LITEMANA TSA BIBELE LIA HLALOSOA
Liproverbia 3:5, 6—“U se ke oa Itšetleha ka Kutloisiso ea Hao”
“Tšepa Jehova ka pelo eohle ea hao, u se ke oa itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo kenye mererong eohle ea hao, o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
“Tšepa Morena ka pelo ea hao eohle, u se ke oa tšepa bohlale ba hao. Kenya Morena mererong ea hao, mo kenye ho eona eohle, tsela tsa hao a tla li otlolle.”—Maele 3:5, 6, Bibele—Phetolelo e Ntjha.
Tlhaloso ea Liproverbia 3:5, 6
Re lokela ho lumella Jehovaa Molimo ho re tataisa ho e-na le hore re etse liqeto tsa bohlokoa re sa nahana ka eena.
“Tšepa Jehova ka pelo eohle ea hao.” Re bontša hore re tšepa Molimo ha re etsa lintho ka tsela eo a e batlang. Re lokela ho tšepa Molimo ka lipelo tsa rona kaofela. Ha Bibele e bua ka pelo e bua ka motho eo re leng eena ka hare. Motho eo ea ka hare o akarelletsa maikutlo, lintho tse re susumetsang, monahano oa rona le tsela eo re itšoarang ka eona. Kahoo, ho tšepa Molimo ka lipelo tsohle tsa rona ha ho akarelletse tsela eo re ikutloang ka eona feela empa ke khetho eo re e etsang hobane re kholisehile hore ’Mopi oa rona o tseba se molemo bakeng sa rona.—Baroma 12:1.
“U se ke oa itšetleha ka kutloisiso ea hao.” Kaha ha rea phethahala, re ke ke ra tšepa tsela eo re nahanang ka eona, ke kahoo re lokelang ho tšepa Molimo. Haeba re etsa liqeto re itšetlehile ka kamoo re ikutloang kateng, re ka etsa liqeto tse bonahalang eka li nepahetse qalong empa ha nako e ntse e-ea tsa e-ba le litholoana tse bohloko. (Liproverbia 14:12; Jeremia 17:9) Molimo o bohlale haholo ho re feta. (Esaia 55:8, 9) Haeba re tataisoa ke eena bophelong ba rona, re tla atleha.—Pesaleme ea 1:1-3; Liproverbia 2:6-9; 16:20.
“U mo kenye mererong eohle ea hao.” Pele re etsa qeto le ha e le efe ea bohlokoa bophelong, re lokela ho nahana ka hore na Molimo o ikutloa joang ka taba eo. Re etsa joalo ka ho mo rapela, re mo kopa hore a re tataise le ho etsa lintho tseo re ithutang tsona ka Lentsoeng la hae e leng Bibele.—Pesaleme ea 25:4; 2 Timothea 3:16, 17.
“O tla otlolla litsela tsa hao.” Molimo o otlolla litsela tsa rona ka hore a re thuse hore re phele ka melao ea hae e lokileng. (Liproverbia 11:5) Kahoo, re qoba mathata ebile re phela bophelo bo thabisang haholo.—Pesaleme ea 19:7, 8; Esaia 48:17, 18.
Litaba tse potolohileng Liproverbia 3:5, 6
Buka ea Bibele ea Liproverbia e na le melao-motheo e re thusang ho phela bophelo bo thabisang le bo amohelehang ho Molimo. Likhaolo tse robong tse qalang li ngotsoe joalokaha eka ntate o eletsa mora oa hae eo a mo ratang. Khaolo ea boraro e bua haholo ka melemo ea ho sebelisa likeletso tse tsoang ho ’Mopi oa rona ea bohlale.—Liproverbia 3:13-26.
a Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.