Iseraele Sebakeng se e Potolohileng
JEHOVA o ile a bolella Abrahama a re: ‘Tloha Ure e Mesopotamia u ee naheng eo ke tla u bontša eona.’ Naha eo e ne e e-na le baahi ’me e pota-potiloe ke lichaba tse ling.—Ge 12:1-3; 15:17-21.
Ha batho ba Molimo ba tloha Egepeta, ba ne ba tseba hore ba ka ‘na ba tobana le khanyetso ea lira, tse kang “bahatelli ba Moabe.” (Ex 15:14, 15) Baamaleke, Bamoabe, Baamone le Baamore ba ne ba lula libakeng tse tseleng eo Baiseraele ba neng ba tsamaea ka eona ha ba e-ea Naheng e Tšepisitsoeng. (Nu 21:11-13; De 2:17-33; 23:3, 4) ‘Me Baiseraele ba ne ba tla teana le lichaba tse ling tseo e leng lira tsa bona naheng eo Molimo a neng a ba tšepisitse eona.
Molimo o ile a re Baiseraele ba ne ba lokela ho ‘tlosa lichaba tse supileng tse nang le baahi ba bangata’—tsa Bahethe, Bagirgashe, Baamore, Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse—e leng lichaba tse neng li lokela ho timetsoa. Li ne li itšoere ka mokhoa o hlephileng ’me li ntšetsa pele bolumeli bo litšila. Melimo ea tsona e ne e akarelletsa Baale (ea tsebahalang haholo ka sebōpeho sa lefika le betliloeng le tšoantšetsang setho sa botona), Moloke (molimo ea etsetsoang mahlabelo ka bana) le Ashtorethe (Astarte) molimotsana ea fanang ka matla a ho ba le bana.—De 7:1-4; 12:31; Ex 23:23; Le 18:21-25; 20:2-5; Bhl 2:11-14; Pes 106:37, 38.
Ka linako tse ling sebaka sohle seo Molimo a neng a se fa Baiseraele se ne se bitsoa “Kanana,” ho tloha ka leboea ho Sidone ho ea fihla “phuleng ea molapo o phoroselang ea Egepeta.” (Nu 13:2, 21; 34:2-12; Ge 10:19) Ka linako tse ling Bibele e bolela mabitso a lichaba tse fapaneng, metse, kapa batho ba neng ba phela naheng eo. Ba bang ba ne ba lula libakeng tse arohileng, joaloka Bafilista ba neng ba lula lebōpong la leoatle le Bajebuse ba neng ba lula lithabeng haufi le Jerusalema. (Nu 13:29; Jos 13:3) Ka mor’a nako, ba bang ba ne ba tloha libakeng tse ling ba fallela ho tse ling.—Ge 34:1, 2; 49:30; Jos 1:4; 11:3; Bhl 1:16, 23-26.
Ha Baiseraele ba Falla Egepeta, ho ka etsahala hore ebe Baamore e ne e le morabe o matla ka ho fetisisa.a (De 1:19-21; Jos 24:15) Ba ne ba hapile naha ea Bamoabe ho ea fihla tlaase phuleng ea molapo o phoroselang ea Arnone, le hoja sebaka se ka mose oane ho Jeriko se ne se sa ntse se bitsoa “lehoatata la Moabe.” Marena a Baamore a ne a boetse a busa Bashane le Gileade.—Nu 21:21-23, 33-35; 22:1; 33:46-51.
Le hoja Molimo a ne a tšehelitse Baiseraele, ha baa ka ba felisa lichaba tsohle tse neng li ahlotsoe, ’me ka mor’a nako li ile tsa chehela Baiseraele leraba. (Nu 33:55; Jos 23:13; Bhl 2:3; 3:5, 6; 2Ma 21:11) Ka sebele, Baiseraele ba ile ba oela lerabeng ho sa tsotellehe temoso e reng: “Le se ke la latela melimo e meng, melimo leha e le efe ea lichaba tse le pota-potileng ka hohle.”—De 6:14; 13:7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho tšoana le “Kanana,” lebitso “Baamore” le ka sebelisoa ha ho buuoa ka batho ba lulang naheng eo kaofela kapa la boela la sebelisoa ha ho buuoa ka morabe oo.—Ge 15:16; 48:22.
[’Mapa leqepheng 11]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Lichaba Tse Neng Li Lokela Ho Lelekoa Naheng E Tšepisitsoeng
FILISTIA (D8)
C8 Ashkelone
C9 Gaza
D8 Ashdode
D8 Gathe
D9 Gerare
KANANA (D8)
B10 BAAMALEKE
C12 Hazare-adare (Adare?)
C12 Kadeshe (Kadeshe-barnea)
D8 Lakishe
D9 Beerseba
D10 BAAMORE
D11 NEGEBE
E4 Dore
E5 Megido
E5 Tanake
E6 Afeke
E6 BAHEVE
E7 BAJEBUSE
E8 Bethe-shemeshe
E8 Hebrone (Kiriathe-arba)
E9 BAHETHE
E9 Debire
E10 Arade (Mokanana)
E10 BAKENIZE
E11 Akrabime
F4 BAGIRGASHE
F6 Shikeme
F7 BAPEREZE
F7 Gilgale
F7 Jeriko
F8 Jerusalema
G2 BAHEVE
G2 Dane (Laishe)
G3 Hazore
FOENISIA (F2)
E2 Tyre
F1 Sidone
EDOMO (F12)
F11 SEIRE
G11 Bozra
BAAMORE (SIHONE) (G8)
G6 GILEADE
G7 Shitime
G7 Heshbone
G9 Aroere
SYRIA (H1)
G1 Baale-gade
G2 BAHEVE
I1 Damaseka
MOABE (H10)
BAAMORE (OGE) (I5)
G6 GILEADE
H3 BASHANE
H4 Ashtarothe
H4 Edrei
AMMONE (I7)
H7 Raba
[Mahoatata]
H12 LEHOATATA LA ARABIA
[Lithaba]
E4 Thaba ea Karmele
E11 Thaba ea Hore
G1 Thaba ea Hermone
G8 Thaba ea Nebo
[Moo ho Nang le Metsi]
C6 Leoatle la Mediterranean (Leoatle le Leholo)
F9 Leoatle la Letsoai
G4 Leoatle la Galilea
[Linōka le melapo]
B11 P.M.P. ea Egepeta
F6 Nōka ea Jordane
G6 P.M.P. ea Jaboke
G9 P.M.P. ea Arnone
G11 P.M.P. ea Zerede
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Ka ho le letona: Morena Oge oa Baamore o ne a busa Bashane, e tsebahalang haholo ka lipoho le linku tsa eona
Ka tlaase: Moabe, ka mose ho Leoatle la Letsoai ho ella lefelleng la Juda
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Jehova o ile a laela Baiseraele ho leleka lichaba tse rapelang melimo ea bohata, e kang Baale, Moloke le Ashtorethe (ea bontšitsoeng) molimotsana ea fanang ka matla a ho ba le bana