Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae
Ho qala ka tokollo ena ea makasine, karolo e ncha ea sehlooho se kaholimo e tla hlaha ho Molula-Qhooa.
KA LILEMO tse hlano tse fetileng, ho tloha ka Tlhakubele 1980, Molula-Qhooa o bile le maqephe a mabeli, a sehlooho se nang le litšoantšo se reng “Lentsoe la Molimo Lea Phela” hang ka khoeli. Ka litšoantšo tse kopaneng le taba e balehang habonolo, lithuto tse ngata tsa Bibele le litlaleho tsa pale li ile tsa tšohloa ka mokhoa o matla le o utloisisehang habonolo. Joale sehlooho se secha, se totobatsang bophelo ba Jesu Kreste le tšebeletso ea hae, se tla nka sebaka sa sehlooho “Lentsoe la Molimo Lea Phela.”
Maqepheng a mabeli a latelang u tla bona karoloana ea pele ea sehlooho sena se secha. Ka likhoeli tse hlahlamang tse ’maloa, u ka lebella ho amohela kenyelletso e ncha tokollong e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa. Lethathamo lena le lecha la lihlooho le tla ba le sebopeho se tšoanang le sa “Lentsoe la Molimo Lea Phela” se nang le maqephe a mabeli a nang le litšoantšo.
Ho loketse hore ho buuoe tjena ka Jesu Kreste ho Molula-Qhooa, hobane Jesu o bile le tšusumetso e khōloanyane paleng ea batho ho feta motho leha e le ofe. Empa, habohlokoahali ho feta, bophelo ba batho ba limillione ba merabe eohle ba bochaba bohle ba fetohile hamolemo ha ba ananela bophelo ba hae le lithuto tsa hae.
Mohlomong u se u ntse u tseba haholoanyane ka Jesu le tšebeletso ea hae. Empa na u hopotse nako e tsitsitseng le sebaka sa liketsahalo e le hore u ka li qoqa le ba bang ’me kahoo u li hopole hamolemo? Ka mohlala, Jesu o khethile baapostola ba hae ba 12 neng—pejana tšebeletsong ea hae kapa mohlomong moraonyana? Na e bile pele kamor’a hore mosali oa Mosamaria a mo khetholle e le Kreste? Hona o ne a le hokae ha a khetha ba 12, kapa ka mohlolo a fepa ba 5 000, kapa a fana ka Thuto ea Thabeng? Kaha karolo ena e ncha e tla re bolella ka pale ea bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae ho latela nako eo li etsahetseng ka eona, ’me e be le litšoantšo le taba e hlalosang, e tla u thusa hore u ngole liketsahalo tsena tsa bohlokoa kelellong ea hao.
Karolo ena e tla thusa bao e leng khale ba bala Bibele le liithuti tse ncha tsa Bibele, le batsoali ha ba ithuta le bana ba bona. Ho lokiselitsoe lipotso ka morero ona. Ke tsela e molemo hakaakang ea ho ba tloaelanya le mothei oa Bokreste le lithuto tsa hae! U ka hla ’na ua bona litsela tseo u tla sebelisa lihlooho tsena ha u ruta lelapa la hao le ba bang. Hopola, hore motho e mong le e mong o rata lipale, ’me ba bangata ba li thabela ha li latellana li e-tla ka likaroloana.
Ka hona, ho tloha kenyelletsong ea eona ea pele feela, khothalletsa ba bang hore ba ’ne ba be nakong le pale ena e tsoelang pele. U tla hlokomela hore Bibele e qotsoa ka mokhoa o akaretsang taba feela bakeng sa ho utloisisoa habonolo, ’me mangolo a Bibele a ngoloa qetellong. Khothalletsa ho bala litlaleho tsena tsa Bibele. E, sebelisa sehlooho sena se secha ho Molula-Qhooa mosebetsing oa hao oa ho etsa barutuoa!