Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gl maq. 14-15
  • ‘Ha Jehova a ne a Hlahisa Baahloli’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ha Jehova a ne a Hlahisa Baahloli’
  • ‘Bona Naha e Ntle’
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Iseraele Mehleng ea Davida le Solomone
    ‘Bona Naha e Ntle’
  • Naha E Tšepisitsoeng
    ‘Bona Naha e Ntle’
  • Iseraele Sebakeng se e Potolohileng
    ‘Bona Naha e Ntle’
  • Jesu “Naheng ea Bajuda”
    ‘Bona Naha e Ntle’
Bala Tse Ling
‘Bona Naha e Ntle’
gl maq. 14-15

‘Ha Jehova a ne a Hlahisa Baahloli’

Meloko le Baahloli

U KA fumana Thaba ea Tabore (F4) habonolo ’mapeng—ka boroa-bophirimela ho Leoatle la Galilea, Phuleng ea Jezriele. Ka mahlo a kelello leka ho bona lebotho la banna ba 10 000 le bokane tlhōrōng ea thaba. Jehova o ile a sebelisa Moahloli Barake le Debora moprofeta oa mosali ho bokella Baiseraele hammoho bakeng sa ho loantša Morena Jabine oa Kanana, ea neng a hateletse batho ka lilemo tse 20. Tlas’a tataiso ea Sisera molaoli oa lebotho, likoloi tsa Jabine tsa ntoa tse 900 tse hlomeletsoeng ka mahare a tšepe tsa tloha Haroshethe tsa leba nōkeng e omileng ea Kishone, pakeng tsa Megido le Thaba ea Tabore.

Moahloli Barake o ile a etella banna ba Iseraele pele ho theohela phuleng eo ho ea loantša mabotho a Sisera. Jehova o ile a etsa bonnete ba hore baa hlōla ka ho nesa moroallo o phoroselang o ileng oa etsa hore likoloi tsa ntoa tsa Sisera li qaoe, ’me Bakanana ba tlala tšabo. (Bhl 4:1–5:31) Lena ke lekhetlo le le leng har’a a mangata ao Molimo a ileng a etsa hore Baiseraele ba hlōle ka ’ona nakong ea Baahloli.

Ka mor’a hore Kanana e hlōloe, naha e ile ea aroleloa meloko ea Iseraele. Hlokomela libaka tseo meloko e sa tšoaneng eo e seng ea Balevi e neng e lula ho tsona. Moloko o monyenyane oa Simeone o ile oa fuoa metse naheng ea Juda. Ka mor’a lefu la Joshua, sechaba se ile sa fokola moeeng ’me sa hlepha boitšoarong. Baiseraele ba ile ba “e-ba mahlomoleng a maholo,” ba hatelloa ke lira. Ka lebaka la ho ba utloela bohloko, ‘Jehova o ile a hlahisa baahloli’—banna ba 12 ba nang le tumelo le ba sebete—ba ileng ba lopolla Baiseraele nakong ea lilemo tse makholo a mararo.—Bhl 2:15, 16, 19.

Moahloli Gideone o ile a sebelisa banna ba 300 ba sa hlomelang haholo empa e le ba matjato hore a hlōle bahlabani ba Bamidiane ba 135 000. Ntoa e ne e loaneloa pakeng tsa Thaba ea Gilboa le ea More. Ka mor’a hore a hlōle ka lekhetlo la pele, Gideone o ile a lelekisa sera ho ea nģ’a bochabela, lehoatateng.—Bhl 6:1–8:32.

Jafeta, Mogileade oa moloko oa Manase, o ile a lokolla metse ea Baiseraele e ka bochabela ho Jordane ho bahatelli ba Baammone. Mohlomong Jafeta o ile a sebelisa Tsela ea Morena ha a hatela pele ’me a hlōla Ramothe-gileade ho ea Aroere le ka nģ’ane ho eona.—Bhl 11:1–12:7.

Boholo ba liphutuho tsa Samsone khahlanong le Bafilista li etsahetse sebakeng se lebōpong la leoatle ho potoloha Gaza le Ashkelone. Gaza e sebakeng se mongobo se tsebahalang haholo ka temo ea sona. Samsone o ile a sebelisa liphokojoe tse 300 ho hotetsa masimo a lijo-thollo, a morara le meru ea mehloaare ea Bafilista.—Bhl 15:4, 5.

Joalokaha tlaleho ea Bibele kapa ea meloko ea bona e bontša, ho totobetse hore baahloli ba ne ba le mafolofolo ho pholletsa le Naha eohle e Tšepisitsoeng. Kae kapa kae moo lintho li neng li etsahala teng, Jehova o ne a hlokomela batho ba hae ba bakileng linakong tsa tlokotsi.

[’Mapa leqepheng la 15]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

Meloko le Baahloli

Baahloli

1. Othniele (Leloko la Manase)

2. Ehude (Leloko la Juda)

3. Shamgare (Leloko la Judah)

4. Barake (Leloko la Nefthtali)

5. Gideone (Leloko la Issachar)

6. Thola (Leloko la Manase)

7. Jaire (Leloko la Manase)

8. Jafeta (Leloko la Gade)

9. Ibzane (Leloko la Zabulone)

10. Elone (Leloko la Zabulone)

11. Abdone (Leloko la Ephraim)

12. Samsone (Leloko la Juda)

Likarolo Tsa Meloko (see publlication)

Metse e Beheletsoeng ka Thōko ea Manase

E4 Dore

E5 Megido

E5 Tanake

F4 Ene-dore

F5 Bethe-sheane (Bethe-shane)

F5 Ibleame (Gathe-rimone)

Metse e Beheletsoeng ka Thōko ea Simeone

C9 Charuhene (Sharaime) (Shilhime)

C10 Bethe-lebaothe (Bethe-biri)

D8 Ethere (Tokene)

D9 Ziklage

D9 Aine

D9 Hazare-susa?

D9 Ashane

D9 Beerseba

D10 Hazare-shuale

E9 Etame

E9 Bethe-markabothe

E9 Bethuele? (Kesile?)

E9 Sheba? (Jeshua)

E10 Baalathe-beere (Baale)

E10 Ezeme

Metse ea Setšabelo ea Balevi

E8 Hebrone

F3 Kedeshe

F6 Shikeme

H4 Golane

H5 Ramothe-gileade

H8 Bezere

Litsela Tse Khōlō

B10 Via Maris

G10 Tsela ea Morena

Meloko Ea Iseraele

DANE (D7)

D7 Jopa

E8 Zora

JUDA (D9)

C8 Ashkelone

C9 Gaza

C9 Charuhene (Sharaime) (Shilhime)

C10 Bethe-lebaothe (Bethe-biri)

C12 Azmone

C12 Kadeshe

D7 Jabniele

D8 Ethere (Tokene)

D9 Ziklage

D9 Aine

D9 Hazare-susa?

D9 Ashane

D9 Beerseba

D10 Hazare-shuale

E8 Lehi

E8 Bethlehema

E8 Hebrone

E9 Etame

E9 Bethe-markabothe

E9 Bethuele? (Kesile?)

E9 Sheba? (Jeshua)

E10 Baalathe-beere (Baale)

E10 Ezeme

ASHERE (E3)

E2 Tyre

E4 Haroshethe

E4 Dore

F1 Sidone

MANASE (E5)

E6 Shamire (Samaria)

E6 Pirathone

F6 Shikeme

G5 Abele-mehola

EFRAIME (E7)

E7 Timnathe-sera

F6 Tapua

F6 Shilo

F7 Bethele (Luze)

NEFTHALI (F3)

F2 Bethe-anathe

F3 Kedeshe

G3 Hazore

ZABULONE (F4)

E4 Bethlehema

ISAKARE (F5)

E5 Megido

E5 Kedeshe (Kishione)

E5 Tanake

F4 Ene-dore

F5 Bethe-shita

F5 Bethe-sheane (Bethe-shane)

F5 Ibleame (Gathe-rimone)

BENJAMINE (F7)

F7 Gilgale

F8 Jerusalema

DANE (G2)

G2 Dane (Laishe)

MANASE (H3)

H4 Golane

GADE (H6)

G6 Sukothe

G6 Penuele

G6 Mizpa (Mizpe)

G7 Jogbeha

H5 Ramothe-gileade

H7 Raba

H7 Abele-keramime

RUBENE (H8)

G7 Heshbone

G9 Aroere

H7 Minithe

H8 Bezere

[Libaka tse ling]

I1 Damaseka

[Lithaba]

F4 Thaba ea Tabore

F4 More

F5 Thaba ea Gilboa

F6 Thaba ea Ebale

F6 Thaba ea Gerizime

[Moo ho Nang le Metsi]

C5 Leoatle la Mediterranean (Leoatle le Leholo)

F9 Leoatle la Letsoai

G4 Leoatle la Galilea

[Linōka le melapo]

B11 P.M.P. ea Egepeta

F6 Nōka ea Jordane

G6 P.M.P. ea Jaboke

G9 P.M.P. ea Arnone

G11 P.M.P. ea Zerede

[ Setšoantšo se leqepheng la 14]

Thaba ea Tabore, naheng ea Isakare, e okametse Phula ea Jezriele

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Kishone e jang litlhokoa e ile ea etsa hore likoloi tsa ntoa tsa Sisera li qaoe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela