Lea Amoheloa Kopanong ea 1985 ea “Baboloki ba Botšepehi”!
LIPAKI TSA JEHOVA ha li tsejoe feela ka ho chesehela ha tsona tšebeletso ea ntlo le ntIo empa hape li tsejoa ka likopano tse khōlō tsa Bokreste. Ho tla fihla joale ho bile le likopano tsa mofuta ona ka lilemo tse ka holimo ho lekholo, ho tloha morao koana ka 1879. Ho na le mohlala o motle oa Mangolo o lateloang ka likopano tsena.
Baiseraele ba ne ba lokela ho bokana hammoho meketeng ea bona hararo selemo le selemo. Mekete ena e ne e le ea bohlokoa hoo Jehova a ileng a laela Moshe ho e pheta libukeng tsa hae tse hlano. Bona Exoda 23:14-17; 34:22-24; Levitike 23:4-22; Numere 28:16–29:12; Deuteronoma 16:1-16. Hape re bala hore batsoali ba Jesu ba ne ba e-ea Jerusalema kamehla bakeng sa mokete oa Paseka.—Luka 2:41, 42.
Ka lilemo tse 38 joale, likopano tse nyenyane tsa Lipaki tsa Jehova li latetse mohlala o tšoanang le oa Iseraele oa khale. Habeli ka selemo le selemo re thabela ho bokana likopanong tsa rōna tse nyenyane tsa potoloho, moo ho fihlang liphutheho tse 8 ho ea ho tse 20. Joale re lebella pele ka cheseho ho bokana hanngoe ka selemo likopanong tsa rōna tse khōlō tsa setereke, tsa sechaba, kapa tsa machaba. Na re ananela likopano tsena haholo kamoo re neng re lokela ho etsa kateng? Ha se baena ba rōna bohle lefatšeng ho le pota ba thabelang tlhohonolofatso ena. Ka hona peho e sa tsoa amoheloa ho tsoa naheng ea Balkan moo mosebetsi o bileng tlas’a lithibelo ka nako e telele e bolela hore “ka lekhetlo la pele re tsebile ho ba le kopano ea setereke holong ea sechaba . . . Baena ba ne ba thabile haholo ka sena.”
Ba ne ba e-na le lebaka la ho thaba, hobane ho bonahala hore ha ho bokane Lipaki ka bongata, le thabo ea eketseha ka ho tšoanang. Naha e ’ngoe e tlalehile hore ka 1983 kopano ea ‘“Bonngoe ba ’Muso’ e neng e tšoeroe ka Tšitoe e bile ketsahalo ea bohlokoa ea selemo,” ’me tlaleho e ’ngoe e hlalositse hore “e ne e le karolo e totobetseng ea selemo.” Ha ho makatse hore Lipaki tsa Jehova tse ngata li etsa litokisetso, ’me hangata li etsa boitelo bo boholo, hore li be likopanong tsa setereke ka matsatsi ’ohle a mararo le halofo.
Selemong se shoeleng re bile le monyetla oa ho ba likopanong tse khōlō tsa “Keketseho ea ’Muso.” Lenaneo le bontšitse kamoo sehlooho sena se neng se loketse kateng leseling la likeketseho tse khōlō tsa bahoeletsi ba ’Muso lefatšeng ka bophara. Ho phaella moo, lenaneo le ile la hatella boikarabelo boo paki e ’ngoe le e ’ngoe e nang le bona keketsehong ena. ’Me re amohetse likofuto tse ntle hakaakang bakeng sa boboleli ba rōna—Khatiso ea litšupiso ea New World Translation of the Holy Scriptures, thuso ea ho ithuta Bibele Ho Pholohela Lefatšeng le Lecha, le bukana Lebitso la Molimo le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng! Selemong sena ho na le botle boo re bo boloketsoeng! Re thabela ho bokana kopanong e khōlō ea “Baboloki ba Botšepehi.” Sehlooho sena se hlokomelisa ka bohlokoa ba ho kopanela ha rōna ho tlosoeng ha qoso lebitsong la Molimo ka hore re boloke botšepehi ho fihlela qetellong ea tsamaiso ena ea Satane.
Sehlooho seo ke sa bohlokoa hakaakang! Sehlooho sena se nyalana hantle le tseko ea bohlokoahali e tobaneng le libopuoa tsohle tse bohlale, e leng ena, ho lokela ha borena ba Jehova, kamoo bo phahamisoang ke libopuoa tse bolokang botšepehi ho sa tsotellehe sohle seo Satane Diabolose a se etsang. Hase ntho e bonolo ho ba ’moloki oa botšepehi ‘mehleng ena e thata le e bohloko.’ (2 Timothea 3:1-5) Ho boloka botšepehi ho fapane ho hang le ho latela mokhoa o se nang tšitiso oa bophelo. Ho bolela ‘ho kena ka monyako o patisaneng le ho tsamaea tseleng e tšesaane e isang bophelong.’—Mattheu 7:13, 14.
Ho boloka botšepehi re le basebeletsi ba Jehova Molimo ho akarelletsa litlhokahalo tse peli tsa motheo. Ka nqeng e ’ngoe ho hlokahala hore re bee litholoana tsa ’Muso e le hore re ka ‘etsa hore thuto ea Molimo. Mopholosi oa rōna, e khahlehe linthong tsohle.’ (Tite 2:10, Phetolelo e Ncha ea Sesotho) Ka nqeng e ’ngoe re lokela ho etsa thōmo ea ho bolela le ho etsa barutuoa, ha re kopanela ho phethahatsoeng ha boprofeta ba Bibele.—Mattheu 24:14; 28:19, 20.
Hore re khahlametsane le litlhokahalo tsena tse peli, re lokela ho ’na re batla ’Muso le ho loka ha Molimo pele. Re lokela ho loantša maqheka ’ohle a Satane Diabolose, meleko eohle eo lefatše lena la khale le ka e beang tseleng ea rōna e le boemong ba matlotlo a bonahalang le ho phehella boithabiso, ’me re lokela ho etsa joalokaha ho entse Pauluse, ‘ho thapisa ’mele ea rōna, le ho e khanna joaleka lekhoba.’ (1 Ba-Korinthe 9:27, NW; 1 Petrose 5:8; 1 Johanne 2:15-17) Ha se papali ho atleha litšosong tsa ho boloka botšepehi ba rōna.
Haeba re hlile re ananela phephetso ea ho boloka botšepehi ba rōna, re tla fihla kopanong ‘re lapetse litlhoko tsa rōna tsa moea.’ (Mattheu 5:3, NW) Re tla mamelisisa ka litsebe tse lethoethoe se boleloang sethalleng, re tla ngola lintlha, ho kopanela ’minong ka pelo eohle, le ho kenya moea oa rōna lithapelong tse fanoang. Hape, re tla mamelisisa keletso e fanoang tabeng ea hore re boloke botšepehi ba rōna ho Jehova Molimo, ho balekane ba rōna ba lenyalo, le ho Bakreste hammoho le rōna. Ka lipuo, lipuisano, lipontšo, le ka litšoantšiso re tla khothatsoa le ho hlophisetsoa ho ikemisetsa ka ho eketsehileng ho boloka botšepehi ba rōna ho isa qetellong ea tsamaiso ena ea khale le e khopo ea lintho.
Hape re ke ke ra qhelela thoko ’nete ea hore likopano tsa rōna tse khōlō li sebeletsa e le bopaki lefatšeng. Pherekhong ea lemo se shoeleng kopano ea “Keketseho ea ’Muso” e ileng ea tšoareloa Lebaleng la Lipapali la River Plate, Buenos Aires, Argentina, ka matsatsi a mane. Ea fetoha sehlooho sa litaba! Leselinyana la litaba la moo Ahora la e-ba le tlaleho e neng e na le litšoantšo tse mebala tsa kopano, tlas’a sehlooho se seholo se reng, “Tumelo e Tlatsitse Mabala a Lipapali.”
Sehloohong se seng se seholo, “’Muso o Hōlang—’Muso oa Lipaki tsa Jehova,” sehlooho se ngotsoeng maqepheng a mabeli se ne se e-na le karolo ena: “Ke ntho e hlollang ka sebele. E lokela hore e bile tumelo e susumellelitseng batho ba ka holimo 42 000 hore ka khutso le ka hlompho ba tlatse lebala la bolo la River Plate Stadium ka matsatsi a mane ha le letsatsi le ne le ntša noha mokoting. Hape, e lokela hore e be e bile tumelo e nolofallelitseng batho ba fetang 46 000 hore ka botšepehi ba bokane ho sa natsoe hore na ke ba boleng bofe, lilemo, semelo, moloko, kapa bochaba ka letsatsi la ho qetela la kopano ea setereke ea Lipaki tsa Jehova. . . . Ho sa tsotelle hore na re amohela likhopolo tsa bona le litumelo tsa bona tsa bolumeli, letšoele lena le leholo la batho e hlile le tšoaneloa ke hlompho ea rōna e khōlō. Ba ipontša hore ba ikokobelitse, ha ba khathatsoe ho hang ke litaba tse se nang bohlokoa ba letho tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi lintho tse fanoang ke lefatše la mehleng ena; molao oa bona oa khotso le lerato o rena har’a baena.”
Sehlooho sa tsoela pele hore: “Ho thoe’ng ka tlhophiso ea bona? E ne e phethahetse ho hang. Maponesa a neng a le moo a ne a se a khathetse hobane ho ne ho se letho leo a neng a le etsa . . . Ho ne ho se ketsahalo le e nyenyane feela e tsoileng tseleng, ho se ho tenehelana, ho se mofere-fere ka matsatsi a mane. . . . Re tlohetsoe le khotso e ngata eo ho bonahalang Lipaki li e-na le eona . . . Ebang ua lumela kapa ha u lumele, ba hapile hlompho ea rōna. Ke eng se ba susumellelitseng? Ke tumelo. Tumelo e falatsang lithaba.”
Ha ho potang hore, ha re itšoara joaloka basebeletsi ba Bakreste ba Jehova Molimo, re fana ka bopaki bo botle ho ba kantle. ’Nete e salang ke hore, ha ho bonolo le ka mohla ho ba Mokreste. Jesu o bapisitse sena le ho sikara thupa ea hae ea tlhokofatso. Ho phetha lintho ka tšoanelo kopanong ea rōna ea “Baboloki ba Botšepehi” ho tla re thusa ho ba balateli ba molemo ba Jesu Kreste.—Mattheu 16:24.