Selelekela sa Karolo ea 11
Karolong ena re tl’o ithuta ka Mangolo a Segerike a Bakreste. Jesu o hlahetse lelapeng le futsanehileng le neng le lula motsaneng o monyenyane. O ne a sebetsa le ntate oa hae oa ’metli oa mapolanka. Jesu ke eena ea neng a tla pholosa batho. Jehova o mo khethile hore e be Morena oa ’Muso oa leholimo. Thusa ngoana oa hao hore a lemohe kamoo Jehova a ileng a khetha ka hloko kateng lelapa leo Jesu a neng a tla holela ho lona. Buisanang kamoo Jehova a ileng a sireletsa Jesu kateng hore a se ke a bolaoa ke Heroda le hore ha ho letho le ka sitisang morero oa Jehova ho phethahala. Mo bontše kamoo Jehova a ileng a sebelisa Johanne kateng hore a lokisetse Jesu tsela. Mo thuse ho lemoha hore esita leha Jesu a sa le monyenyane, o ile a bontša hore o rata tataiso e bohlale ea Jehova.