Thuto 22
Mangolo a Sebelisitsoe Hantle
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Tiisa hore tšebeliso leha e le efe ea lengolo e lumellana le moelelo oa taba hammoho le Bibele kaofela. Tšebeliso e boetse e lokela ho lumellana le se hatisitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.”
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Ke taba e tebileng ho ruta ba bang Lentsoe la Molimo. Thato ea hae ke hore batho ba fihle “tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:3, 4) Seo se re jarisa boikarabelo ba ho ruta Lentsoe la Molimo ka nepo.
HA U ruta ba bang, ho hlokahala ho eketsehileng ho feta feela ho bala litemana Bibeleng. Moapostola Pauluse o ile a ngolla mosebetsi-’moho le eena Timothea: “Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.”—2 Tim. 2:15.
Ho etsa sena ho bolela hore tsela eo re hlalosang mangolo ka eona e lokela ho lumellana le seo Bibele ka boeona e se rutang. Sena se hloka hore re nahanele moelelo oa taba, ho e-na le ho khetha feela lipolelo tseo re li ratang ebe re eketsa ka maikutlo a rōna. A sebelisa moprofeta Jeremia, Jehova o ile a lemosa ka baprofeta ba neng ba ipolela hore ba bua se tsoang molomong oa Jehova empa ha e le hantle ba bua “pono ea lipelo tsa bona.” (Jer. 23:16) Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste hore ba se silafatse Lentsoe la Molimo ka lifilosofi tsa batho ha a ne a ngola: “Re hlobohile lintho tsa sekhukhu tseo re lokelang ho ba lihlong ka tsona, re sa tsamaee ka mano, leha e le ho tsoaka lentsoe la Molimo.” Mehleng eo barekisi ba sa tšepahaleng ba veine ba ne ba hlapolla veine ea bona hore e be ngata le ho fumana chelete e eketsehileng. Ha re tsoake Lentsoe la Molimo ka ho le kopanya le lifilosofi tsa batho. Pauluse o ile a phatlalatsa: “Ha re rekise lentsoe la Molimo joalokaha batho ba bangata ba le rekisa, empa re bua ka botšepehi, e, joaloka ba romiloeng ba tsoa ho Molimo, ponong ea Molimo, hammoho le Kreste.”—2 Bakor. 2:17; 4:2.
Ka linako tse ling, u ka ’na ua qotsa lengolo bakeng sa ho hatisa molao-motheo o itseng. Bibele e tletse melao-motheo e fanang ka tataiso e bohlale bakeng sa ho sebetsana le maemo a mangata a sa tšoaneng. (2 Tim. 3:16, 17) Empa u lokela ho tiisa hore tsela eo u e sebelisang ka eona e nepahetse le hore ha u sebelise lengolo hampe, u etse eka le bua seo u batlang hore le se bue. (Pes. 91:11, 12; Mat. 4:5, 6) Tšebeliso e lokela ho lumellana le morero oa Jehova, e lumellane le Lentsoe lohle la Molimo.
‛Ho tšoara lentsoe la ’nete ka nepo’ ho boetse ho akarelletsa ho fumana moelelo oa seo Bibele e se bolelang. Hase “molamu” oo re lokelang ho otla ba bang ka oona. Mesuoe ea bolumeli e neng e hanyetsa Jesu Kreste e ne e qotsa Mangolo, empa e ne e iphoufaletsa litaba tse tōma haholoanyane—tse akarelletsang toka le mohau le botšepehi—tseo Molimo a li hlokang. (Mat. 22:23, 24; 23:23, 24) Ha Jesu a ruta Lentsoe la Molimo, o ile a bonahatsa botho ba Ntat’ae. Cheseho eo Jesu a neng a e-na le eona bakeng sa ’nete e ne e kopane le lerato la hae le tebileng bakeng sa batho bao a neng a ba ruta. Re lokela ho leka ho latela mohlala oa hae.—Mat. 11:28.
Re ka tiisa joang hore re sebelisa lengolo ka tsela e nepahetseng? Ho bala Bibele kamehla ho tla thusa. Hape re lokela ho ananela tokisetso ea Jehova ea “lekhoba le tšepahalang le le masene,” sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea seo a se sebelisang ho fana ka lijo tsa moea ho ba ntlo ea tumelo. (Mat. 24:45) Ho ithuta boinotšing hammoho le ho ba teng kamehla libokeng tsa phutheho le ho ba le karolo ho tsona ho tla re thusa ho rua molemo thupelong e fanoang ka sehlopha seo sa lekhoba le tšepahalang le le masene.
Haeba buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo e fumaneha ka puo ea hao ’me u ithuta ho e sebelisa hantle, u tla be u e-na le tataiso e fumanehang habonolo eo u e hlokang bakeng sa ho sebelisa hantle mangolo a makholo-kholo a sebelisoang khafetsa tšebeletsong ea rōna. Haeba u rera ho sebelisa lengolo le sa tloaelehang, boikokobetso bo tla u susumelletsa ho etsa lipatlisiso tse hlokahalang e le hore ha u bua, u tšoare lentsoe la ’nete ka nepo.—Liprov. 11:2.
Etsa Hore Tšebeliso e be e Hlakileng. Ha u ruta ba bang, tiisa hore ba bona ka ho hlaka kamano pakeng tsa taba eo u e buang le mangolo ao u a sebelisang. Haeba u kenyelletsa lengolo ka potso, bamameli ba hao ba lokela ho bona kamoo lengolo leo le arabang potso eo kateng. Haeba u sebelisa lengolo bakeng sa ho tšehetsa polelo e itseng, tiisa hore seithuti se bona ka ho hlaka kamoo temana eo e tšehetsang ntlha eo kateng.
Hangata ho bala lengolo feela—esita leha le baloa ka khatiso—ha hoa lekana. Hopola hore motho feela ea tloaelehileng ha aa tloaelana le Bibele ’me mohlomong a ke ke a utloisisa ntlha ea hao ka ’malo o le mong feela. Lebisa tlhokomelo karolong ea temana e amanang ka ho toba le seo u buang ka sona.
Hangata sena se hloka hore u qoolle mantsoe a bohlokoa, a amanang ka ho toba le ntlha eo ho buuoang ka eona. Mokhoa o bonolo ka ho fetisisa ke oa ho pheta mantsoe a fupereng mohopolo. Ha u bua le motho a le mong, u ka ’na ua botsa lipotso tse tla mo thusa ho bona mantsoe ao a bohlokoa. Libui tse ling ha li bua le sehlopha, li khetha ho finyella pakane ea tsona ka ho sebelisa mantsoe a nang le moelelo o tšoanang kapa ho pheta khopolo hape. Leha ho le joalo, haeba u khetha ho etsa joalo, u hlokomele hore bamameli ba se ke ba lahleheloa ke kamoo ntlha eo ho buisanoang ka eona e amanang kateng le mantsoe a leng lengolong leo.
Ha u se u qoolotse mantsoe a bohlokoa, u ralile motheo o motle. Joale ntšetsa seo pele. Na u kenyelelitse lengolo ka ho bontša ka hlaka hore na ke hobane’ng ha u sebelisa temana eo? Haeba ho joalo, bontša kamoo mantsoe ao u a hatisitseng a amanang kateng le seo u entseng hore bamameli ba hao ba se lebelle. Bolela ka ho hlaka hore na a amana joang. Esita le haeba u ne u sa kenyelletsa temana ka mokhoa o hlakileng hakaalo, ho lokela hore ho be le ntšetso-pele e itseng.
Bafarisi ba ile ba botsa Jesu seo ba neng ba nahana hore ke potso e thata, e reng: “Na ho lumelloa ke molao hore monna a hlale mosali oa hae ka lebaka leha e le lefe?” Jesu o ile a theha karabo ea hae ho Genese 2:24. Hlokomela hore o ile a lebisa tlhokomelo karolong e le ’ngoe feela ea eona eaba o bontša tšebeliso ea eona e loketseng. Ha a se a bontšitse hore monna le mosali oa hae e ba “nama e le ’ngoe,” Jesu o ile a phetha ka ho re: “Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Mat. 19:3-6.
U lokela ho hlalosa ho isa bohōleng bofe e le hore u hlakise tšebeliso ea lengolo? Mofuta oa bamameli ba hao le bohlokoa ba ntlha eo ho buisanoang ka eona li lokela ho lekanyetsa seo. Etsa hore sepheo sa hao e be ho fana ka tlhaloso e bonolo le e tobileng.
Beha Mabaka ka Mangolo. Mabapi le tšebeletso ea moapostola Pauluse Thesalonika, Liketso 17:2, 3 e re bolella hore o ile a ‘beha mabaka ka Mangolo.’ Bona ke bokhoni boo mohlanka e mong le e mong oa Jehova a lokelang ho leka ho bo hlaolela. Ka mohlala, Pauluse o ile a pheta lintlha tse mabapi le bophelo le tšebeletso ea Jesu, a bontša hore li ne li boletsoe esale pele ka Mangolong a Seheberu eaba o fana ka sephetho se matla ka ho re: “Enoa ke eena Kreste, Jesu enoa eo ke mo phatlalatsang ho lōna.”
Ha Pauluse a ngolla Baheberu, o ne a qotsa Mangolo a Seheberu khafetsa. Bakeng sa ho hatisa ntlha kapa ho e hlakisa, hangata o ne a qoolla lentsoe le le leng kapa polelo e khutšoanyane ’me a bontše bohlokoa ba eona. (Baheb. 12:26, 27) Tlalehong e fumanoang ho Baheberu khaolo ea 3, Pauluse o ile a qotsa Pesaleme ea 95:7-11. Hlokomela hore o ile a qaqisa likarolo tse tharo tsa eona: (1) a bua ka pelo (Baheb. 3:8-12), (2) se boleloang ke lentsoe le reng “Kajeno” (Baheb. 3:7, 13-15; 4:6-11) le (3) se boleloang ke mantsoe a reng: “Ba ke ke ba kena phomolong ea ka” (Baheb. 3:11, 18, 19; 4:1-11). Leka ho etsisa mohlala oo ha u ntse u sebelisa lengolo ka leng.
Hlokomela tsela e sebetsang eo Jesu a ileng a e sebelisa ha a ne a beha mabaka ka Mangolo tlalehong e ho Luka 10:25-37. Monna ea rutehileng Molaong o ile a botsa: “Mosuoe, ke ka ho etsa’ng ke tlang ho rua bophelo bo sa feleng?” Ha Jesu a araba, pele o ile a re monna eo a bolele maikutlo a hae ka taba eo eaba Jesu o hatisa bohlokoa ba ho etsa seo Lentsoe la Molimo le se bolelang. Ha ho se ho bonahala ka ho hlaka hore monna eo o ne a sa bone ntlha, Jesu o ile a bua ka ho qaqileng ka lentsoe le le leng feela lengolong leo—e leng “moahelani.” Ho e-na le ho le hlalosa feela, o ile a sebelisa papiso ho thusa monna eo hore a fihle sephethong se loketseng ka boeena.
Ho hlakile hore ha Jesu a ne a araba lipotso, o ne a sa qotse feela litemana tse fanang ka karabo e tobileng le e totobetseng. O ne a hlahlobisisa seo li se bolelang a ntan’o li sebelisa ho araba potso e botsitsoeng.
Ha Basaduse ba ne ba hanyetsa tšepo ea tsoho, Jesu o ile a lebisa tlhokomelo karolong e le ’ngoe e tobileng ea Exoda 3:6. Empa ha aa ka a khaotsa ka mor’a ho qotsa lengolo leo. O ile a bua ka lona ho bontša ka ho hlaka hore tsoho ke karolo ea morero oa Molimo.—Mar. 12:24-27.
Ho ba le bokhoni ba ho beha mabaka ka Mangolo ka nepo le ka katleho ho tla u thusa haholo hore u be mosuoe ea hloahloa.
KAMOO U KA HŌLISANG BOKHONI BONA KATENG
Bala Bibele kamehla. Ithute Molula-Qhooa ka hloko ’me u lokisetse liboka tsa phutheho hantle.
Tiisa hore u tseba moelelo oa mantsoe a leng lengolong leha e le lefe leo u rerang ho le sebelisa. Bala temana ka hloko e le hore u utloisise hantle seo e se bolelang.
Itloaetse ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa rōna tsa Bokreste.
BOITLHAKISO: Nahana ka moelelo oa 2 Petrose 3:7. Na e fana ka bopaki ba hore lefatše le tla timetsoa ka mollo? (Ha u hlalosa “lefatše,” nahana hape ka se boleloang ke “maholimo.” Ke mangolo afe a bontšang hore “lefatše” le ka sebelisoa ka kutloisiso ea tšoantšetso? Hantle-ntle ho timetsoa bo-mang kapa eng, joalokaha ho boletsoe temaneng ea 7? Seo se lumellana joang le se etsahetseng mehleng ea Noe, e boletsoeng temaneng ea 5 le ea 6?)