Na u Bea Mabaka ka Mangolo ka Mokhoa o Molemo?
“Pauluse, ka temalo ea hae, a kena ka ho bona, ’me ka lisabbatha tse tharo a beelana mabaka le bona ka Mangolo.”—LIKETSO 17:2, NW.
1. Ke hobane’ng ha Bibele e le ea bohlokoa ho rōna?
LENTSOE la Molimo ke la bohlokoa hakaakang! Le arabela lipotso tsa bohlokoa tseo ho seng mohloli o mong o ka li arabelang. Seo Bibele e fanang ka sona hase feela maikutlo a mang ka bophelo; ke ’nete. Lentsoeng la hae, Jehova o re bolella hore na o hloka eng ho rōna, ’me sohle seo a se hlokang se molemong oa rōna.—Pesaleme ea 19:7-11; Esaia 48:17.
2. (a) Ha re pakela ba bang, re ka hatisa mohloli oa molaetsa oa rōna ho bona joang? (b) Re khothaletsoa ho hlahloba lipotso life ka borōna?
2 Kahobane Lipaki tsa Jehova li kholisehile hore Bibele kannete e tsoa ho Molimo, le hore seo e se fupereng se na le matla a ho susumelletsa batho botleng, ka tieo li buella seo e se fupereng ho ba bang. (Ba-Heberu 4:12) Ha li kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa, li batla hore batho ba hlokomele hore molaetsa oo li o bolelang hase oo li iqapelang oona empa o tsoa Lentsoeng la Molimo. Kahoo li sebelisa Bibele ka ho toba, li hlile li e balla ba bang neng le neng ha ho khoneha. Na uena u sebelisa Bibele ka tsela ee? Na ka tieo u ka beelana mabaka ka Mangolo le batho ba tšepahalang ka tsela eo ba ka thusoang ho utloisisa le ho amohela seo e se rutang?—2 Timothea 2:15.
3, 4. (a) Bohlokoa ba ho bua Lentsoe la Molimo bo ile ba hatisoa joang mehleng ea Jeremia? (b) Ke ho mang le ho eng re ratang ho tobisa batho bao re ba rutang?
3 Bohlokoa ba ho bolella batho seo Molimo o se buang ho e-na le ho ba fa maikutlo a botho ho ile hoa totobatsoa nakong ea moprofeta Jeremia. Nako eo ea histori e ne e le ea boprofeta ba mehla ea rōna. Boholo ba baprofeta Jerusalema ka nako eo ba ne ba phatlalatsa seo ba neng ba nahana hore batho ba batla ho se utloa, empa ba ne ba sa bolele lentsoe la Jehova ka botšepehi. Ka bona, Jehova o itse: “Ba bolela tšenolo ea lipelo tsa bona, e seng e tsoang molomong oa Jehova.” ’Me a phaella ka matla: “Ea nang le lentsoe la ka a ke a bolele lentsoe la ka ka ’nete.”—Jeremia 23:16-28.
4 Jeremia o ile a ‘bua lentsoe la Jehova ka ’nete.’ Le rōna re lokela ho ikutloa re tlameha ho khomarela Mangolo ha re ruta ba bang. Ha re batle hore batho e be barutuoa ba rōna. Re rata hore e be barapeli ba Jehova, ba tsamaee mehlaleng ea Jesu Kreste, le ho ananela mokhatlo o hlophisitsoeng oo ka oona Jehova a etellang bahlanka ba hae pele kajeno.—Bapisa 1 Ba-Korinthe 1:11-13; 3:5-7.
5. Johanne 7:16-18 e fana ka tataiso joang ho (a) baholo (b) rōna bohle ha re kopanela tšebeletsong ea tšimo?
5 Jesu ka boeena o itse: “Thuto ea ka hase ea ka, empa e le ea ea nthomileng. Ekare ha motho a rata ho etsa thato ea hae, o tla tseba thuto hore na e tsoa ho Molimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka. Ea iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ea hae.” (Johanne 7:16-18) Le Mora oa Molimo ea phethahetseng o ne a le hlokolosi hore a se ke a bua a iqalla. Hakaakang ka rōna! Ka hona, ke ho loketseng hakaakang hore baholo ba tlameha ho ‘tiea thutong ea ’nete’ mosebetsing oa bona oa ho ruta! (Tite 1:9) Hape, keletso e ho 2 Timothea 4:2 ke e loketseng hakaakang: “U bolele lentsoe”! Boo ke boemo boo re itšoarellang ka bona ka phuthehong leha re kopanela tšebeletsong ea tšimo ka ntle.
6. Ho phaelleng ho bala hoa rōna litemana tse tsoang Bibeleng, hangata ho hlokahala eng? Bontša.
6 Empa hona ha ho bolele hore re lokela ho bala litemana feela tsa Bibele e be rea thola. Hore batho ba tle ba utloisise ka botlalo bohlokoa ba litemana tseo, ke hoa bohlokoa ho bona hore ba lemohe tšebetso ea tsona. Hona e ne e le ’nete ka leqhalaha la Moithiopia leo ho buuoang ka lona ho Liketso 8:26-38. Monna eo o ne a bala boprofeta ba Esaia, empa o ne a sa utloisise hore na bo bolela eng. Empa, hang ha lipotso tsa hae li arabetsoe, ha a utloisisa bohlokoa ba seo a neng a ntse a se bala le ho hlokomela hore na se mo ama joang ka boeena, a fetoha Mokreste. Re lokela ho fana ka thuso e joalo ho ba batlang ’nete kajeno ’me kamehla re lokela ho ba hlokolosi ho tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.
Kamoo Jesu a Neng a Sebelisa Mangolo
7. Ke mohlala oa mang ka ho khethehileng o ka re thusang ho ntlafatsa matla a rōna a ho bea mahaka ka Mangolo?
7 Jesu Kreste o beile mohlala o motle haholo ka ho sebelisa Mangolo ka mafolofolo. (Mattheu 7:28, 29; Johanne 7:45, 46) Ho hlahlobisisa mokhoa oa hae oa ho ruta ho ka re thusa ho ntlafatsa matla a rōna a ho bea mabaka ka Mangolo. Nahana ka mehlala e latelang:
8. (a) “Monna e mong oa molao” o ile a botsa Jesu potso efe? (b) Jesu o ile a arabela potso eo joang, hona hobane’ng?
8 Ho Luka khaolo ea 10, litemana 25-28, re bala ka “moruti e mong oa molao” ea neng a batla ho leka Jesu ka ho mo botsa: “Moruti, ke tla rua bophelo bo sa feleng ha ke etsa eng?” U ka be u arabile joang? Jesu o ile a etsa joang? A ka be a ntse a mo arabetse ka ho toba, empa a hlokomela hore monna eo o se a ntse a e-na le pono e tobileng tabeng ena. Kahoo Jesu a mo botsa hore na o ne a ka arabela potso ena joang, e reng: “Na ho ngoliloeng molaong? U bala’ng teng?” Monna eo a arabela: “U tla rata Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao ’ohle, le ka matla a hao ’ohle, le ka khopolo ea hao eohle; le oa heno, u mo rate joale ka ha u ithata.” Jesu a arabela: “U arabile hantle,” eaba joale, a akaretsa karolo ea Levitike 18:5, o re: “Etsa hoo, ’me u tla phela.” Ka lekhetlo le leng Jesu ka boeena o ile a qotsa litaelo tseo tse peli ha a arabela potso e ’ngoe. (Mareka 12:28-31) Empa lekhetlong lena monna eo a buisanang le eena o ne a tseba Molao oa Moshe ’me ho bonahala a ne a batla ho bona haeba Jesu a lumellana le eena ka seo a ithutileng sona ho oona. Jesu a mo lumella hore eena ka boeena a ikhotsofatse ka hore a fane ka karabelo.
9. (a) Jesu o ile a etsa joang ho thusa monna eo ho fumana kutloisiso ea le leng la mangolo ao a a qotsitseng? (b) Ke hobane’ng ha mokhoa oo o ne o sebetsa?
9 Leha ho le joalo, monna eo o ne a lahleheloa ke bohlokoa bo tletseng ba mangolo ao a a qotsang. Kahoo, “kahobane a rata ho ipea ea lokileng, a re ho Jesu: ’Me oa heso ke mang na?” Ha a arabela, Jesu ha a ka a hlotse a qotsa Mangolo a mang. Ha a ka a fana ka tlhaloso feela eo monna eo e ka ’nang eaba o ile a e nyatsa. Ho e-na le hoo, a sebelisa papiso—e babatsehang e hlileng e loketseng seo monna eo a se hlokang, papiso e neng e tla mo thusa ho bea mabaka ka se boleloang ke lengolo leo. Jesu a bua ka moahelani oa Mosamaria ea ileng a thusa motsamai ea neng a tlatlapuoe le ho otloa, empa e le hore moprista le Molevi ha ba ka ba etsa joalo. Ena ke papiso e ileng ea etsa hore lentsoe “moahelani” le be le moelelo oo monna enoa a sa kang a o lemoha le pele ho moo le kamohla, ’me e entsoe joalo ka mokhoa o reretsoeng ho fihla pelong. Joale, joalokaha Jesu a ile a qetella, a botsa potso ho tiisa hore monna eo o utloisisitse, ’me a mo khothaletsa ho sebelisa seo ba buisaneng ka sona bophelong ba hae.—Luka 10:29-37.
10. (a) Re ka ithuta eng mohlaleng oo oa ho ruta oa Jesu? (b) Re ka sebelisa tse ling tsa lintlha tseo joang ha re sebelisa Sehlooho sa rōna sa Puisano sa morao-rao Tšebeletsong ea Tšimo?
10 Re ka ithuta eng mohlaleng oo oa ho ruta? Na u ile oa hlokomela tse latelang? (1) Jesu o ile a lebisa tlhokomelo Mangolong bakeng sa karabelo potsong ea monna eo e qalang. (2) Jesu o ile a mema monna eo hore a itlhalose, ’me o ile a babatsoa ka mofuthu ha a hlalosa ka bohlale. (3) Jesu o ile a tiisa hore kamano pakeng tsa potso le Mangolo li bolokoa li hlokomelehile, joaloka temaneng ea 28. (4) Papiso e nang le boipiletso ba pelo e ile ea sebelisoa ho tiisa hore monna eo ha a ka a lahleheloa ke bohlokoa ba sebele ba karabelo. Ho latela mohlala oo ho ka re thusa ho beelana mabaka ka mafolofolo le ba bang ka Mangolo.
“Moruti, U Arabile Hantle”
11. (a) Ha Basadduci ba botsa Jesu potso e amanang le lenyalo mabapi le tsoho, o ile a ba fa karabelo efe? (b) Ke hobane’ng ha a sa ka a khaotsa hona moo?
11 Ho Luka khaolo ea 20, litemana 27-40, ho tlalehiloe mohlala o mong o ikhethang oa ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka mafolofolo. Basadduci ba bang ba ne ba ile ba atamela Jesu ka potso. Ba beela Jesu boemo boo ba neng ba nahana hore bo bontša bothoto, ba ho lumela hore bafu ba tla boela ba phele. Ba bua ka mosali eo e bileng mosali oa banna ba bahlano, e mong kamorao ho e mong. Ba botsa: “Hleka mohl’a tsoho ea bafu, mosali e tla ba oa ofe ho bona?” Karabelo eo Jesu a faneng ka eona ka ho totobetseng e ne e se eo ba e lebelletseng ho hang. Ho bonahala ho ne ho se mohla ba kileng ba nahana monyetla oa hore ba tsositsoeng ba ke ke ba nyala empa, ntlheng ena, ba tla tšoana le mangeloi. Empa, ho ne ho hlokahala ho eketsehileng e le hore karabelo ekaba e susumetsang.
12. (a) Jesu o ile a sebelisa mabaka afe ho tšehetsa tumelo ea tsoho? (b) Ke hobane’ng ha e ne e loketse Basadduci ka ho khethehileng?
12 Jesu o ile a hlokomela hore bothata bo boholo ba Basadduci e ne e le hore ha ba lumele tsoho. Kahoo a lebisa tlhokomelo e khethehileng ho hona. Khang ea hae e ne e qotsitsoe mengolong ea Moshe, ho Exoda 3:6, eo Basadduci ba neng ba ipolela hore ba e lumela. A re: “Ha e le hobane bafu ba tla tsoha, Moshe le eena o ho bonahalitse, mohla a leng pel’a sehlahla, ha a bitsa Morena, Molimo oa Abrahama, le Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo.” Empa na ka mantsoe aa Basadduci ba ne ba ka bona hore na tsoho e kena joang? E seng ho fihlela ha Jesu a phaella: “Molimo hase Molimo oa bafu, ke oa ba phelang; hobane ho oona batho kaofela ke ba phelang.” Ho ne ho totobetse hore: Lintho tse sa pheleng hammoho le batho ba ka ba le ’Mōpi, empa ke batho ba phelang feela ba ka bang le Molimo Oo ba ka inehelang ho oona le ho o rapela. Haeba Abrahama, Isaaka, le Jakobo ba ne ba mpa ba shoele feela ’me ba patiloe, ba se na litebello tsa bophelo tse tsoelang pele, Jehova a ka be a itse ho Moshe, ‘Ke ne ke le Molimo oa bona.’ Empa hase seo a se buileng. Hoba ba utloe kamoo Jesu a beang mabaka ka Mangolo kateng tabeng ena, na hoa makatsa hore ebe ba bang ba bangoli ba ile ba arabela: “Moruti, u arabile hantle”?
13. Ke litlhahiso life tse fanoeng mona tse ka re thusang ho ntlafatsa matla a ho beelana mabaka ka Mangolo? Hlalosa hore na ke hobane’ng ha u ikutloa hore e ’ngoe le e ’ngoe ke ea bohlokoa.
13 Ke joang u ka fumanang kapa ua ntšetsa pele matla a joalo a ho bea mabaka ka Mangolo? Lintho tsena tse ’maloa ke tsa bohlokoa: (1) U tlameha ho ba le tsebo e ntle ea Mangolo. Boithuto ba botho le ho ba teng libokeng kamehla ke lintlha tsa bohlokoa bakeng sa ho fumana tsebo eo. (2) U hloka nako ea ho thuisa, ka kelello u fuputse linnete ho tsoa maikutlong a fapaneng le ho haha kananelo ea hao bakeng sa tsona. (3) Ha u ithuta, u se ke ua batla litlhaloso tsa mangolo feela empa hape le mabaka a Mangolo bakeng sa litlhaloso tseo. Ngola lintlha tsena pel’a litemana tseo u ratang ho li hlahloba. (4) Nahana kamoo u neng u ka hlalosa mangolo ho mefuta e sa tšoaneng ea batho. (5) Nahana kamoo u tla bapisa lintlha tse ling tse itseng. Lintho tsena kaofela ke tsa bohlokoa ho hlaoleleng mokhoa oa ho bea mabaka ka Mangolo.
Ho Bea Mabaka ho Tšoanelang Bamameli
14. Ke lintlha life tsa bohlokoa tsa mokhoa oa ho ruta hoa Pauluse tseo re li hlokomelisoang ho Liketso 17:2, 3?
14 Moapostola Pauluse le eena e ne e le moruti ea molemo, eo re ka ithutang ho eena. Ngaka Luka o ile a tsamaea le eena ka nakoana, ’me tlhaloso ea hae ka liketso tsa Pauluse ke ea bohlokoa. O-oa tlaleha: “Ba tla Thessalonika, moo synagoge ea ba-Jode e neng e le teng. Pauluse, ka temalo ea hae, a kena ka ho bona, ’me ka lisabbatha tse tharo a beelana mabaka le bona ka Mangolo, a hlalosa le ho paka ka litšupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko le hore a tsohe bafung, a re: ‘Enoa ke Kreste, Jesu eo ke le bolellang ka eena.’” Phello e bile efe? Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba Pauluse. “Ba bang har’a bona ba lumela, . . . le bongata bo boholo ba ba-Gerike ba rapelang Molimo, le basali ba hlomphuoang ba bangatanyana.” Mokhoa oa ho ruta o sebelisitsoeng ke Pauluse ke oa bohlokoa ka ho khethehileng: O ile a etsa ho fetang ho bala Mangolo feela; o ile a bea mabaka ka oona, ’me o ile a amahanya mabaka le bamameli ba hae. Ha a ka a ba bolella litaba tse molemo feela, empa o ile a li hlalosa ’me a fana le ka bopaki bo tsoang Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng. (Liketso 17:1-4) Nahana mehlala e ’meli ea mokhoa oa Pauluse oa ho ruta:
15. (a) Ha a bua le bamameli ba Bajode Antioke oa Pisidia, Pauluse o ne a leka ho fumana motheo o tšoanang le bona joang? (b) Ke hobane’ng ha u nahana hore ho fumana motheo o tšoanang ke hoa bohlokoa bopaking ba rōna?
15 Ho Liketso 13:16-41 ho fanoa ka puo eo Pauluse a ileng a e fa bamameli ba Bajode Antioke oa Pisidia. Pele o ne a leka ho ba le motheo o tšoanang le bamameli ba hae. (Bona litemana 16, 17.) Ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo? Hobane ho ne ho tla ba thusa hore ba lakatse ho beelana mabaka holim’a taba eo a tlang ho e bea. Ha a ka a itlhahisa e le setho sa phutheho ea Bokreste se nang le molaetsa oa bona o buang ka Jesu Kreste. O ne a bua le Bajode, kahoo a ela hloko le menahano ea bona. O ile a lumela hore bamameli ba hae e ne e le batho ba tšabang Molimo, ’me a bontša hore eena, joaloka bona, e ne e le Moheberu ka tsoalo. O boetse a hlahloba likarolo tsa bohlokoa tsa histori ea Iseraele. Empa o ile a boloka motheo o tšoanang le bona joang ha a bua ka Jesu Kreste?
16. Pauluse o ile a boloka motheo o tšoanang joang ha a buisana le Bajode bao ka Jesu?
16 Pauluse o ile a tsebahatsa Jesu e le ngoana oa Davida ’me e le ea ileng a tsebahatsoa ke Johanne Mokolobetsi, eo batho ka kakaretso ba neng ba lumela hore ke moprofeta oa Molimo. (Liketso 13:22-25; Luka 20:4-6) Empa Pauluse o ne a tseba hore bamameli ba hae ba ne ba hlokometse hore Jesu o ile a lahloa ke babusi Jerusalema, kahoo moapostola ka boeena a hlahisa taba ena ’me a hlalosa hore ho lahloa le ho bolaoa hoa Jesu e ne e le phethahatso ea boprofeta. (Liketso 13:27-29) A totobatsa hore Molimo ka booona nakong eo o ile oa sebetsa molemong oa Jesu ka ho mo tsosa bafung le hore ho na le ba boneng ka mahlo har’a Bajode ’nete ea hore Jesu o ne a tsositsoe. (Liketso 13:30, 31) Pauluse o ne a hlokometse hore hona e ne e ka ba taba e thata hore ba bangata ba e amohele, kahoo a hlalosa hore seo a buang ka sona e ne e le “pallo e neng e etselitsoe bontat’a rōna.” A bontša hore hona e ne e le ’nete, pele a qotsa ho Pesaleme ea 2:7, le Esaia 55:2, ’me a qetella ka Pesaleme ea 16:10. A bea mabaka temaneng ea ho qetela ho tseo, a bontša hore e ne e ke ke ea phethahala ho Davida hobane “o bone ho bola.” Kahoo e tlameha ho sebetsa ho ‘ea sa kang a bona ho bola’ ka lebaka la ho tsosoa bafung ke Molimo. (Liketso 13:32-37) Hoba a hlahise ntlha eo, Pauluse a fana ka sephetho se susumetsang. O ne a tseba hore ke hoa bohlokoa hore batho ba nke seo ba se utloang ka ho teba. Ba bangata ba ile ba arabela hantle.—Liketso 13:38-43.
17. (a) Ke hobane’ng ha nehelano ea Pauluse ea ’nete Athene e ne e fapane? (b) Re ka ithuta eng ka seo a se entseng ka lekhetlo leo?
17 Ha a bua le bamameli bao e seng Bajode, Pauluse o ile a sebelisa melao-metheo e tšoanang ea ho ruta. Kahoo, ha a le Areopago Athene, Greece, o ile a hokahanya nehelano ea hae ho lumellana le maemo le monahano oa Baathene. A leka ho lumellana le bamameli ba hae, a ba babatsa hobane e ne e le batho ba chesehelang bolumeli. A bua ka aletare e motseng, eo ho eona ho ngotseng “Ho Molimo o sa tsejoeng.” Pauluse a bolela hore Molimo ona, e ne e le Oona oo a buang ka oona. (Liketso 17:22, 23) Hoba a etse hoo, a akaretsa likarolo tsa Mangolo a bululetsoeng ’me a tsoela pele ho beelana mabaka le bona motheong oa sena. ’Me, ka hoba le tsebo e itseng ea libuka tsa Segerike, Pauluse o boetse a qotsa libukeng tsa bona tsa lithothokiso, e seng ka matla a hae, empa ho bontša hore litaba tse itseng tseo a neng a li tšohla ba ne ba li lumela libukeng tsa bona. Ka lebaka leo, ba bang ba lumela.—Liketso 17:24-31, 34.
18. Ke eng e ka re thusang ho fumana liphello tse molemo boitekong ba rōna ba ho beelana mabaka le ba bang ka Mangolo?
18 Litaba tse molemo tseo Pauluse a ileng a li bolela Athene e ne e le molaetsa o tšoanang oo a o boletseng Antioke. Phapang ea mokhoa oo a o nehelaneng ka oona ke hobane a ne a hlokomela se neng se hlokahala e le hore a ka beelana mabaka le batho bao. O ne a ba tsotella ka ho tebileng ka ho lekaneng hoo a neng a ikitlaetsa e le hore a ka etsa joalo. ’Me boiteko bo joalo bo ile ba tlisa liphello tse molemo. E se eka le rōna re ka etsa boiteko bo hlokahalang ’me re batle tlhohonolofatso ea Molimo boitekong ba rōna ho beeng mabaka le ba bang ka Mangolo, e le hore re ka arolelana litaba tse molemo le batho ba mefuta eohle.—1 Ba-Korinthe 9:19-23.
Re Ithutile Eng?
◻ Ke hobane’ng ha e le hoa bohlokoa ho sebelisa Bibele ka ho toba tšebeletsong ea rōna?
◻ Ho Luka 10:25-37 ho bontšitsoe metheo efe e metle ea ho ruta?
◻ Ke mekhoa efe e ka re thusang ho ntlafatsa matla a rōna a ho beelana mabaka ka Mangolo?
◻ Ke ho ea boholeng bofe semelo sa batho se ka ’nang sa susumetsa tsela eo re lekang ho beelana mabaka ka eona le bona?