Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 7/1 leq. 3
  • Thuso ea ho Utloisisa Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso ea ho Utloisisa Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Filipi o Kolobetsa Molaoli oa Moethiopia
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Filipi—Moevangeli ea Chesehang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Na u ne u Tseba?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ho Bolela “Litaba Tse Monate Tse Buang ka Jesu”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 7/1 leq. 3

Thuso ea ho Utloisisa Bibele

BIBELE ke buka e ikhethang. Bangoli ba eona ba bolela hore ba bululetsoe ke Molimo, ’me se ka har’a eona se fana ka bopaki bo bongata ba hore ba bua ’nete. (2 Timothea 3:16) Har’a tse ling, Bibele e bontša hore na re simolohile hokae, hore na morero oa bophelo ke eng le hore na re na le bokamoso bofe. Ruri ke buka eo ho tšoanelehang hore re e hlahlobe!

Mohlomong u lekile ho bala Bibele empa ua fumana hore ho thata hore u e utloisise. Mohlomong ha u tsebe hore na u phetle hokae hore u fumane likarabo tsa lipotso tsa hao. Haeba ho joalo, ha u mong. Boemo ba hao bo tšoana le ba monna ea neng a phela lekholong la pele la lilemo. O ne a le leetong ka koloi ea lipere a tloha Jerusalema a e-ea naheng ea habo ea Ethiopia. Monna enoa ea boholong oa Moethiopia o ne a balla holimo buka ea Bibele ea boprofeta ea Esaia, e neng e ngotsoe lilemong tse fetileng tse ka holimo ho makholo a supileng.

Ka tšohanyetso feela o ile a lumelisoa ke monna ea neng a matha mabapa le koloi ea hae ea lipere. Monna enoa e ne e le Filipi, eo e neng e le morutuoa oa Jesu, ’me o ile a botsa Moethiopia: “Na u tseba seo u se balang?” Moethiopia o ile a araba: “Ka sebele, nka tseba joang ntle leha e mong a ka ntataisa?” Ke moo a ileng a kōpa Filipi hore a palame le eena ka koloing ea lipere. Filipi o ile a hlalosa se boleloang ke litemana tseo monna eo a neng a ntse a li bala eaba o tsoela pele ho mo bolella “litaba tse molemo mabapi le Jesu.”—Liketso 8:30-35.

Feela joalokaha khale koo Filipi a ile a thusa Moethiopia eo ho utloisisa Lentsoe la Molimo, Lipaki tsa Jehova li thusa batho ho utloisisa Bibele kajeno. Le uena li ka thabela ho u thusa. Hangata, ho molemo ho ithuta Bibele mohato ka mohato, u qala ka lithuto tsa motheo tsa Mangolo. (Baheberu 6:1) Ha u ntse u tsoela pele, u tla khona ho ja seo moapostola Pauluse a se bitsitseng “lijo tse tiileng”—ke hore, linnete tse tebileng haholo. (Baheberu 5:14) Le hoja u ithuta Bibele, lingoliloeng tse ling—tse thusang ho ithuta Bibele—li ka u thusa ho fumana le ho utloisisa litemana tsa Bibele tse buang ka litaba tse fapa-fapaneng.

Hangata thuto e ka lokisetsoa ka nako e u loketseng le sebakeng se u loketseng. Ba bang ba bile ba ithuta ba sebelisa thelefono. Ha ho ithutoe joalokaha eka ke sekolong; ke tokisetso e tobang motho ka mong e etsoang ho itšetlehiloe ka maemo a hao, ho akarelletsa semelo sa hao le thuto ea hao. Ha ho hlokahale hore u lefelle thuto e joalo ea Bibele. (Matheu 10:8) Ha ho ngoloe litlhahlobo, ’me u etsoa hore u ikutloe u phutholohile. Lipotso tsa hao li tla arabeloa, ’me u tla ithuta kamoo u ka atamelang Molimo kateng. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha u lokela ho ithuta Bibele? Hlahloba mabaka a mang a hore na ke hobane’ng ha ho ithuta Bibele ho ka eketsa thabo bophelong ba hao.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela