Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 20 leq. 54-leq. 55 ser. 8
  • Jesu o Etsa Mohlolo ka Lekhetlo la Bobeli Kana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Etsa Mohlolo ka Lekhetlo la Bobeli Kana
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlolo oa Bobeli ha a Ntse a le Kana
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Mohlolo oa Bobeli Kana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Jesu o Etsa Mohlolo oa Hae oa Pele
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Chesehela Borapeli ba Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 20 leq. 54-leq. 55 ser. 8
Monna ea hlomohileng eo e leng ofisiri ea ’muso o kopa Jesu hore a folise mora oa hae

KHAOLO EA 20

Jesu o Etsa Mohlolo ka Lekhetlo la Bobeli Kana

MAREKA 1:​14, 15 LUKA 4:​14, 15 JOHANNE 4:​43-54

  • JESU O RUTA HORE “MUSO OA MOLIMO O ATAMETSE”

  • JESU O PHEKOLA MOSHANYANA EA HOLE LE EENA

Ka mor’a ho qeta matsatsi a mabeli Samaria, Jesu o fetela ha habo. O qetile nako e telele a ntse a ruta Judea. Leha ho le joalo, lebaka leo a khutlelang Galilea ka lona ha se ho il’o phomola. O sebetsa le ho feta sebakeng sena seo a holetseng ho sona. E ka ’na eaba Jesu ha aa lebella ho tšoaroa hantle ha a le ha habo hobane o ile a re “moprofeta ha a hlomphuoe naheng ea habo.” (Johanne 4:​44) Ho e-na le hore barutuoa ba hae ba tsamaee le eena, ba khutlela malapeng a bona le mesebetsing ea bona.

Jesu o bolella batho molaetsa ofe? O re ho bona: “ ’Muso oa Molimo o atametse. Bakang, ’me le be le tumelo litabeng tse molemo.” (Mareka 1:​15) Bagalilea ba mamela molaetsa oa Jesu, baa mo amohela ebile baa mo hlompha. Ha ba etse sena feela ka lebaka la molaetsa oa hae. Bagalilea ba bang ba ne ba le teng Jerusalema likhoeling tse seng kae tse fetileng ’me ba ile ba bona ha Jesu a etsa mehlolo ka Paseka.​—Johanne 2:23.

Mosebetsi oo o moholo oo Jesu a o etsang ha a le Galilea o qala hokae? Kamoo ho bonahalang kateng o qala Kana, moo a ileng a fetola metsi veine moketeng oa lenyalo. Lekhetlong la bobeli ha a le mona, Jesu o utloela ka moshanyana ea kulelang lefu. Ke mora oa ofisiri ea Heroda Antipase, Morena eo hamorao a tla khaola Johanne Mokolobetsi hlooho. Ofisiri ena ea utloela hore Jesu o se a khutlile Judea ’me o se a le teng Kana. Kahoo, o tloha ha hae Kapernauma o ea Kana a il’o batla Jesu. Ha a fihla ho eena o re ka pelo e hlomohileng: “Morena, theoha pele ngoana oa ka e monyenyane a shoa.”​—Johanne 4:49.

Jesu o araba ka tsela e ka ’nang ea makatsa monna enoa, o re ho eena: “Tsamaea, mora oa hao oa phela.” (Johanne 4:​50) Monna enoa o kholoa Jesu ’me o khutlela hae. Ha a le tseleng, makhoba a hae aa mo khahlanyetsa ho tl’o mo bolella litaba tse monate tsa hore mora oa hae o folile. E le hore a kholisehe hore na ehlile ke Jesu ea mo phekotseng, oa ba botsa hore na o ile a qala ho “hlaphoheloa” neng.

Ba re ho eena: “Maobane ka hora ea bosupa feberu e ile ea mo tlohela.”​—Johanne 4:52.

Monna oa ofisiri o khahlanyetsoa ke makhoba a hae ’me o khutlela hae ho mora oa hae ea phekotsoeng ke Jesu

Monna enoa oa elelloa hore ena ke eona nako eo Jesu a ileng a re ho eena, “Mora oa hao oa phela.” Ka mor’a moo, monna enoa ea ruileng le lelapa lohle la hae e ba balateli ba Kreste.

Jesu o se a entse mehlolo e ’meli mona Kana. Mohlolo oa pele ke oa ho fetola metsi veine, oa bobeli ke oa ho phekola moshanyana a le lik’hilomithara tse ka bang 26 hole le eena. Ena ha se eona feela mehlolo eo a e entseng empa mohlolo ona oa bobeli ka ho khetheha ke oa bohlokoa hobane o bontša batho ba habo ba Galilea hore ke moprofeta ea khethiloeng ke Molimo. Leha ho le joalo, o tla hlomphuoa hakae ‘naheng ea habo’?

Ho tla bonahala hantle ha a fihla ha habo Nazaretha. Ebe o tla hlaheloa ke’ng ha a fihla moo?

  • Ha Jesu a khutlela Galilea o ruta batho molaetsa ofe, hona ba mo tšoara joang?

  • Jesu o etsa mohlolo ofe ha a khutletse Kana, hona mohlolo oo o ama lelapa la ofisiri ea Heroda joang?

  • Ke’ng e ikhethang ka tsela eo Jesu a phekolang moshanyana ea lulang Kapernauma?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela