Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 5/1 maq. 23-26
  • Lesooa le Thabetseng Bopula-maliboho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lesooa le Thabetseng Bopula-maliboho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Arabela Pitso
  • Tšimo e Kholoanyane
  • Bolutu?
  • Mosebetsi oa Thibeloa! Ke Lule kapa ke Tsamaee?
  • Matla a Bolokang a Jehova a Bonahala Kamehla
  • Jehova o Sebetsa Litaba ka Botšepehi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Jehova o Mphile Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 5/1 maq. 23-26

Lesooa le Thabetseng Bopula-maliboho

Kamoo ho boletseng Margaret Stephenson

MOMBASA, Afrika Bochabela, 1958. Mocheso oa naha o ne o le matla, o aparetse sohle ka moholi har’a mocheso. Lintsintsi li bobola ka mokhoa o tšoenyang ho mpota-pota. Tlas’a marulelo a ntlo ea makapa ea tlhahlobo ea thepa e kenang le e tsoang koung ea likepe, mocheso o ne o atamela likhato tse 40 tsa “Celsius.” Ha ke eme ka sebete, mofufutso oa matha marameng. Mocheso o mongobo oa re aparela joaloka kobo e mongobo, ’me moea—o mongobo o bupetsang—o ne o le mongobo haholo bakeng sa ho o phefumoloha. E be Kenya eohle e tla ba tjee?

Ka qala ho ipotsa hore na e be sena ke sebaka se setle bakeng sa mosali oa lesooa. Ke ne ke bone litšoantšo tsa likhutlo tse ntle tse khōlō tse nang le liphoofolo tsa naha, meru e teteaneng, le tsona lithaba tse khabileng ka lehloa, empa mona . . . “Ekaba ke entse’ng?” ka ipotsa. “Ke eng eo ke ikentseng ka har’a eona?”

Ho ne ho fapane hole-hole le Ottawa, Canada, moo ke neng ke phela teng. Leeto ka sekepe le ne le nkile libeke tse hlano. Limaele tse likete tse leshome ho tla fihla mona feela! Na ho na le ea tla tla nkhahlanyetsa? Ke ne ke sa tsebe hore na e be ho na le Lipaki tsa Jehova Mombasa, ka hona u ka inahanela kamoo ke ileng ka makala kateng kapa ka lopoloha ha ke bona sehlopha sa lifahleho tse bososelang! Ho ne ho khothatsa hakaakang! Ka amoheloa ka mofuthu hakaakang!

Seboka sa pele hona mantsiboeeng ao le sona sa etsa ho hoholo ho kokobetsa tšabo eo ke neng ke e-na le eona ka naha ena e ncha le eo ke sa e tsebeng. Malapa a mabeli feela—a ne a ananela a bile a khothetse ho utloa liphihlelo le ho ba le motsoalle. Ka nahana hore ho na le mosebetsi o mongata haholo o lokelang ho etsoa mona. Nka siea batho baa ba ’maloa ba sebete joang hore ba sale ba kakasitse ba le bang? Bosiu boo ba pele ba nthusa haholo hore ke ikemisetse ho lula le ho thusa hafeela nka ’na ka etsa joalo.

Ho Arabela Pitso

‘Tšelela Macedonia!’ ke memo e ileng ea etsoa ke sebui likhoeling tse fetileng tse ka bang 18 kopanong ea Lipaki tsa Jehova ka 1957 Seattle, Washington, U.S.A. Bohle re ne re ile ra kōptjoa ho nahana ka botebo hore na e be maemo a rōna a botho a ka re lumella ho arabela pitso bakeng sa basebetsi ba eketsehileng tšimong, ba thusang e le baboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso le linaheng lisele. Ka inahana: ‘Na ho hlile ho na le ntho e ntšitisang? Na ho na le lebaka leo nke keng ka fumaneha ka lona? Ke lesooa le se nang boikarabelo ba ho hlokomela motho. Kamehla ke bile motho ea ratang ho etsa lintho ka pelo eohle, ’me kōpo ke ena e tobileng e tsoang ho Jehova hore ke e arabele.’ Ka potlako, ka qala ho ngola libaka tsohle tseo sebui se li thathamisang e le “bo-Macedonia” ba kajeno, khopotsong ea sebaka se seng se neng se na le tlhokahalo e khōlo seo moea o halalelang o ileng oa mema moapostola Pauluse ho ea ho sona lekholong la pele la lilemo.—Liketso 16:9, 10.

U ka ’na ua ipotsa hore na ke eng e entseng hore mosali ea fokolang ea lilemo tse ka holimo ho tse 50 a be sebete ’me a roalelle a le mong ho ea karolong e hōle ea lefatše. Teka-teko? Che, le hanyenyane; ho hang ha ke motho oa malekele. Mohlomong e bile ka tšusumetso ea Khaitseli Bartlett ea hōlileng, ea ileng a nthuta ’nete ka sebete le ka lerato hakana ho fihlela ke kolobetsoa ka 1954. O ne a nkhothalletsa tšebeletso ea nako e tletseng kamehla, a hatisa thabo ea eona le mahlohonolo a eona. Empa hoo ho ne ho tla bolela liphetoho tse kaakang bakeng sa ka! Ntate o ne a se a ile a bontša hore o hlompha Bibele le Molula-Qhooa ka botebo, empa o ne a sa fihla moo a nkang boemong bo hlakileng bakeng sa linnete tsa Bibele. Le ’na, ka qea-qea ka nakoana. Ka lilemo tse peli le halofo Khaitseli Bartlett o ne a lekile ho nkhothalletsa ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo. Ke ne ke utloisisa hore na ke hobane’ng ha mosebetsi ona o hlokahala, empa ke ne ke le boi. Qetellong, kamor’a ho ithuta libuka tse khōlō tse ’nè le ha ke ntse ke fana ka mabaka a sa utloahaleng, a mphehella hore ke ee mosebetsing oa limakasine oa seterateng. A re, “Haeba u sa na le boikhohomoso bo saletseng, hoo ho tla bo felisa.” Jehova o re fa matla ’ohle ao re a hlokang ka ho babatsehang hakaakang hore re phethe thato ea hae!—Ba-Filippi 4:13.

Ha ke hetla morao, ke leboha haholo hore e be mosebetsi oa bopula-maliboho le meputso ea oona o ile oa tekoa e le pakane ka pel’a ka kamehla. Hoba ke latsoe ’me ke bone hore ruri tšebeletso eo ke mosebetsi o khotsofatsang, ka 1956 ka etsa qeto ea ho o etsa ka nako e tletseng ke le pula-maliboho. Kaha ke ne ke tla phomola mosebetsing oa ka ka selemo se latelang, ka etsa Qeto: ‘Ke eng ha ke sa ho etse hona joale?’ Eaba kea o etsa ’me ka o rata. Ka botsa banyalani ba babeli ba hōlileng tsebong. “Na nka kenya kōpo bakeng sa sekolo sa boromuoa sa Gileade?” Karabelo ea tla e re, “Che, u se u le moholo haholo!” “Na joale nka kenya kōpo ea ho ea sebetsa ntlo-khōlō ea Mokhatlo?” Le teng karabelo ea tla, “U se u le moholo haholo, Margaret!” Ka inahana, ‘Ke tla tlameha hore ke sebeletse feela moo ho nang le tlhokahalo e khōlō.’ Ka bohlale ba nkhothaletsa hore ke qale hona Canada ho bona hore na nka ikamahanya le ho tloaelana le liphetoho pele ke leka naha e ’ngoe.

Hoba ke fumane kabelo, ka phutha mehasoana ’me ka nka leeto la lik’hilomithara tse 4 000 ho tloha Vancouver ho ea ka lehlakoreng le leng la Canada, Ottawa. Moo ka teana le Aubrey le Eunice Clarke, ba sa tsoa abjoa ho tloha Sekolong sa Gileade ’me ba e-ea Kenya. Ba ne ba e-na le tšepo ’me ba ithaopela ka mosa hore ba tla ngola ’me ba mphe boitsebiso bohle boo ba nahanang hore bo ka nthusa. Kamorao ho mangolo a ’maloa a nang le keletso e molemo, le khothatso, le litlhahiso, le litemoso, le lintho tse ling tse ngata tse neng li tla nthusa ho etsa qeto ea hore na nka khona kapa che, ka tloha.

Na ke ne ke tšohile? Che! . . . e seng ho fihlela ke fihla Mombasa. Empa mofuthu oo baena ba moo ba ileng ba o bontša, le boiteko boo ba bo entseng hore ke ikutloe ke phuthulohile ke bile ke hlokoa, tsa phakisa tsa nthusa hore ke tsitse. Kamorao ho matsatsi a mabeli feela ke le lebōpong, ka ea motse-moholo, Nairobi, hare ho naha ka lik’hilomithara tse 480.

Tšimo e Kholoanyane

Ra qala re paka ka mokhoa o sa rereloang, haholo-holo har’a makhooa, kaha mosebetsi oa rōna o ne o e-s’o eloe hloko ka molao Kenya. Tlas’a maemo ana, phephetso e ne e le khōlō ka sebele. Batho ba ne ba le bangata bao re tlamehang ho fihla ho bona ka litaba tse molemo ’me batho ba bolelang ba fokola! Le teng, ho ne ho raloa motheo bakeng sa katoloso e kholoanyane. Ea e-ba letsatsi la thabo e kaakang ha ka 1962 re neoa tumello le kamohelo e feletseng re le mokhatlo oa Bibele! Ka bolokolohi bona bo bocha, re ne re ka ea ka ntlo le ntlo le ho paka har’a batho ba moo ba Maafrika.

Joale ra oela temeng, re hlomelletse ka thabo e khōlō le lipolelo tsa Swahili e fokolang, tse hopoloang ka hlooho. Karabelo ea re thabisa ka sebele. Ha qalisoa lithuto tsa Bibele tse ngata tse ncha, ’me batho ba ne ba thabetse ho ithuta! Empa maemo a ne a fapane hole-hole le ao ke neng ke a tloaetse, ’me ke hopola ke nahana, ‘Oho, batho ba hloka molaetsa o phelisang hakaakang oa ’nete!’

Tsela eo batho ba amohelang baeti ka eona e ne e le tšobotsi e thabisang haholo. Ha ke sa hopola hore na re ne re e-noa likopi tse kae tsa tee. ’Me nako le nako har’a sena sohle tlhase ea thahasello ea hotela ’me kananelo e neng e bontšoa ke ba bacha bakeng sa ’nete e ne e le tšusumetso e khōlō ho rōna kaofela ho tšoarella mosebetsing oa rōna.

Bolutu?

Na ke ne ke jeoa ke bolutu joaloka motho oa lesooa ea hole le hae? E seng hakaalo. Metsoalle e ne e le mengata haholo le mosebetsi o le mongata haholo! Re ne re etsa lintho hammoho, re chakelana, ’me re tšoarehile. Ke ’nile ka ba le menyetla ea hore nka nyaloa bophelong ba ka, empa ha nka ba ka ba le sebaka sa Iona. Ho e-na le hoo, ke tsebile ho sebelisa bolokolohi bo kathoko le ho tsamaea tseo bosooa bo neng bo mpuletse sebaka sa tsona ho tšoareha tšebeletsong, ’me hona ho ntliselitse thabo e khōlō. Nke ke ka latola, ha ke etsa maeto a ho boela malapeng a thabelang, ke ne ke ee ke nahane, ‘Monna o ne a ka ’na a ba molemo mona!’ Kaha ka mosa malapa a mang a ne a nkenyelletsa linthong tseo a li etsang, ke ne ke e-ba mong ka seoelo. Mona Kenya ke na le lelapa la moea la batho ba ka bang 15 le entsoeng ka ba fapa-fapaneng bao ke filoeng tokelo ea ho ba thusa hore ba inehele le ho kolobetsoa. Le hona joale, ha ke sheba phutheho, ke bona e mong oa bana le bana ba hae ba bahlano ba bolela litaba tse molemo le bona. Ka sebele, ke hona ho etsang hore boitelo le boikitlaetso e be tse tšoanelehang. Bana ba bacha hammoho le baena le bo-khaitseli ba moea ba ratehang, ba entse hore bophelo ba ka bo felle hoo kamehla ho nang le ho hong ho nka ho etsang ’me ho se nako e ngata e sallang bolutu.

Mosebetsi oa Thibeloa! Ke Lule kapa ke Tsamaee?

A ntho e nyarosang! Ka tšohanyetso feela, hoseng ho hong ra tsohela ho thibeloa ho feletseng ha mosebetsi. Ha ho boleloe, ha ho liboka tse khōlō, baromuoa ba tla tloha ba lelekoa, ’me libuka li thibeloe. Bokamoso ba bonahala bo sa hlaka. Ke ne ke tla etsa joang? Ka ea bona moena ea ofising ea lekala la Watch Tower Society. Eena ka boeena o ne a phutha-phutha mehasanoa hore a itahle. Ka botsa, “Ke tsamaee kapa ke lule?” A arabela: “Haeba u ka khona, ho molemo u lule. Mohlomong u ka ’na ua thusa.” Ka nahana, ‘Ke tlile ho tla sebeletsa batho le ho bolela litaba tse molemo hamolemo kamoo nka khonang, ’me ’na ke sa na le monyetla.’ Eaba kea lula. Empa ka ikutloa ke lahlehetsoe hakaakang ha ke tataetsa baromuoa seemelong sa lifofane! Metsoalle e mengata hakana e metle e ile, le hona e le ka nako e le ’ngoe! Ka ba hloloheloa haholo ’me ke ntse ke ba hloloheloa.

Ha ke hetla morao, ke leboha hakakang hore e be ke ile ka ipha sebaka sa ho etsa metsoalle le ho haha likamano le baena ba mona le ba bang ba ileng ba sala! Hoja ka se ke ka ho etsa, nka be ke ile ka sala pooaneng! Ra thula thaba re le hammoho. ’Me ra hlolloa ra ba ra lopoloha hakaakang ha likhoeli tse seng kae hamorao, ha litaba li loka, thibelo e tlosoa ’me mosebetsi oa rōna o boela o hlokomeloa ka molao!

Butle-butle, thuso ea ’na ea fihla. Hoo ha re fa matla le ho nyolla mosebetsi hakaakang! Ke thabo e kaakang ho bona kamoo mosebetsi o tsoetseng pele kateng! Ha ke qala ho fihla Kenya, ho ne ho e-na le baena ba 30 feela le ba thabelang ba neng ba loanela ho isa leseli la ’nete bathong. Hona joale re na le bahoeletsi ba ka bang 3 000 ba ’Muso le lithuto tsa mahae tsa Bibele tse fetang 4 000 naheng ena. Ke ne ke tseba e mong le e mong likopanong tsa rōna tse nyenyane. Empa matsatsing ana ha ke sheba litulo tse khōlō, tse tletseng batho ba bangata ho le mebala-bala, hoo ho thata. Ke sa ntsane ke hopola le ofisi ea pele e nyenyane ea lekala. Hona joale, ho e-na le ofisi e nyenyane e likamore li peli, re na le ofisi e ntle e ncha ea lekala le khatiso.

Matla a Bolokang a Jehova a Bonahala Kamehla

Hase khale haholo ha mahlo a ka a qala ho ntšoenya, a batla tšebetso e tšenyehelo e boima. Hona ho ka be ho ile ha ja boholo ba chelete ea ka e seng e ntse e iphokolla. Le hona mona, ka tlameha ho etsa qeto ea hore na ke khutlela Canada kapa ke leke ho lula kabelong ea ka ea bopula-maliboho. Bothata bona ka bo fetola taba ea thapelo. Ka hona u ka itekanyetsa thabo ea ka ha ke utloa hore ’muso oa Canada o ne o fetola melao ho lumella hore liphenshene li lefuoe ho baahi ba oona le haeba ba sa phele Canada. Jehova o ne a mpontšitse tsela ea ho tsoa, ’me ke thabile, hobane ke ne ke fetotse Kenya lehae la ka ’me ruri ke batla ho lula.

Kamano ea ka le Jehova e tebile ho theosa le lilemo. Ke le mosali oa lesooa naheng ea Afrika, ke mo bone e le Mosireletsi. O bile o-oa re boloka, hobane ke le lilemo li 77 ke ntse ke bula maliboho ’me hona joale ke ho entse ka lilemo tse fetileng tse 27. Hape ke ithutile ho khomarela se setle ha mathata a hlaha. Lintho li ee li qetelle li fetohile; ha li lule nqa e le ’ngoe ka linako tsohle. ’Me joale u thabe hakakang hore u ile ua lula u le khabane! Ha e le ’na, hafeela nka khona ke na le tšepo ea ho tsoela pele ke sebeletsa Jehova ke le pula-maliboho ea thabileng.

“Ho lehlohonolo eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae,

Eo tšepo ea hae e beiloeng ho Jehova, Molimo oa hae!

O entse maholimo le lefatše,

Leoatle le tse ho lona kaofela,

O boloka ’nete ka ho sa feleng.”

—PESALEME EA 146:5, 6.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

‘Karabelo lipolelong tsa rōna tsa Swahili e ne e re thabisa’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela