Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • T-26 maq. 1-6
  • Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele?
  • Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?
  • Thuso ea ho Utloisisa Bibele
  • Na U ka Rata ho Qeta Nako e Itseng Beke le Beke e le Hore U Utloisise Bibele?
  • Memo ea ho Ithuta
  • Thuso ea ho Utloisisa Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lenaneo la ho Ithuta Bibele la Batho Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Bibele le Uena
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Tšoara Lentsoe la Molimo ka Tieo
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Bala Tse Ling
Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele?
T-26 maq. 1-6

Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?

BIBELE ha e tšoane le buka leha e le efe—e fupere taeo e lerato e tsoang ho Molimo. (1 Bathesalonika 2:13) Haeba u sebelisa seo Bibele e se rutang, u tla rua molemo haholo. Lerato la hao ho Molimo le tla eketseha ’me u tla atamela haufi-ufi le eena, eena Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jakobo 1:17) U tla tseba mokhoa oa ho mo atamela ka thapelo. Linakong tsa likhathatso, u ka latsoa thuso ea Molimo. Haeba u lumellanya bophelo ba hao le litekanyetso tse behiloeng ka Bibeleng, Molimo o tla u fa bophelo bo sa feleng.—Baroma 6:23.

Bibele e fupere linnete tse fanang ka leseli. Ba fumanang tsebo ea Bibele ba lokolloa likhopolong tse fosahetseng tse laolang bophelo ba ba limilione. Ka mohlala, ho tseba ’nete ka hore na ho etsahala’ng ka mor’a hore re shoe ho re lokolla tšabong ea hore bafu ba ka re ntša kotsi kapa hore beng ka rōna le metsoalle ba shoeleng baa sotleha kae-kae. (Ezekiele 18:4) Thuto ea Bibele ea tsoho e tšelisa ba lahlehetsoeng ke baratuoa ba bona ka lefu. (Johanne 11:25) Ho tseba ’nete ka mangeloi a khopo ho re hlokomelisa likotsi tsa tšebelisano le meea hape ho re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho e-na le likhathatso tse ngata hakana holim’a lefatše.

Melao-motheo ea Molimo e ka Bibeleng e re bontša mokhoa oa ho phela ka tsela e tla hlahisa melemo e bonahalang. Ka mohlala, ho ba ea “itekanetseng mekhoeng” ho tlatsetsa bophelong bo botle ba ’mele. (1 Timothea 3:2) Ka ho ‘itlhatsoa litšila tsohle tsa nama le tsa moea,’ re qoba ho senya bophelo ba rōna bo botle ba ’mele. (2 Bakorinthe 7:1) Ho sebelisa keletso ea Molimo e fumanoang ka Bibeleng le hona ho etsa hore thabo e be teng lenyalong le boitlhompho.—1 Bakorinthe 6:18.

Haeba u sebelisa Lentsoe la Molimo, u tla ba motho ea thabileng haholoanyane. Tsebo ea Bibele e re thusa ho ba le khotso ea kelello le khotsofalo hape e re fa le tšepo. E re thusa ho hlaolela litšoaneleho tse ipiletsang tse kang qenehelo, lerato, thabo, khotso, mosa le tumelo. (Bagalata 5:22, 23; Baefese 4:24, 32) Litšoaneleho tse joalo li re thusa ho ba banna kapa basali, bo-ntate kapa bo-’mè, bara kapa barali ba molemo.

Na u kile ua nahanisisa ka bokamoso? Boprofeta ba Bibele bo re bontša hore na re hokae kemisong ea nako. Boprofeta bona ha bo hlalose feela boemo ba lefatše kajeno empa bo boetse bo bontša hore haufinyane Molimo o tla fetola lefatše lena paradeise.—Tšenolo 21:3, 4.

Thuso ea ho Utloisisa Bibele

Mohlomong u kile ua leka ho bala Bibele empa ua fumana ho le thata ho e utloisisa. E ka ’na eaba ha u tsebe hore na u shebe hokae ka Bibeleng ho fumana likarabo lipotsong tsa hao. Haeba ho joalo, ha u mong. Kaofela ha rōna re hloka thuso ho utloisisa Lentsoe la Molimo. Lipaki tsa Jehova, linaheng tse ka bang 235, li fana ka thupelo e sa lefelloeng ea Bibele ho batho ba limilione. Le uena li ka thabela ho u thusa.

Hangata ho molemo ho ithuta Bibele ka tsela e tsoelang pele, ho qala ka lithuto tsa motheo. (Baheberu 6:1) Ha u ntse u tsoela pele, u tla khona ho ja “lijo tse tiileng” hantle—ke hore linnete tse tebileng. (Baheberu 5:14) Bibele ke oona mohloli oa boitsebiso oo ho ka talingoang ho oona. Lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, tse kang bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, e tla u thusa ho utloisisa litšupiso tsa Mangolo lihloohong tse sa tšoaneng.

Na U ka Rata ho Qeta Nako e Itseng Beke le Beke e le Hore U Utloisise Bibele?

Hangata ho ka lokisetsoa thuto ea Bibele ka nako le sebaka tse u loketseng. Ba bangata ba ithutela malapeng a bona. Ba bang ba bile ba ithuta ba sebelisa thelefono. Lenaneo lena, hase bakeng sa sehlopha sa batho, empa ke tokisetso e lokiselitsoeng ho ea ka maemo a motho ka mong, ho akarelletsa le hore na u na le tsebo le thuto e kae. Ha ho ngoloe litlhahlobo, ’me u ke ke ua etsoa hore u ikutloe u hlajoa ke lihlong. Lipotso tsa hao tsa Bibele li tla arabeloa, ’me u tla ithuta mokhoa oa ho atamela haufi le Molimo.

Ha ho hlokahale hore u lefelle thuto e joalo ea Bibele. (Matheu 10:8) E fanoa ntle ho tefo ho batho ba malumeli ’ohle le ba se nang bolumeli empa ba thahasella ka tieo ho eketsa tsebo ea bona ea Lentsoe la Molimo.

Ke mang ea ka kopanelang puisanong ee? Lelapa lohle la hao. Metsoalle leha e le efe eo u khethang ho e mema le eona e ka kopanela. Kapa haeba u rata, puisano eo e ka etsoa le uena feela.

Ba bangata ba behella hora ka thōko beke e ’ngoe le e ’ngoe hore ba ithute Bibele. Haeba u khona ho ba le nako e eketsehileng kapa ho ba le nako e fokolang beke e ’ngoe le e ’ngoe, Lipaki li tla ithaopela ho u thusa.

Memo ea ho Ithuta

Re u mema hore u ikopanye le Lipaki tsa Jehova. Tsela e ’ngoe eo u ka etsang sena ka eona ke ka ho ngolla atereseng e ka tlaase. Joale ho tla etsoa litokisetso tsa hore motho e mong a u khannele thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

□ Ka kōpo ntlisetseng bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ka kōpo iteanyeng le ’na mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

Ntle le ha ho bontšitsoe ka hosele, mangolo ’ohle a Bibele a qotsitsoe ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela