Karolo 12
Bohlale ba Molimo bo re Tataisang Bophelong
Buka ea Liproverbia e na le keletso e tsoang ho Molimo—boholo ba eona e ngotsoe ke Solomone—’me e re bontša hore re phele joang letsatsi le leng le le leng
NA Jehova ke ’Musi ea bohlale? E le hore re arabele potso eo hamolemo re lokela ho hlahloba keletso eo a fanang ka eona. Na e nepahetse? Na ha u e sebelisa u tla phela hamonate ’me u khotsofale? Morena Solomone ea bohlale o ngotse maele a makholo-kholo. Maele ana a bua ka karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo. U ka bona sena mehlaleng e latelang.
Re lokela ho tšepa Molimo. Ha re tšepa Jehova re tla ikutloa re le haufi le eena. Solomone o re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Ha re tšepa Molimo ’me re lumela hore a re tataise re bile re mo mamela re tla phela hamonate. Sena se etsa hore motho a thabise pelo ea Molimo ’me se Mo thusa ho araba litseko tsa sera sa Hae e leng Satane.—Liproverbia 27:11.
Re lokela ho phelisana le ba bang ka bohlale. Keletso eo Molimo a e fang banna, basali le bana e molemo haholo kajeno ho feta neng kapa neng. Molimo o re ho monna: “U thabe le mosali oa bocha ba hao” e leng se bolelang hore o lokela ho tšepahala ho mosali oa hae. (Liproverbia 5:18-20) Ha basali ba nyetsoeng ba bala buka ea Liproverbia ba fumana hore e bua hamonate ka mosali ea nang le bokhoni ea hapang pelo ea monna oa hae le bana. (Liproverbia, khaolo ea 31) Le bana ba fumana keletso ea hore ba mamele batsoali. (Liproverbia 6:20) Buka ena e boetse e bontša hore ho bohlokoa ho ba le metsoalle, hobane motho ea itšehlang thajana o fetoha moithati. (Liproverbia 18:1) Metsoalle e ka re susumelletsa ho etsa lintho tse ntle kapa tse mpe, kahoo re lokela ho khetha metsoalle ka bohlale.—Liproverbia 13:20; 17:17.
Re lokela ho itlhokomela ka bohlale. Buka ea Liproverbia e na le likeletso tsa bohlokoa tabeng ea ho qoba ho noa joala ho feta tekano le ho leka ho ba le maikutlo a phelisang hantle ’me re qobe maikutlo a re kulisang, le tabeng ea ho ba mahlahahlaha mosebetsing. (Liproverbia 6:6; 14:30; 20:1) E re lemosa hore ho tšepa maikutlo a motho re sa natse keletso ea Molimo ho fella ka tlokotsi. (Liproverbia 14:12) E re khothalletsa hore re sireletse pelo linthong tse ka e senyang, ’me e re hopotsa hore “mehloli ea bophelo e tsoa ho eona [pelo].”—Liproverbia 4:23.
Batho ba limilione lefatšeng lohle ba hlokometse hore ho sebelisa keletso ena ho ntlafatsa bophelo haholo. Ka lebaka leo, ba na le mabaka a utloahalang a ho amohela Jehova e le ’Musi oa bona.
—E thehiloe bukeng ea Liproverbia.
◼ Re ka ithuta’ng bukeng ea Liproverbia?
◼ Bukeng ea Liproverbia re fumana keletso efe tabeng ea ho tšepa Molimo, ho phelisana le ba bang ka bohlale le ho itlhokomela ka bohlale?
[Lebokose le leqepheng la 15]
MOEKLESIA
Ke’ng e ka etsang hore re khotsofale re be re thabe bophelong? Solomone o ne a le boemong bo botle ba ho fumana karabo ea potso ena. Kaha e ne e le morui, a le bohlale ebile e le morena, o ne a khona ho bona hore na lintho tsena li ne li tla mo thabisa e le kannete. O ile a batla menate e tlisoang ke maruo, a nyala basali ba bangata ba batle, ’me a ithabisa ka litsela tse molemohali. O ile a haha mehaho e meholo. A bala libuka tsa litsebi. O ile a ithuta’ng? A ithuta hore “ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela.” Leha ho le joalo, o ile a lemoha ’nete ena: “Qetello ea taba, ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, ke ena: Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.”—Moeklesia 12:8, 13.
[Chate e leqepheng la 15]
Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
1 Samuele
2 Samuele
1 Marena
2 Marena
1 Likronike
2 Likronike
Esdrase
Nehemia
Esthere
Jobo
Lipesaleme
Liproverbia ●
Moeklesia ●
Sefela sa Lifela
Esaia
Jeremia
Lillo Tsa Jeremia
Ezekiele
Daniele
Hosea
Joele
Amose
Obadia
Jonase
Mikea
Nahume
Habakuke
Sofonia
Hagai
Zakaria
Malakia
Matheu
Mareka