Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 2/8 maq. 16-18
  • Ho Bapala ka Boitšoaro bo Bobe—Kotsi ke Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bapala ka Boitšoaro bo Bobe—Kotsi ke Efe?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kotsi ea Moea
  • Na ke Lerato?
  • Likamano tse Senyehileng
  • Bolaea Takatso e Fosahetseng
  • Kamano Pakeng tsa ba Batona le ba Batšehali e “Fetella” ha e Fihla Kae?
    Tsoha!—1993
  • Ha le Bontšana Lerato—Le Lokela ho Fella Hokae?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Nka Qoba ho Bapala ka Boitšoaro bo Bobe Joang?
    Tsoha!—1994
  • Na ho Ratana ho Lokafatsa ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 2/8 maq. 16-18

Ho Bapala ka Boitšoaro bo Bobe—Kotsi ke Efe?

Lauraa oa hopola: “Ka letsatsi le leng mohlankana oa ka o ile a nketela ha ’mè a le sieo lapeng, ka khopolo ea ho tla shebella TV feela. Pele o ile a tšoara letsoho la ka feela. Eaba ka tšohanyetso, matsoho a hae a qala ho mphopholetsa hohle. Ke ne ke tšaba ho ’molella hore a khaotse; ke ne ke nahana hore o tla fela pelo ebe o batla ho tsamaea.”

KAHOO Laura le mohlankana oa hae ba ile ba kena tseleng e kenellang haholoanyane boitšoarong bo fosahetseng. Ho akana ka tsela e tsosang takatso e matla le hona ho ile ha lebisa liphosong tse tebileng haholoanyane. Leha ho le joalo, ke ba fokolang lefatšeng la kajeno ba ka nyarosoang ke boitšoaro bo joalo. Koana, lipatlisiso li bontša hore United States boholo ba bacha ba lilemo li 19 ba se ba bile le likamano tsa botona le botšehali! Ho akana ho tebileng esita le ho tšoarana likarolo tsa botho tsa ’mele ho talingoa e le ho itlosa bolutu feela ho se nang kotsi. Bacha ba bang ba ithorisa ka hore na ba kile ba ea bohōleng bofe lipatlisisong tsa bona tsa botona le botšehali.

Ka masoabi, bacha ba bang ba Bakreste ba kenelletse boitšoarong bo joalo bo fosahetseng. Ho bonahala ba nahana hore hafeela ba sa “be le likamano tsa botona le botšehali,” ha ho na kotsi.

Kotsi ea Moea

Ha ho ntho e neng e ka ba thōko le ’nete ho feta eo. Bibele e nyatsa ba lokolohang ho ba bong bo fapaneng. Seo ba bang ba ka ’nang ba bolela hore ke ho phathatsana “ho se nang kotsi” ho ka lebisa ho seo Bibele e se bitsang litšila, boitšoaro bo hlephileng, kapa esita le bohlola. Lintho tsena ke liphoso tse tebileng tse ka fellang ka ho lelekoa phuthehong ea Bokreste.—Ba-Galata 5:19, 21.

Ka hona ho bapala ka boitšoaro bo bobe hase ntho e lokelang ho nkoa habobebe. Ke ‘litšila tsa nama le moea’—e leng ntho e ka senyang kamano ea hao le Molimo ka ho tebileng. (2 Ba-Korinthe 7:1) Qetellong, ho ka ba ha etsa hore kelello ea hao e ‘senyehe, e timelloe ke ’nete e ho Kreste.’ (2 Ba-Korinthe 11:3) Mocha ea susumeletsoang boitšoarong bo litšila, kapa ea susumeletsang e mong ho bona, ho hang o sitoa ho bonahatsa ‘lerato la Bokreste le tsoang pelong e hloekileng le letsoalong le letle, le tumelong e se nang boikaketsi.’—1 Timothea 1:5, 19, NW.

Motho ea fetellang ka ho bontša kameho a ka tsoa kotsi ea ho utloa bohloko maikutlong. Lebaka la sena ke hobane, joalokaha sehlooho se seng ho makasine oa Seventeen se re hopotsa, “litsela tse fapaneng tseo batho ba ka tšoaranang ka tsona . . . li ka ba haufi-ufi le ho ba matla joaloka likamano tsa botona le botšehali.” Kahoo le hoja ho akana le ho phathatsana ho ka thabisa ’meleng, banana haholo-holo ba ka fumana hore phihlelo eo e ba siea ba ikutloa ba le feela ’me ba e-na le sekheo maikutlong. Journal of Marriage and the Family ea hlokomela: “Basali ba tlaleha maikutlo a letsoalo, ho ba molato, ho tšoenyeha, ho hlajoa ke lihlong, esita le ho nyonya.”

Na ke Lerato?

Nahana ka tlaleho ea Bibele e ho Liproverbia khaolo ea 7, e bolelang ka ho ekoa ha mohlankana ke letekatsi. Mosali eo ea itšoereng hampe o ile a bolella mohlankana eo: “Tloo, a re noe ho ikhotsofatsa leratong ho fihlela hoseng; ha re thabelane ka lipontšo tsa lerato.” Ntle le pelaelo khopolo ea ho ratoa e ne e ipiletsa ho mocha enoa. Empa ha e le hantle letekatsi leo le ile la mo ‘khelosa ka bongata ba lipolelo tse phehellang tsa lona. La mo [eka] ka leleme la lona le boreleli.’ Che, le ne le se na lerato la sebele ho mohlankana eo; e ne e mpa e le ntho e sebelisoang. Le ile la mo hanyapetsa ka ho feletseng.—Liproverbia 7:18-21, NW.

Ka tsela e tšoanang, bacha ba bangata kajeno—haholo-holo banana—baa hanyapetsoa. Hangata banana ka ho khetheha ke bona ba susumeletsoang ho lumela ho etsa lintho tse sa nepahalang. Ho latela buka The Compleat Courtship ea Nancy Van Pelt, “patlisiso e ’ngoe e ile ea senola hore tšusumetso e sebelisoang haholo [ke bashemane] ke: ‘Haeba u nthata, u tla ntumella.’” Mongoli o hlokomela hore ba batona ba ’nile ba sebelisa tšusumetso ena “ho tloha khale.”

Empa na motho ea tla u hulela boitšoarong bo sa hloekang le bo nyatsoang ke Molimo ea Matla ’Ohle ka sebele o u bontša lerato? Eseng ho latela Lentsoe la Molimo. Buka eo e re hopotsa hore ‘lerato la ’nete . . . ha le etse ho soabisang.’ (1 Ba-Korinthe 13:4, 5) Mongoli Nancy Van Pelt oa botsa: “Haeba a fumana seo a se batlang, u tla ba le bopaki bofe ba hore oa u rata ha ho se ho felile? Ho ka etsahala hore ebe o u sebelisitse.”—Bapisa le 2 Samuele 13:15.

Ha moshemane a qobella ngoanana hore a hlompholle thuto le letsoalo la hae la Bokreste, o shanofatsa polelo efe kapa efe ea hore ka sebele oa mo rata. ’Me haeba moshemane eo a ipolela hore ke Mokreste, o shanofatsa ho ipolela ha hae e le Mokreste. Ngoanana ea inehelang tšosong ena oa hanyapetsoa, oa sebelisoa, o theoloa seriti. Ho hobe le ho feta, o entse ketso e litšila, ebile mohlomong bohlola, e leng tlōlo e tebileng ea molao oa Molimo.—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.

Ke ’nete, banana ba bang ba kopanela ka boikemisetso. Empa tumellano ea batho ba babeli ea ho etsa ntho e fosahetseng ha e etse hore e nepahale. Liproverbia 14:12 e re: “Ho motho, tsela e ’ngoe e bonahala e ntse e ka e lokile, athe bofello ba eona bo isa lefung.”

Likamano tse Senyehileng

Ba bang ba ka ’na ba ba le boikutlo ba hore lipontšo tsa kameho tsa ’mele li ntlafatsa kamano. Leha ho le joalo, ho lokoloha ka tsela e sa lokelang likamanong tsa botona le botšehali ha ho matlafatse kamano. Ho e theola seriti. Bonyane, ho felisa tlhomphano le ho tšepana. Ngoanana e mong ea ileng a kenella boitšoarong bo bobe oa lumela: “Ka mor’a moo ke ne ke e-na le maikutlo a mabe ka moshemane eo.”

Ho hloka boitšoaro nakong ea lefereho ho ka tsoela pele ho ba le phello e mpe esita le ka mor’a hore batho ba nyalane. Boitšoaro, mamello, le ho hloka boithati ke moralo oa kamano e khotsofatsang ea botona le botšehali lenyalong. (1 Ba-Korinthe 7:3, 4) Empa nakong ea lefereho, ba bang ba qala mokhoa oa ho inehela takatsong ea boithati, ba behella boitšoaro ka thōko, ’me e mong a hlokomoloha maikutlo a e mong. Sena se ka etsa hore lenyalo le be le tšimoloho e mpe ka mokhoa o tšabehang.

Ha ho akana ho tsosang takatso e matla le ho phopholetsana ho qala, hangata puisano e nang le morero ea khaotsa. Ho ntšana se inong ho hlokahalang—ka lipakane, litaba-tabelo, le maikutlo—ho nkeloa sebaka ke boitšoaro bo se nang kelello, bo tsosang takatso e matla. Liproverbia 15:22 (NW) ea eletsa: “Moo ho se nang ho ntšana se inong, merero ea qhalana.” Ka mor’a hore ba hlōlehe ho theha moralo o tiileng oa lenyalo leferehong, ba bangata ba latsoa ho ferekana le ho ikutloa ba le molato ha ba qetella ba nyalane.

Bolaea Takatso e Fosahetseng

Ntlha e ’ngoe e lokelang ho hlahlobjoa ke molao-motheo oa Bibele o ho Ba-Kolosse 3:5 (NW): “Ka hona, bolaeang litho tsa lōna tsa ’mele tse lefatšeng mabapi le bohlola, litšila, takatso ea botona le botšehali, takatso e kotsi, le ho lakatsa sa ba bang, e leng borapeli ba litšoantšo.” Ho e-na le ho tlosa “takatso e kotsi,” ho akana le ho phathatsana ho mpa feela ho e tsosa. Mohlankana e mong ea bitsoang Jack o bolela se ileng sa mo etsahalla le eo a neng a mo lebelelitse: “Pele e ne e le ho akana feela. Empa hamorao e ile ea e-ba ho akana ho tsosang takatso le ho phathatsana ho tebileng, hoo ka lekhetlo le leng re ileng ra batla re etsa bohlola. Ke ne ke tseba hore seo re se etsang ha sea nepahala ho ea ka litekanyetso tsa Jehova.”

Mocha ea bitsoang Vera, eo ka ho tšoanang a ileng a kenella boitšoarong bo joalo bo fosahetseng, oa lumela hore ho akana le ho phathatsana ho ile ha etsa hore a batle ho “ba le likamano tsa botona le botšehali.” Ka linako tse ling seo ke sona se hlileng se etsahalang. Bibele e bontša hore sebe se na le phello e thatafatsang letsoalo la motho. (Ba-Heberu 3:13) Ha motho a tloaela ho lokoloha ka tsela e sa tšoanelang, bobe bo ka eketseha. Mohato o mong oa likamano tsa botona le botšehali o lebisa ho o mong. Laura (ea boletsoeng qalong) oa ipolela: “Pele u hlokomela, u se u keneletse ho phathatsaneng ho tebileng. Ka mor’a metsotso e seng mekae u se u entse bohlola. Ke sona se nketsahaletseng.”

Ka masoabi, se tšoanang se etsahaletse bacha ba bang ba bangata. Maele a boholo-holo aa lemosa: “Ana motho a ka ikokhella mollo sefubeng, liaparo tsa hae li sa che na?” (Liproverbia 6:27) Karabo e hlakile. ’Me bacha ba Bakreste ba lokela ho nka temoso ea Molimo ka ho teba: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.”—Ba-Galata 6:7.

Ho feta moo, Lentsoe la Molimo le re: “Ha ho ea etsang bohlola kapa motho ea sa hloekang kapa motho ea meharo—ho bolelang ho ba morapeli oa litšoantšo—ea nang le lefa ’musong oa Kreste le oa Molimo.” (Ba-Efese 5:5, NW) Kahoo, ho bapala ka boitšoaro bo bobe ho na le liphello tse tebileng ebile ho ka ba ha etsa hore Mokreste a lahleheloe ke tšepo ea hae ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo.—Tšenolo 22:15.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 18]

Ho etsa lintho tse hahang le le sehlopha ho le thusa ho qoba maemo a ho sekisetsa

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ho lokoloha ho sa tšoanelang ha botona le botšehali ho theola seriti sa kamano

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela