makholo hamorao, ka mor’a ho tšolloa ha moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E., letšoele—ba bang har’a lona e le ba thahasellang, ba bang e le ba somang—le ile la bokanela sehlopha se senyenyane sa Bakreste Jerusalema. Ka bohlale, Petrose “a ema . . . eaba o phahamisa lentsoe.” (Lik. 2:14) Ho ile ha fanoa ka bopaki bo matla.

U ka tseba joang hore na molumo oo u o sebelisang o loketse boemo bo itseng? E ’ngoe ea litsela tse molemohali tsa ho tseba sena ke tsela eo bamameli ba itšoarang ka eona. Ha u hlokomela hore ba bang har’a bamameli ba sokola ho utloa, u lokela ho leka ho eketsa molumo oa hao.

Ho sa tsotellehe hore na re bua le motho a le mong kapa le sehlopha, ho bohlale ho nahana hore na ho na le batho ba mofuta ofe har’a bamameli. Haeba ho e-na le ea utloang ka thata, ho ka ’na ha hlokahala hore u phahamise lentsoe. Empa ho hoeletsa ho ke ke ha etsa hore u ratoe ke batho ba ka ’nang ba arabela butle feela ka lebaka la botsofali. Ho hoeletsa ho ka ba ha nkoa e le pontšo ea ho hloka tlhompho. Litsong tse ling, ho phahamisa lentsoe haholo ho talingoa e le pontšo ea hore motho o halefile kapa o fela pelo.

Nahana ka Melumo e Sitisang. Ha u kopanela tšebeletsong ea tšimo, ka sebele maemo ao u kopanang le ’ona a bontša hore na ho hlokahala molumo o mokae bakeng sa ho fana ka bopaki. Ho ka ’na ha hlokahala hore u loantšane le molumo o bakoang ke sephethephethe, bana ba etsang lerata, lintja tse boholang, ’mino o lerata, kapa thelevishene e buletsoeng haholo. Ka lehlakoreng le leng, libakeng tseo ho tsona matlo a atamelaneng haholo, mong’a ntlo a ka ’na a khathatseha haeba u phahamisa lentsoe haholo hoo u mo bitsetsang mahlo a baahelani.

Barab’abo rōna ba fanang ka lipuo phuthehong kapa likopanong le bona ba tlameha ho sebetsana le maemo a sa tšoaneng. Ho bua le bamameli ba lutseng ka ntle ho fapane haholo le ho fana ka puo ka har’a holo e nang le thepa e loketseng ea ho tšoara molumo. Latin America baromuoa ba ile ba fana ka puo ea phatlalatsa foranteng ea ntlo ea motho ea thahasellang moo litlelabore li neng li qhoma lepatlelong la motse le haufi ’me mokōkō o ntse o lla o sa khaotse haufi le moo!

Ha puo e ntse e tsoela pele, ho ka ’na ha etsahala ntho e itseng e hlokang hore u etse khefu ho fihlela tšitiso eo e feta kapa u phahamise lentsoe. Ka mohlala, haeba seboka se tšoaretsoe mohahong o ruletsoeng ka masenke, pula e nang ka tšohanyetso e ka ’na ea etsa hore bamameli ba se ke ba utloa sebui. Ngoana ea llang kapa tšitiso e bakoang ke batho ba fihlang morao ka sebele e ka ba phephetso. Ithute ho sebetsana le litšitiso tseo e le hore bamameli ba hao ba ka rua molemo ka botlalo boitsebisong boo u fanang ka bona.

Thepa e hōlisang molumo e ka thusa haholo haeba e le teng, empa seo ha se bolele hore ha ho sa hlokahala hore sebui se eketse molumo oa lentsoe ha boemo bo hloka hore se etse joalo. Libakeng tse ling moo motlakase o atisang ho khaoha, libui li tlameha ho tsoela pele ka lipuo tsa tsona li sa sebelise sebuela-hōle.

Nahana ka Boitsebiso bo Ntseng bo Tšohloa. Mofuta oa boitsebiso ba puo ea hao o boetse o ama mofuta oa molumo o hlokahalang. Haeba taba e hloka hore u bue ka matla, u se ke ua fokolisa nehelano eo ka ho buela tlaase. Ka mohlala, ha u bala likahlolo tse tsoang ka Mangolong, molumo oa hao o lokela ho ba matlanyana ho feta ha u bala keletso e buang ka ho bontša lerato. Etsa hore molumo oa hao o lumellane le boitsebiso boo, empa u hlokomele hore u se ke ua etsa joalo ka mokhoa o tla etsa hore u ipitsetse mahlo a bamameli.

Nahana ka Pakane ea Hao. Haeba u batla ho susumetsa bamameli ba hao hore ba chesehe, ho ka ’na ha hlokahala hore u sebelise molumo o matlanyana. Haeba u batla ho fetola monahano oa bona, u se ke ua ba tena ka ho phahamisa lentsoe haholo. Ha u leka ho tšelisa, hangata ho buela tlaase ho molemo.

Ho Sebelisa Molumo o Phahameng ka Katleho. Ha u leka ho hapa tlhokomelo ea motho ea phathahaneng, hangata molumo o phahameng oa thusa. Batsoali ba tseba sena, kahoo ba phahamisa mantsoe ha ba bitsa bana ba bona ha e se e le nako ea hore ba tlohele ho bapala. Molumo o phahameng o ka boela oa hlokahala ha molula-setulo a laela ba tlileng sebokeng sa phutheho kapa kopanong hore ba thōle. Ha bahoeletsi ba le tšebeletsong ea tšimo, ba ka ’na ba lumelisa ka lentsoe le phahameng ha ba atamela batho ba sebetsang ka ntle.

Esita le ka mor’a ho hapa tlhokomelo ea motho, ke habohlokoa hore u tsoele pele ho sebelisa molumo o lekaneng. Lentsoe le tlaase haholo le ka fana ka maikutlo a hore sebui ha sea lokisetsa hantle kapa ha sea kholiseha ka seo se se buang.

Ha ho tsamaisana le ho fana ka taelo, ho phahamisa lentsoe ho ka susumelletsa batho ho nka khato. (Lik. 14:9, 10) Ka ho tšoanang, taelo e fanoang ka lentsoe le phahameng e ka etsa hore motho a qobe tlokotsi. Molebeli e mong oa teronko oa Filipi o ne a le lekhatheng la ho ipolaea hobane a ne a nahana hore batšoaruoa ba hae ba balehile. “Pauluse a hoeletsa ka lentsoe le phahameng, a re: ‘U se ke ua intša kotsi, etsoe kaofela re teng mona!’” Ka tsela eo motho eo o ile a qoba ho ipolaea. Eaba Pauluse le Silase ba pakela molebeli eo oa teronko le ba ntlo ea hae, bao kaofela ha bona ba ileng ba amohela ’nete.—Liketso 16:27-33.

Kamoo U ka Ntlafatsang Molumo oa Hao Kateng. Ho ba bang, ho hlokahala boiteko bo eketsehileng hore ba ithute ho sebelisa molumo o loketseng. Motho a ka buela tlaase kahobane a e-na le lentsoe le fokolang. Leha ho le joalo, ha a etsa boiteko, a ka khona ho ntlafatsa, le hoja a ntse a buela tlaase. Lebisa tlhokomelo tabeng ea ho phefumoloha le boemo ba ’mele. Itloaetse ho lula le ho ema u otlolohile. Ntša sefuba ’me u hule moea ka matla. Tiisa hore u tlatsa karolo e ka tlaase ea matšoafo ka moea. Moea ona, ha o laoloa hantle, ke oona o etsang hore u khone ho laola molumo oa hao ha u bua.

Ba bang ba na le bothata ba ho bua ka lentsoe le phahameng haholo. Mohlomong ba hlaoletse mokhoa oo ka lebaka la ho sebetsa ka ntle kapa tikolohong e lerata. Ka lehlakoreng le leng, ho ka etsahala hore ba hōletse sebakeng seo ho sona batho ba tloaetseng ho hoeletsana le ho kenana hanong. Ka lebaka leo, ba nahana hore tsela feela ea hore ba kopanele moqoqong ke ka hore ba buele holimo ho feta batho ba bang kaofela. Ha ba ntse ba tsoela pele ho ela hloko keletso ea Bibele ea ho ikapesa “lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso,” ba tla fetola molumo oa bona ha ba buisana le batho ba bang.—Bakol. 3:12.

Ho lokisetsa hantle, phihlelo e tlisoang ke ho kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo le ho rapela Jehova li tla u thusa ho bua ka molumo o loketseng. Ho sa tsotellehe hore na u bua u le sethaleng kapa u bua le motho tšebeletsong ea tšimo, leka ho tsepamisa mohopolo oa hao tabeng ea hore na motho e mong a ka thusoa joang ke ho utloa seo u se bolelang.—Liprov. 18:21.

KAMOO U KA NTLAFATSANG KATENG

Hlokomela kamoo batho bao u buang le bona ba itšoarang kateng; sebelisa molumo o lekaneng e le hore ba ka utloa hantle.

Ithute ho tlatsa karolo e ka tlaase ea matšoafo a hao ka moea ha u ntse u phefumoloha.

BOITLHAKISO: Pele bala Liketso 19:23-41 u khutsitse, u ele hloko kamoo tlaleho eo le moelelo oa taba li hlalosang boemo kateng. Hlokomela hore na ho bua mang le boikutlo boo a bo bontšang. Joale e bale ka lentsoe le phahameng ka molumo o loketseng karolo ka ’ngoe.

[Lebokose le leqepheng la 108]

MOO MOLUMO O PHAHAMENG O KA HLOKAHALANG TENG

Ho hapa tlhokomelo ea sehlopha se seholo.

Ho hlōla litšitiso.

Ho hapa tlhokomelo ha u bua ntho e itseng eo e leng ea bohlokoa haholo.

Ho susumetsa batho hore ba nke khato.

Ho hapa tlhokomelo ea motho a le mong kapa sehlopha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela