Selelekela sa Karolo ea 13
Jesu o ile a tla lefatšeng ho fana ka bophelo ba hae ho batho ba sa phethahalang. Le hoja a ile a shoa, o hlotse lefatše. Jehova o ile a tšepahalla Mora oa hae ’me a mo tsosa bafung. Ka boikokobetso Jesu o ile a sebeletsa batho ba bang, a ba a ba tšoarela ha ba etsa liphoso, ho fihlela a khokhotheloa palong. Ka mor’a ho tsosoa bafung, Jesu o ile a hlaha ho barutuoa ba hae. O ile a ba ruta ho etsa mosebetsi oa bohlokoa oo a neng a ba file oona. Thusa ngoana oa hao ho bona hore o lokela ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa.