Khaolong ea 12
Nka Etsa’ng Hore ke Itšepe Haholoanyane?
E Che
Ha u icheba ka seiponeng, na u rata □ □
tsela eo u shebahalang ka eona?
Na u nahana hore u na le □ □
makhabane a itseng?
Na u khona ho hanela □ □
khatello ea lithaka?
Na u khona ho mamella ha □ □
batho ba u nyatsa ka tšoanelo?
Na u khona ho iphapanyetsa lintho tse □ □
mpe tseo ba bang ba li buang ka uena?
Na u ikutloa eka ua ratoa? □ □
Na ua itlhokomela? □ □
Na u thabela ho bona ba □ □
bang ba atleha?
Na u inka u le motho ea □ □
atlehileng?
Haeba u arabetse ka che, lipotsong tse ’maloa ho tse ka holimo, e ka ’na eaba ho ikhalala ho entse hore u se ke ua hlokomela bokhoni ba hao. Khaolo ena e reretsoe ho u thusa hore u bo hlokomele!
BACHA ba bangata ba ikutloa ba sa kholiseha ka tsela eo ba shebahalang ka eona le ka bokhoni boo ba nang le bona le ka hore na ba joang ha ba bapisoa le ba bang. Na le uena u ikutloa joalo? Haeba ho joalo, hase uena feela ea ikutloang ka tsela eo!
“Mefokolo ea ka ea ’nyahamisa. Ke lula ke itšoaea liphoso nako ena kaofela.”—Leticia.
“Ho sa tsotellehe hore na u motle hakae, u tla lula u kopana le ba bang ba batle ho u feta.”—Haley.
“Ha ke phutholohe ha ke e-na le bacha ba bang. Ke tšaba hore ba tla nka hore ha ke motho oa bohlokoa.”—Rachel.
Haeba u ikutloa joaloka bacha bana ba qotsitsoeng ka holimo, u se ke ua nyahama. U ka fumana thuso. Nahana ka lintlha tse tharo tse tla u thusa hore u itšepe haholoanyane le hore u be le maikutlo a matle ka uena.
Thusa ba Bang
Lengolo la sehlooho. “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.
Seo le se bolelang. Ha u thusa batho ba bang, le uena ua ithusa. Joang? Maele a Bibele a re: “Ea tsebang ho fana o tla nona; ea nosetsang o tla nosetsoa le eena.” (Liproverbia 11:25, Bibele ea Sesotho) Ke ’nete e ke keng ea latoloa hore ha u thusa batho ba bang, le uena u ikutloa u le motho oa bohlokoa!a
“Ke nahana ka seo nka se etsetsang ba bang ’me ke leka ho thusa ba bang ka phuthehong ea heso. Ho rata ba bang le ho qeta nako ke e-na le bona hoa ntlhasimolla.”—Breanna.
“Tšebeletso ea Bokreste ea thabisa kaha e u susumelletsa ho ameha ka batho ba bang, ho e-na le ho ameha ka uena.”—Javon.
Temoso: U se ke ua thusa batho ba bang hobane feela u batla hore ba tle ba u buseletse. (Matheu 6:2-4) Ho fana ka sepheo se sebe ho ke ke ha u thusa ka letho. Hangata batho ba tla hlokomela ha u etsa lintho ka sepheo se sebe!—1 Bathesalonika 2:5, 6.
Seo u ka se etsang. Nahana ka motho eo u ileng ua mo thusa nakong e fetileng. Motho eo ke mang, hona u ile ua mo etsetsa eng?
․․․․․
U ile ua ikutloa joang ka mor’a moo?
․․․․․
Nahana ka motho e mong hape eo u ka mo thusang ’me u ngole hore na u ka mo thusa joang.
․․․․․
Etsa Metsoalle
Lengolo la sehlooho. “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.
Seo le se bolelang. Motsoalle oa sebele o tla u thusa nakong ea tlokotsi. (1 Samuele 18:1; 19:2) Esita le ho nahana feela hore ho na le motho ea u tsotellang ho ka u tsosa molota. (1 Bakorinthe 16:17, 18) Kahoo, atamela haufi le batho ba u susumetsang hore u etse lintho tse ntle.
“Metsoalle ea sebele e ke ke ea u tlohela hore u lule u nyahame.”—Donnell.
“Ka linako tse ling, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho tseba hore ho na le motho ea u tsotellang e le kannete. Seo se ka etsa hore u ikutloe u le motho oa bohlokoa.”—Heather.
Temoso: Etsa bonnete ba hore metsoalle ea hao e u thusa hore u be seo u hlileng u leng sona—eseng hore feela u amohelehe ho eona. (Liproverbia 13:20; 18:24; 1 Bakorinthe 15:33) Ho etsa liketso tse mpe e le hore feela u khahlise ba bang ho tla etsa hore u ikutloe u tlotlolotsoe ebile u qhekeletsoe.—Baroma 6:21.
Seo u ka se etsang. Ka tlaase mona, ngola lebitso la motsoalle ea ka u thusang hore u itšepe haholoanyane.
․․․․․
Ke hobane’ng ha u sa lokisetse hore u qete nako e itseng u e-na le motho eo?—Tlhokomeliso: Hase hore e tlameha ebe thaka ea hao.
U se ke Ua Tela ha U Etsa Liphoso
Lengolo la sehlooho. “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.”—Baroma 3:23.
Seo le se bolelang. ’Nete ke hore ha ua phethahala. Sena se bolela hore ka linako tse ling u tla bua esita le ho etsa lintho tse fosahetseng. (Baroma 7:21-23; Jakobo 3:2) Le hoja u ke ke ua qoba ho etsa liphoso, u ka laola tsela eo u itšoarang ka eona ha u li entse. Bibele e re: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema.”—Liproverbia 24:16.
“Ha re bapisa mefokolo ea rōna le bokhoni ba motho e mong, ka linako tse ling seo se etsa hore re se ke ra itšepa.”—Kevin.
“Motho e mong le e mong o na le makhabane le mefokolo. Re lokela ho ba motlotlo ka makhabane a rōna ’me re ntlafatse moo re fokolang teng.”—Lauren.
Temoso: U se ke ua sebelisa ho se phethahale e le lebaka la ho etsa sebe. (Bagalata 5:13) Ho etsa phoso ka boomo ho tla etsa hore u lahleheloe ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa—e leng ho ba le kamano e ntle le Jehova Molimo!—Baheberu 10:26, 27.
Seo u ka se etsang. Ka tlaase mona, ngola tšobotsi eo u ka ratang ho ntlafatsa ho eona.
․․․․․
Ngola letsatsi la kajeno pel’a tšobotsi eo u e ngotseng. Etsa lipatlisiso mabapi le hore na u ka e ntlafatsa joang ’me ka mor’a khoeli u hlahlobe hore na u hatetse pele hakae.
Ruri Ua Bohlokoa
Bibele e re: “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna.” (1 Johanne 3:20) Sena se bolela hore a ka bona kamoo u leng oa bohlokoa kateng esita le haeba uena u sa hlokomele. Empa na mefokolo ea hao e fetola seo? Nka hore u na le R100 ea pampiri empa ho na le moo e tabohileng teng. Na u tla e lahla kapa u bone e se ea bohlokoa hobane feela ho na le moo e tabohileng? Che! E ntse e le R100—ebang e tabohile kapa ha ea taboha.
Hoa tšoana le kamoo Molimo a u talimang u le oa bohlokoa kateng. Mefokolo eo u nang le eona ha e mo sitise ho bona hore ua bohlokoa. O hlokomela boiteko boo u bo etsang ba ho mo khahlisa ebile oa bo ananela, ho sa tsotellehe hore na uena u bo nka bo fokola hakae! Ka sebele, Bibele e re tiisetsa hore “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.”—Baheberu 6:10.
Na ka linako tse ling u ikutloa u sithabetse ka lebaka la ho hlonama? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba u e mong oa Lipaki Tsa Jehova, nahana hore na u tla thaba hakaakang ha u bolella batho ba bang molaetsa oa ’Muso.—Esaia 52:7.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”—Bagalata 6:4.
KELETSO
U se ke ua ipolella lintho tse kang ‘Kamehla kea hlōleha’ le ‘Ha ho mohla ke etsang ntho e nepahetseng.’ Lipolelo tse feteletsang taba joalo li tla u nyahamisa feela. Ho e-na le hoo, amohela hore u na le mefokolo empa le teng u lemohe makhabane ao u nang le ’ona.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Tsela eo u italimang ka eona e ka ama tsela eo ba bang ba u talimang ka eona . . . esita le eo ba u tšoarang ka eona.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Ha lithaka tsa ka li ’nyatsa, ke tla ․․․․․
Ha ke elelloa hore ke bona mefokolo ea ka feela, ke tla ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Ke hobane’ng ha ka ho khetheha bacha ba ka ’na ba se ke ba itšepa?
● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u itlhomphe ka tsela e loketseng?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 88]
“Motho e mong a ka ba motle haholo empa a ’na a ikutloa eka o mobe. E mong eena a ka ’na a se ke a ba motle hakaalo empa a inka hore o motle ho feta batho kaofela. Ke taba feela ea hore na o ikutloa joang.”—Alyssa
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
Boleng ba chelete ha bo theohe hobane feela e tabohile—le tsela eo u leng oa bohlokoa ka eona mahlong a Molimo ha e fetoloe ke ho se phethahale