Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rr leq. 25
  • Utloisisa Boprofeta ba Ezekiele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Utloisisa Boprofeta ba Ezekiele
  • Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Kakaretso ea Ezekiele
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Buka ea Bibele ea 26—Ezekiele
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Ke Nako ea Hore le Felisoe”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
Bala Tse Ling
Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
rr leq. 25
Litšoantšo tse hlalosang boprofeta ba Ezekiele. 1. Pono ea monna ea shebahalang joaloka koporo e benyang, o tšoere thapo ea line le thupa e methang. 2. Mehlala: pitsa mollong. 3. Litšoantšiso: Ezekiele o haha lerako le potolohang setene.

LEBOKOSE LA 2A

Utloisisa Boprofeta ba Ezekiele

BOPROFETA KE ENG?

Ka Bibeleng, lentsoe la Seheberu na·vaʼʹ, le bolelang “ho profeta” le sebelisoa haholo ha ho buuoa ka molaetsa, kahlolo, thuto kapa taelo e tsoang ho Molimo. Le ka boela la bolela ho phatlalatsa ntho eo e leng hona e tla etsahala. Boprofeta ba Ezekiele bo akarelelitse lintho tsohle tse hlalositsoeng ka holimo.—Ezek. 3:10, 11; 11:4-8; 14:6, 7; 37:9, 10; 38:1-4.

MEKHOA EA HO FETISA BOPROFETA

  • Monna ea shebahalang joaloka koporo e benyang, o tšoere thapo ea line le thupa e methang.

    LIPONO

  • Pitsa mollong.

    MEHLALA

  • Ezekiele o haha lerako le potolohang setene.

    LITŠOANTŠISO

Ka bukeng ea Ezekiele ho na le lipono, mehlala, lipapiso le litšoantšiso tsa melaetsa ea boprofeta.

PHETHAHATSO

Ka linako tse ling boprofeta ba Ezekiele ha bo phethahale hanngoe feela. Ka mohlala, boprofeta bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete bo ile ba phethahala ha batho ba Molimo ba khutlela Naheng e Tšepisitsoeng. Empa Khaolong ea 9 ea buka ena, re tla ithuta hore boprofeta boo bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete boa phethahala mehleng ena ebile bo tla boela bo phethahale hape le ka moso.

Nakong e fetileng, re ne re nka hore likarolo tse ’maloa tsa boprofeta ba Ezekiele li emela ntho e ’ngoe e kholoanyane e tla phethahala le ka moso. Leha ho le joalo, bukeng ena ha ho na moo ho thoeng motho, ntho, sebaka kapa ketsahalo e hlahang boprofeteng e emela ntho e itseng e etsahalang hona joale kapa e tla etsahala ka tsela e kholoanyane nakong e tlang ntle le haeba ho e-na le lebaka le utloahalang le hlahang ka Mangolong la hore re lumele seo.a Ho e-na le hoo, buka ena e tl’o bua haholo ka ho phethahala ha litaba tse ngata tse hlahang boprofeteng ba Ezekiele. Hape e tl’o bua ka hore na re ithuta’ng melaetseng ea Ezekiele le hore na re ithuta’ng ka batho, libaka le liketsahalo tseo a buileng ka tsona.

Khutlela khaolong ea 2, serapeng sa 30

a Bala Molula-Qhooa oa March 15, 2015, leq. 9-10, ser. 7-12 le “Lipotso Tse Tsoang ho Babali,” leq. 17-18 la Molula-Qhooa o tšoanang e le hore u ithute ka boprofeta bo tla phethahala ka tsela e kholoanyane.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela