“U Tla Araba Joang?”
1. Bongata ba rōna re na le bothata bofe?
1 Na u rata Lentsoe la Molimo empa u thatafalloa ke ho hopola makolopetso a litlaleho tsa Bibele kapa ho hopola hore na lipolelo tse itseng li tlalehiloe hokae Mangolong? Na u ka rata hore bana ba hao ba utloisise hantle linnete le lithuto tsa motheo tsa Bibele? Sehlooho sa “U Tla Araba Joang?” se hatisoang khoeli e ’ngoe le e ’ngoe leqepheng la 31 la Tsoha! se ka thusa bana le batho ba baholo ho tseba Lentsoe la Molimo hamolemo.—Lik. 17:11.
2. Likarolo tse fapaneng tsa sehlooho se reng “U Tla Araba Joang?” li ka sebelisoa joang?
2 U ka sebelisa sehlooho see hamolemohali joang? Tsoha! ea January 2006 e ile ea fana ka litlhahiso tsena: “Ak’u shebe leqephe la 31 . . . Likarolo tse ling leqepheng lena li tla ipiletsa ho babali ba banyenyane; tse ling li tla thusa liithuti tsa Bibele tse seng li e-na le tsebo e eketsehileng ho bona haeba li sa hopola seo li ithutileng sona. Karolo e reng ‘See se Etsahetse Neng Historing?’ e tla u thusa hore u bontše hore na batho ba boletsoeng ka Bibeleng ba phetse neng le hore na liketsahalo tsa bohlokoa li etsahetse neng. Boholo ba likarabo bo tla fumaneha leqepheng le tla boleloa hona tokollong ena, ’me li tla hlaha mongolo o thulamisitsoe, ha likarabo tsa karolo e reng ‘Tse Hlahang Makasineng Ena’ tsona li tla fumaneha maqepheng ka ho fapana. Ke hobane’ng ha u sa etse patlisiso e itseng pele u bala likarabo tseo ebe u bolella ba bang seo u ithutang sona? U ka ba ua sebelisa sehlooho sena se secha se reng, ‘U ka Araba Joang?’ ha le buisana ka Bibele le ba lelapa kapa le batho ba bang.”
3. Malapa a mang a ruile molemo joang sehloohong see, ’me uena u thabela likarolo life haholo?
3 Ha e le hantle, malapa a mangata a thabela ho sebelisa sehlooho sena thutong ea lelapa. ’Mè e mong o itse: “’Na le monna oa ka re ile ra nahana hore e ka ba ntho e ntle hore re kopanyelletse karolo ea ‘Bana Batlang Litšoantšo’ thutong ea rōna ea lelapa e le hore morali oa rōna ea lilemo li tharo a ka e chesehela le ho e thahasella. Re thabela ho mo shebella ha a nka Tsoha! ea hae ka cheseho ebe o phetla leqephe le leng le le leng ho fihlela a fumana ntho eo a e batlang.” Ntate e mong oa Brazil o re: “’Na le mora oa ka ea lilemo li supileng re rata sehlooho sena sa Tsoha! haholo. Se thusitse Moises hore a tsepamise mohopolo, a phetle Mangolo, a utloisise litšoantšo le hore na liketsahalo li etsahetse neng.” Ashley, ea lilemo li robeli, o re: “Kea le leboha ka sehlooho sa ‘U Tla Araba Joang?’ se leqepheng 31 la Tsoha! Se nthuta lintho tse ngata tse ka Bibeleng.”
4. Lelapa le ka sebelisa sehlooho see joang e le karolo ea thuto ea lona ea lelapa ea Bibele?
4 Ke hobane’ng ha u sa nahane ka ho sebelisa sehlooho sa “U Tla Araba Joang?” ka linako tse ling e le karolo ea thuto ea lōna ea lelapa? U ka sebelisa Index kapa Watchtower Library e ho CD-ROM bakeng sa ho batla likarabo tsa lipotso tse thatanyana. Ha u etsa joalo, u tla be u ruta bana ba hao mokhoa oa ho etsa lipatlisiso. Haeba u e-na le bana ba seng ba hōla-hōlile, ke hobane’ng ha u sa ba abele mosebetsi o thatanyana oa ho batla likarabo tsa lipotso tse reng “Ke ’na Mang?” kapa “E Etsahetse Neng Historing?” pele ho thuto ea lelapa? Ka mor’a moo ba ka bolela lintho tseo ba li fumaneng ha ba etsa lipatlisiso nakong ea thuto. Ho sebelisa leqephe lena ka katleho ke tsela e ’ngoe eo batsoali ba ka rutang bana ba bona Lentsoe la Molimo ka ho pheta-pheta, ba ba thuse ho tseba “lingoliloeng tse halalelang” ho tloha boseeng.—2 Tim. 3:15; Deut. 6:7.