Mohlala o Motle oa Baheberu ba Bararo
Hanania, Mishaele le Azaria ba eme thoteng ea Dura, e haufi le Babylona. Ba pota-potiloe ka hohle ke batho ba inameng ka pel’a setšoantšo se seholohali. Ho sa tsotellehe khatello ea lithaka le litšokelo tseo morena a neng a li etsa, bahlankana bana ba bararo ba ema ba tiile. Ba bolella Nebukadnezare ka tlhompho empa ba lomahantse meno hore ha ba cheche qetong ea bona ea ho sebeletsa Jehova.—Daniele 1:6; 3:17, 18.
Bahlankana bana ba ne ba sa le tlaase lilemong ha ba isoa botlamuoeng Babylona. Ho tšepahala ha bona ha ba sa ntse ba le tlaase lilemong—ha ba hana ho ja lijo tse neng li thibetsoe Molaong oa Molimo—ho ile ha ba hlomella ho tobana le maemo a mang a thata hamorao bophelong. (Daniele 1:6-20) Ba ne ba tseba ka se kileng sa ba hlahela hore ke bohlale ho mamela Jehova. Na le uena u ikemiselitse ho khomarela melao ea Molimo ho sa tsotellehe khatello ea lithaka? Haeba u ithuta ho mamela Jehova linthong tse ka ’nang tsa bonahala eka li nyenyane ha u sa ntse u le tlaase lilemong, u tla itokisetsa hantle hore u lule u tšepahala ha u tobana le liteko tse khōlō hamorao bophelong.—Liproverbia 3:5, 6; Luka 16:10.