Selelekela sa Karolo ea 5
Likhoeli tse peli ka mor’a hore Baiseraele ba tšele Leoatle le Lefubelu, ba ile ba fihla Thabeng ea Sinai. Ha ba le moo, Jehova o ile a etsa selekane le bona sa hore ke sechaba sa hae se khethehileng. O ile a ba sireletsa, a ba hlokomela ka sohle seo ba se hlokang, a ba fa manna, liaparo le sebaka se sireletsehileng. Haeba u motsoali, thusa ngoana oa hao hore a utloisise lebaka le entseng hore Jehova a fe Baiseraele Molao, a ba laele hore ba etse tabernakele le ho khetha baprista. Mo bontše bohlokoa ba ho phetha seo re se tšepisitseng, ho lula re ikokobelitse le ho tšepahalla Jehova.