Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 97 leq. 226-leq. 227 ser. 2
  • Korneliase o Fuoa Moea o Halalelang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Korneliase o Fuoa Moea o Halalelang
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Petrose o Etela Korneliase
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • “Molimo ha a Leeme”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Molimo ha a Khetholle Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Jehova “ha a Leeme”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 97 leq. 226-leq. 227 ser. 2
Korneliase o amohela Petrose ha hae

THUTO EA 97

Korneliase o Fuoa Moea o Halalelang

Ho ne ho e-na le molaoli oa lebotho oa Moroma motseng oa Sesarea eo lebitso la hae e neng e le Korneliase. Le hoja e ne e se Mojuda, Bajuda ba ne ba mo hlompha. O ne a thusa batho ba hlokang le ba futsanehileng. Korneliase o ne a lumela hore Jehova o teng ebile a mo rapela kamehla. Ka letsatsi le leng lengeloi le ile la hlaha ho Korneliase ’me la re: ‘Molimo o utloile lithapelo tsa hao. Joale roma banna motseng oa Jopa moo Petrose a lulang teng ’me ba mo kope hore a tle ho uena.’ Hang-hang Korneliase o ile a romela banna ba bararo motseng oa Jopa, o neng o le bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 50 ho tloha moo ba neng ba le teng.

Petrose o ile a ba le pono ha a ntse a le Jopa. O ile a bona liphoofolo tseo Bajuda ba neng ba sa lumelloa ho li ja empa a utloa lentsoe le mo bolellang hore a li je. Petrose o ile a hana a re: ‘Ha ke e-s’o je phoofolo e sa hloekang bophelo bohle ba ka.’ Lentsoe leo le ile la re: ‘U se ke oa re liphoofolo tsena ha lia hloeka. Molimo o entse hore li hloeke. Ho na le banna ba bararo monyako oa hao. Tsamaea le bona.’ Petrose o ile a ea monyako ’me a botsa banna bao hore na hobane’ng ba ne ba tlile ho eena. Ba ile ba re: ‘Re ronngoe ke Korneliase, molaoli oa lebotho oa Moroma. O re o kopa hore u ee ntlong ea hae e Sesarea.’ Petrose o ile a ba kopa hore ba robaletse ha hae. Ka le hlahlamang o ile a tsamaea le bona ho ea Sesarea hammoho le bara ba bo rona ba bang.

Eitse ha Korneliase a bona Petrose, a mo khumamela. Empa Petrose a re: ‘Ema. Ke motho joaloka uena. Molimo o itse ke tle ntlong ea hao, le hoja Bajuda ba sa kene ka matlong a Balichaba. Joale mpolelle, ke hobane’ng ha u itse ke tle?’

Korneliase a re: ‘Matsatsi a mane a fetileng ke ne ke ntse ke rapela Molimo, eaba lengeloi le re ke rome batho hore ba u bitse. Re kopa hore u re rute ka Jehova.’ Petrose o ile a re: ‘Ke ithutile hore Molimo ha a leeme. O amohela mang kapa mang ea batlang ho mo rapela.’ Petrose o ile a ba ruta lintho tse ngata ka Jesu. Eaba Korneliase le bohle ba neng ba e-na le eena ba fuoa moea o halalelang ’me kaofela ha bona ba kolobetsoa.

“[Molimo] o amohela motho oa sechaba sefe kapa sefe ea mo hlomphang le ea etsang lintho tse lokileng.”—Liketso 10:35

Lipotso: Ke hobane’ng ha Petrose a ile a hana ho ja liphoofolo tse sa hloekang? Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re Petrose a ee ntlong ea Molichaba?

Liketso 10:1-48

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela