Lelapa Lefatšeng le Belaelang
Bibele e bua haholo ka malapa. E bolela hore a lokela ho theoa leratong ’me tlameho ea kamehla ea batho ba babeli e mong ho e mong le ho bana ba bona e-ea ameha. (Mattheu 19:4-6) Le har’a batho ba neng ba sa tsebe Bibele kapa hona ho latela melao-motheo ea eona, phihlelo ea motho ea lilemo tse 6 000 e pakile bohlokoa ba lelapa.
Leha ho le joalo, bacha ba bangata ha ba hlokomela se hlahang likoranteng, libukeng le thelevisheneng, ba belaela bohlokoa ba lenyalo kajeno. Ba bang ba nka hore lenyalo le thibela ho hongata ’me ba nahana hore ho tšepahala ho motho e mong boitšoarong ho fokolisa “bolokolohi” ba bona. Ba belaela batho ba baholo, ba thooletsa boitšoaro bo “bocha”—boo hantle e leng boitšoaro bo bobe bo reiloeng lebitso le lecha. Ba lule le e mong ntle ho ho itlama ho haha bophelo bohle leratong, ho tšepaneng le bonngoeng.
Nako e-ea feta. Baa tsofala. Joale, ha ba hlile ba hloka botšepehi le tšehetso eo ba ka beng ba e hōlisitse, hangata ba iphumana ba qheleloa ka thōko, ba le bang, ba le pelo li bohloko. Ke nakong eo feela moo ba hlokomelang hore motho e mong le eena ha a ka a itlama ’me o ne a se na boikemisetso ba ho khutlisa nako, lerato, le boineelo ha li hlile li hlokoa.
Molimo o tseba ho etsoa ha rōna. O tseba se molemohali bakeng sa rōna. Melao-motheo ea hae e ke ke ea hlokomolohuoa kapa ea lahloa ntle ho liphello tse tebileng. Hona ke ’nete, ho sa tsotellehe hore na lefatše le belaelang le re’ng.