Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp2 khao. 4 maq. 42-47
  • Ha le Bontšana Lerato—Le Lokela ho Fella Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha le Bontšana Lerato—Le Lokela ho Fella Hokae?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Beha Moeli o Hlakileng
  • Kamano Pakeng tsa ba Batona le ba Batšehali e “Fetella” ha e Fihla Kae?
    Tsoha!—1993
  • Nka Qoba ho Bapala ka Boitšoaro bo Bobe Joang?
    Tsoha!—1994
  • Na ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo
    Tsoha!—2013
  • Ho Bapala ka Boitšoaro bo Bobe—Kotsi ke Efe?
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
yp2 khao. 4 maq. 42-47

Khaolong ea 4

Ha le Bontšana Lerato—Le Lokela ho Fella Hokae?

’Nete kapa bohata . . . 

Ho fosahetse hore batho ba babeli ba ratanang ba tšoarane, boemong leha e le bofe.

□ ’Nete

□ Bohata

Batho ba ratanang ba ntse ba ka ba molato oa bohlola le hoja ba sa kopanele liphate.

□ ’Nete

□ Bohata

Haeba batho ba ratanang ba sa tšoara-tšoarane ka tsela e tsosang takatso ea ho kopanela liphate, hoo ho bolela hore ehlile ha ba ratane.

□ ’Nete

□ Bohata

HA HO pelaelo hore u nahanne ka taba ena haholo. Etsoe haeba ua ratana, u ka ’na ua thatafalloa ho tseba hore na u felle hokae ha ho tluoa tabeng ea ho bontšana lerato. A re hlahlobe lipolelo tse tharo tse ka holimo tse batlang hore motho a khethe ’nete kapa bohata ’me re bone kamoo Lentsoe la Molimo le re thusang kateng ho araba potso e reng, “Ha le bontšana lerato—le lokela ho fella hokae?”

● Ho fosahetse hore batho ba babeli ba ratanang ba tšoarane, boemong leha e le bofe.

Bohata. Bibele ha e nyatse lipontšo tse loketseng, tse hloekileng tsa lerato. Ka mohlala, Bibele e bua ka moroetsana oa Moshulame le molisa eo a neng a ratana le eena. Lefereho la bona le ne le hloekile. Empa kamoo ho bonahalang kateng ba ile ba bontšana lerato ka litsela tse itseng pele ba nyalana. (Sefela sa Lifela 1:2; 2:6; 8:5) Kajeno baratani ba bang ba nahanang ka ho teba ka lenyalo le bona ba ka ’na ba nka hore ho loketse ho bontšana lerato ka litsela tse itseng tse hloekileng.a

Leha ho le joalo, batho ba ratanang ba lokela ho ba hlokolosi haholo. Ho akana, ho hakana, kapa ho etsa ntho leha e le efe e tsosang takatso ho ka lebisa boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate. Ho bonolo hore baratani ba etsang lintho ka sepheo se hloekileng, ba nkehe hoo ba ka qetellang ba oetse boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate.—Bakolose 3:5.

● Batho ba ratanang ba ntse ba ka ba molato oa bohlola le hoja ba sa kopanela liphate.

’Nete. Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng qalong, le fetoletsoeng e le “bohlola” (por·neiʹa) le na le moelelo o pharaletseng. Le hlalosa litsela tsohle tseo batho ba sa nyalanang ba kopanelang liphate ka tsona ’me le hatella taba ea ho sebelisa litho tsa botona kapa botšehali hampe. Kahoo bohlola hase feela taba ea ho kopanela liphate ka tsela ea sebele empa bo boetse bo akarelletsa ho pholla litho tsa e mong tsa botona kapa tsa botšehali, ho nyanya litho tsa ka sephiring le ho li kenya ka morao.

Ho feta moo, Bibele ha e nyatse bohlola feela. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Mesebetsi ea nama ea bonahala, ’me ke bohlola, ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng.” A phaella ka ho re: “Ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.”—Bagalata 5:19-21.

“Ho se hloeke” ke eng? Lentsoe la Segerike le akarelletsa litšila tsa mofuta leha e le ofe, ebang ke seo motho a se buang kapa a se etsang. Ka sebele ke ho se hloeke ho lumella motho e mong ho kenya letsoho butle-butle ka liaparong tsa e mong, ho mo hlobolisa, kapa ho mo tšoara-tšoara litho tsa botho tse kang matsoele. Bibele e amahanya ho tšoara-tšoara matsoele le khotsofalo e reretsoeng ho thabeloa ke banyalani feela.—Liproverbia 5:18, 19.

Bacha ba bang ha ba hlajoe ke lihlong ho tlōla melao-motheo ea bomolimo. Ba tlōla moeli ka boomo, kapa ka meharo ba batla ho kena mekhoeng e litšila ea ho kopanela liphate le batho ba ’maloa. Ba joalo ba ka ba molato oa ho kopanela boitšoarong boo moapostola Pauluse a reng ke “boitšoaro bo hlephileng.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boitšoaro bo hlephileng” le bolela ‘liketso tse feteletseng, ho fetella, ho hloka mekhoa, ho se laole takatso e litšila.’ Ha ho pelaelo hore ha u batle ho ‘felloa ke kutlo eohle ea boitšoaro’ ka ho inehella “boitšoaro bo hlephileng ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo.”—Baefese 4:17-19.

● Haeba batho ba ratanang ba sa tšoara-tšoarane ka tsela e tsosang takatso ea ho kopanela liphate, hoo ho bolela hore ehlile ha ba ratane.

Bohata. Ho fapana le seo ba bang ba ka ’nang ba se nahana, ho tšoara-tšoarana ka tsela e sa lokelang e tsosang takatso ha ho tiise maqhama a lerato. Ho e-na le hoo, ho etsa hore le se ke la hlomphana le ho tšepana. Nahana ka se kileng sa etsahalla Laura. O re: “Ka le leng mohlankana oa ka o ile a nketela lapeng ’Mè a le sieo, a re o tlil’o shebella TV feela. Qalong o ile a ntšoara ka letsoho feela. Ka ho panya ha leihlo feela a be a se a qala ho ntšoara-tšoara hohle. Ke ne ke tšaba ho mo bolella hore a khaotse; ke ne ke nahana hore o tla koata ebe oa tsamaea.”

U nahana’ng ka boemo boo? Na mohlankana eo oa Laura o ne a hlile a mo rata, kapa ka boithati o ne a mpa a batla feela ho ikhotsofatsa? Na motho ea lekang ho u hoka-hoka ka boitšoaro bo sa hloekang o bontša hore o hlile oa u rata?

Ha moshanyana a qobella ngoanana hore a etse se khahlanong le letsoalo la hae le tsela ea Bokreste eo a koetlisitsoeng ka eona, o tlōla molao oa Molimo ebile o shanofatsa taba ea hore o hlile o rata ngoanana eo. Ho feta moo, ngoanana ea lumellanang le seo o itumella hore a sebelisoe. Ho hobe le ho feta ke hore o tla be a entse ketso e sa hloekang—mohlomong a entse le bohlola.b—1 Bakorinthe 6:9, 10.

Beha Moeli o Hlakileng

Haeba ua ratana, u ka etsa’ng ho qoba lipontšo tse sa lokelang tsa lerato? Tsela e bohlale ke hore u behe moeli o hlakileng esale pele. Liproverbia 13:10 e re: “Ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.” Kahoo buisana le motho eo u ratanang le eena hore na ke lipontšo life tse loketseng tsa lerato. Ho emela ho fihlela le nkehile ke maikutlo a lerato pele le beha moeli ho tšoana le ho emela hore ntlo e che pele le kenya alamo.

Ke ’nete hore le ka ’na la thatafalloa ho bua ka taba e joalo e amang maikutlo—kapa hona ho hlajoa ke lihlong—haholo-holo haeba e le hona le qalang ho ratana. Empa ho beha meeli ho ka le thusa ho qoba mathata a tebileng a ka ’nang a hlaha hamorao. Ho beha meeli ka bohlale ho tšoana le ha u kentse alamo e lemosang hore hoa cha hang feela ha ho e-ba le mosi. Ho feta moo, ho buisana ha lōna ka lintho tse kang tsena ho ka ’na ha boela ha bontša hore na taba ea lōna e na le moo e eang teng kapa che. Ha e le hantle, motheo oa hore banyalani ba khotsofale ha ba kopanela liphate ke boitšoaro, mamello le ho hloka boithati.—1 Bakorinthe 7:3, 4.

Ke ’nete hore ha ho bonolo ho khomarela melao ea bomolimo. Empa u ka tšepa keletso eo Jehova a fanang ka eona. Etsoe ho Esaia 48:17, o itlhalosa ka hore ke eena “Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” Jehova o u batlela se molemo ka ho fetisisa!

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 24

KHAOLONG E LATELANG

Ho emela lenyalo ha ho etse hore u be ea sa fellang. Ho e-na le hoo, ke bohlale ho etsa joalo. Bala u utloe lebaka la seo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Libakeng tse ling, ha batho ba sa nyalanang ba bontšana lerato ka pel’a batho hoo ho nkoa e le ho sa lokelang le ho khopisang. Bakreste ba hlokolosi hore ba se ke ba itšoara ka tsela e ka khopisang ba bang.—2 Bakorinthe 6:3.

b Ha e le hantle, lintlha tse boletsoeng serapeng sena li sebetsa ho bashanyana le banana.

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Lerato . . . ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng.”—1 Bakorinthe 13:4, 5.

KELETSO

Ha le intša, tsamaeang le le sehlopha, kapa u batle hore le be le molebeli. Qobang ho ba maemong a ka lebisang kotsing, joaloka ho ba ka koloing e pakiloeng kapa ka tlung le le bang.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Ha le se le tšepisane lenyalo, ho hlokahala hore le buisane ka lintlha tse itseng tsa botho. Empa ho ipuela puo-phara ka morero oa ho tsosa takatso ea ho kopanela liphate ke mofuta o mong oa boitšoaro bo sa hloekang—ebang le buisana ka fono kapa le romellana melaetsa.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Nka qoba ho hoka-hokeloa boitšoarong bo litšila ka hore ke ․․․․․

Haeba motho eo ke ratanang le eena a leka ho nkhatella hore ke kopanele boitšoarong bo sa hloekang, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● U tla ipehela moeli ofe tabeng ea ho bontšana lerato?

● Hlalosa phapang pakeng tsa bohlola, ho se hloeke le boitšoaro bo hlephileng.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 46]

“’Na le mohlankana oa ka re balile hammoho lihlooho tse thehiloeng Bibeleng tse buang ka ho hloeka boitšoarong. Re ananela kamoo li re thusitseng kateng hore re lule re e-na le letsoalo le hloekileng.’’—Leticia

[Lebokose se leqepheng la 44]

Ho Thoe’ng Haeba re se re Tlōtse Moeli?

Ho thoe’ng haeba u kopanetse boitšoarong bo litšila? U se ke ua ithetsa ua nahana hore u ka rarolla bothata boo ka bouena. Mocha e mong o re: “Ke ne ke ee ke rapele, ke re ‘Re kōpa u re thuse hore re se ke ra oela molekong oo hape.’ Ka linako tse ling re ne re atleha, empa ka linako tse ling re hlōleha.” Kahoo buisana le batsoali ba hao. Bibele e boetse e fana ka keletso ena e molemo: ‘Bitsa banna ba baholo ba phutheho.’ (Jakobo 5:14) Balisa bana ba Bakreste ba ka u fa keletso le khalemelo e le hore u tsosolose kamano ea hao le Molimo.

[Litšoantšo tse leqepheng la 47]

Na u ne u tla emela hore ntlo ea hao e che pele u kenya alamo? Kahoo u se ke ua emela hore u tsoheloe ke takatso pele u beha melao ea boitšoaro e u tataisang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela