Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 6/1 maq. 19-23
  • Jehova o Sebetsa Litaba ka Botšepehi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Sebetsa Litaba ka Botšepehi
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phela ke se na Morero Bocheng
  • Ho Bonahatsa Botšepehi bo Bocha
  • Tšebeletso ea Nako e Tletseng Engelane
  • Tšebeletso e Atolohileng Afrika
  • Ho Khutlela Afrika
  • Maemo a Macha Engelane
  • Ho Tšepa Jehova ho Tlisa Thabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lesooa le Thabetseng Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Re Ile ra Iketsetsa Lehae Moo re Neng re le Baromuoa Teng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 6/1 maq. 19-23

Jehova o Sebetsa Litaba ka Botšepehi

JOALOKAHA HO BOLETSE PETER PALLISER

E ne e le December 1985. Re ile ra tlala thabo e khōlō ha re qala ho theohela lebaleng la lifofane la machaba la Nairobi, Kenya. Ha re kena motse-moholo, lintho tseo re neng re li tseba tseo re ileng ra li bona le ho li utloa, li ile tsa re hopotsa linakong tse fetileng.

RE NE re tlile Kenya ho tla ba teng Kopanong ea Setereke ea Lipaki tsa Jehova ea “Baboloki ba Botšepehi.” Lilemong tse 12 tse fetileng, ’na le mosali oa ka re ne re ile ra qobelleha ho tloha Kenya ka lebaka la ho thibeloa ha mosebetsi oa rōna oa boboleli. Nakong eo, re ne re lula Bethele, eo e leng lebitso la mehaho ea lekala ea Lipaki tsa Jehova. Re ne re letetsoe ke thabo e hlollang hakaakang ha re boela re etela moo!

Paki e nyenyane eo re e tsebileng ho tloha ha e le lilemo li peli e ne e le eona e neng e thusa ho lokisa lijo tsa motšehare tsa Bethele. Bonyane litho tse tšeletseng tsa lelapa la Bethele e ne e le batho bao re ba tsebileng e sa ntse e le bana. E bile thabo e kaakang ho ba bona e se e le bacha ba seng ba hōlile, hammoho le malapa abo bona, kaofela ba ntse ba le mafolofolo tšebeletsong! Ba ne ba hlokometsoe ke Molimo oa rōna Jehova, phethahatsong ea tšepiso ea Bibele: “U tla sebelisana ka botšepehi le ea tšepahalang.” (2 Samuele 22:26, NW) Ke ile ka fumana phapang e kaakang ha ke bapisa bophelo ba ka ba bocheng le bophelo bo putsang boo bacha baa ba neng ba bo phela!

Ho Phela ke se na Morero Bocheng

Ke hlahetse Scarborough, Engelane, ka la 14 August, 1918. Lilemo tse peli hamorao, ’Mè le ausi oa ka oa lenyalong la ’Mè la pele ba ile ba ea Canada, kahoo, ka lilemo tse tharo tse latelang, ke ile ka phela le Ntate, Nkhono le Rakhali. Ha ke le lilemo li hlano, ’Mè o ile a nkutsoa ’me a nkisa Montreal, Canada. Lilemo tse ’nè hamorao, o ile a nkhutlisetsa Engelane hore ke e’o lula le Ntate le ho kena sekolo.

’Mè le ausi oa ka ba ne ba ’ngolla hoo e ka bang khoeling e ’ngoe le e ’ngoe ea botšelela. Qetellong ea mangolo a bona, ba ne ba bolela takatso ea bona ea hore ke be moahi ea molemo, ea tšepahalang ho Morena le ho naha. Mohlomong likarabo tsa ka li ne li ba nyahamisa kaha ke ne ke ba ngolla hore ke lumela hore bochaba le ntoa li fosahetse. Empa, ka lebaka la ho hloka tataiso e hlakileng ha ke kena bohlankaneng, ke ile ka phela bophelo bo se nang morero.

Joale, ka July 1939, libeke tse tšeletseng pele Ntoa ea II ea Lefatše e qala, ke ile ka qobelloa ho kenela lebotho la ntoa la Brithani. Ke ne ke le lilemo li 20 feela. Ka potlako lebotho leo ke leng ho lona le ile la romeloa Fora e ka leboea. Ha re ne re hlasetsoe ke sefofane sa Majeremane, rōna thaka e tšesaane re ile ra se korola ’me ra se thunya. E ne e le bophelo bo tšosang. Re ile ra checha ka pel’a mabotho a ntoa a Jeremane a neng a atamela, ’me ke ile ka ba har’a ba ileng ba tloha Dunkirk bekeng ea pele ea June, 1940. Ke sa ntse ke hopola ka tšabo e khōlō pono ea litopo tsa lebotho le leholo la masole tse neng li tjapaletse lebōpong la leoatle. Ke ile ka pholoha phihlelo eo e nyarosang ’me ka fihla Harwich, Engelane bochabela, ka sekepe se senyenyane se tsamaisang liphahlo.

Selemong se latelang, ka March 1941, ke ile ka romeloa India. Moo ke ile ka koetlisetsoa ho ba setei sa mochine o tsamaisang sefofane. Ka mor’a hore ke lule sepetlele ka lebaka la ho kula hoo ke ho tšoaelitsoeng, ke ile ka isoa lebothong la ntoa le Delhi, motse-moholo oa India. Ke le hōle le hae ’me ke ntse ke sa phele hantle, ke ile ka qala ho nahana ka bokamoso. Haholo-holo ke ne ke nahana ka hore na ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa.

Ho Bonahatsa Botšepehi bo Bocha

Delhi, ke ne ke kopanetse kamore le Bert Gale, mphato oa ka oa Lenyesemane. Ka letsatsi le leng o ile a re “bolumeli ke ba Diabolose,” e leng polelo e ileng ea tsosa thahasello ea ka. Mosali oa hae o ne a fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me nako le nako o ne a mo romella lingoliloeng tsa Bibele. E ’ngoe ea tsona, bukana ea Hope, e ile ea hapa thahasello ea ka. Ho tšohla ha eona tšepo ea tsoho ea bafu ho ile ha etsa hore ke khobe matšoafo.

Neng-neng mathoasong a 1943, Bert o ile a bua le Teddy Grubert, motho ea neng a tsoakile Bonyesemane le Boindia, eo e neng e se lesole, ea neng a sebetsa le rōna setsing sa sesole. Re ile ra makala ha re utloa hore Teddy ke Paki. Le hoja lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova li ne li thibetsoe ka 1941, o ile a re isa libokeng tse neng li tšoaroa ke Lipaki, Delhi. Phuthehong eo e nyenyane, ka lekhetlo la pele bophelong ba ka ke ile ka fumana botsoalle ba sebele, bo mofuthu. Basil Tsatos, mor’abo rōna oa Mokreste ea hōlileng ea tsoang Greece, o ile a ntlhokomela ’me a arabela lipotso tsa ka. O ile a fana ka likarabo tse hlakileng tsa Bibele lipotsong tse mabapi le hore na ke hobane’ng ha re tsofala ’me re e-shoa, tse mabapi le tsoho ea bafu le tse mabapi le tšepiso ea Molimo ea lefatše le lecha la ho loka.—Liketso 24:15; Baroma 5:12; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4.

Ke ile ka thahasella haholo-holo bukana e neng e re Peace—Can It Last?, e hatisitsoeng ka 1942. E ne e tsebahatsa Selekane sa Lichaba e le “sebata se ’mala o sekareleta.” (Tšenolo 17:3) Ha e qotsa Tšenolo khaolo ea 17, temana ea 11, bukana eo e ile ea re: “Hona joale ho ka boleloa hore Selekane ‘se ne se le teng, ’me se se se le sieo.’” Ha e tsoela pele, e ile ea re: “Mokhatlo oa lichaba tsa lefatše o tla hlahella hape.” Lilemo tse fetang tse tharo hamorao, ka 1945, ke sona se ileng sa etsahala hantle ha mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o thehoa!

Nakong ea ha likhatiso tsa Lipaki li thibetsoe, ke ile ka khona ho thusa metsoalle ea ka e mecha. Ha ho ne ho fihla lebokoso la libukana tsa Peace—Can It Last?, phutheho e ne e mpha lona bakeng sa hore ke le boloke. Ke mang ea neng a ka nahana ho batla likhatiso tse thibetsoeng kampong ea lebotho la ntoa? Lekhetlo ka leng ha ke ne ke e-ea libokeng, ke ne ke nka libukana tse ’maloa ho ea li fa barab’abo rōna. Ke bile ka pata le likhatiso tsa bona tsa Bibele ha ba ne ba tšohile hore mahae a bona a tla phenyekolloa. Qetellong, ka la 11 December, 1944, thibelo eo e ile ea tlosoa.

Botšepehi ba ka lithutong tsa Bokreste bo ile ba lekoa nakong ea ho ketekoa ha Keresemese ea 1943, e neng e lokiselitsoe ho arohana ha lebotho la rōna. Ke ile ka hana ho kopanela, kaha ke ne ke se ke ithutile hore Jesu ha aa tsoaloa mariheng a December le hore Bakreste ba pele ha baa ka ba keteka Keresemese.—Bapisa le Luka 2:8-12.

Ha ho ne ho tšoeroe Kopano ea “Baphatlalatsi ba Kopaneng” Jubbulpore (Jabalpur), ka la 27 ho ea ho la 31 December, 1944, ke ne ke le har’a ba 150 ba neng ba le teng moo. Ba bangata ba ba neng ba tlile kopanong eo ba ne ba tsamaile leeto le bolelele ba lik’hilomithara tse fetang 600 ka terene ho tloha Delhi. Le ka mohla nke ke ka hlola ke lebala moea o babatsehang o neng o le teng ho batho ba neng ba kopanetse lepalapaleng, moo ke ileng ka bona ho sebetsa ha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.

Ba tlileng kopanong ba ne ba lokiselitsoe marobalo liphaposing tsa sekolo, moo re neng re bina lipina tsa ’Muso le ho thabela botsoalle ba Bokreste. Kopanong eo, ke ile ka qala ho nka karolo mosebetsing oa boboleli, e leng mosebetsi oo ho tloha ka nako eo ho ea pele, ke ileng ka o rata haholo.

Tšebeletso ea Nako e Tletseng Engelane

Ke ile ka khutlela Engelane ka 1946 ’me ka potlako ka qala ho kopanela Phuthehong ea Wolverton. Le hoja re ne re le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang leshome feela, ke ne ke phutholohile, ’me ke ile ka khotsofala joalokaha ke ne ke khotsofetse har’a barab’eso India. Vera Clifton o ne a tsebahala ka ho ba motho ea tšepahalang le ea mofuthu ka phuthehong. Ha ke utloa hore o na le takatso e tšoanang le ea ka ea ho ba pula-maliboho, kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba bitsoang kateng, re ile ra nyalana ka la 24 May, 1947. Ke ile ka nchafatsa k’haravene, kapa lehae le tsamaeang, ’me selemong se hlahlamang kabelo ea rōna ea pele ea bopula-maliboho eo re ileng ra e fuoa e bile torotsoana ea Huntingdon.

Mehleng eo, re ne re palama libaesekele tsa rōna ka meso ho ea tšimong ea mahaeng. Letsatsi lohle la rōna la boboleli le ne le sitisoa feela ke khefu ea nakoana bakeng sa tinare ea bohobe bo kentsoeng ho itseng ka hare. Ho sa tsotellehe moea o fokang ka matla oo re neng re shebana le oona kapa pula ea litloebelele eo re neng re soaela ka har’a eona ha re khutlela hae, re ne re thabile ’me re khotsofetse mosebetsing oa Morena.

Hamorao re ile ra labalabela ho atolosa tšebeletso ea rōna le ho arolelana ‘litaba tse molemo’ le batho ba linaheng tse ling. (Matheu 24:14) Ka hona, re ile ra etsa kōpo bakeng sa ho ba teng sekolong sa Gileade sa baromuoa se neng se le South Lansing, New York, U.S.A. Qetellong, re ile ra amoheloa sehlopheng sa Gileade sa bo26 se ileng sa fumana mangolo ka February 1956.

Tšebeletso e Atolohileng Afrika

Kabelo ea rōna ea boromuoa e ile ea e-ba Rhodesia Leboea (eo hona joale e leng Zambia), Afrika. Hang hoba re fihle, re ile ra kōptjoa ho ea sebeletsa Bethele ea naheng eo. Karolo ea mosebetsi oa ka oa Bethele e ne e le ho hlokomela litaba tsa ngollano le liphutheho tsa Afrika Bochabela. Ka 1956, Kenya—e ’ngoe ea linaha tsena tsa Afrika Bochabela—e ne e e-na le Lipaki tse ’nè feela, ha Rhodesia Leboea eona e ne e e-na le tse fetang 24 000. ’Na le Vera re ile ra qala ho nahana kamoo ho ka bang molemo kateng ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane.

Joale, re sa lebella, ke ile ka fumana memo e ’ngoe hape ea ho ea Sekolong sa Gileade, lekhetlong lena e le bakeng sa thupelo ea likhoeli tse leshome ea balebeli ba makala. Ke siile Vera Rhodesia Leboea, ke ile ka ea New York City, moo Sekolo sa Gileade se neng se le hona teng ka nako eo. Ka mor’a hore ke qete thupelo eo ka November 1962, ke ile ka abeloa ho ea theha ofisi ea lekala Kenya. Ka nako eo, Kenya e ne e e-na le Lipaki tse fetang lekholo.

Ha ke khutlela Rhodesia Leboea ho ea kopana le Vera, ke ne ke tšoanetse ho pota le Nairobi, Kenya. Empa ha ke fihla moo, Bill Nisbet, moithuti ea ileng a fumana lengolo la Gileade sehlopheng sa bo25 o ile a nkhahlametsa ka litaba tsa hore ho na le monyetla oa hore ke fumane tumello ea molao ea ho kena Kenya hang-hang. Re ile ra ea ho ba ikarabellang ho tsa bojaki, ’me ka mor’a metsotsoana e seng mekae feela ke ne ke fumane tumello ea ho sebetsa moo ka lilemo tse hlano. Kahoo, ha kea ka ka hlola ke khutlela Rhodesia Leboea; ho e-na le hoo, Vera o ile a tla ho ’na Nairobi.

Ka mor’a thupelo ea puo ea Seswahili eo re neng re e lokiselitsoe, re ile ra kopanela le phutheho e nyenyane ea Nairobi tšebeletsong. Ka linako tse ling e ne e re ha re qeta ho bala nehelano e hlalosang tsa boeti ba rōna ka Seswahili, mong’a ntlo o ne a re: “Ha ke tsebe Senyesemane!” Ho sa tsotellehe sena, re ile ra phehella ’me butle-butle ra ’na ra hlōla bothata boo ba ho se utloane ka puo.

Tšimo ea rōna e ne e akarelletsa libaka tse ngata tsa bolulo tse nang le mabitso a Bibele a kang Jerusalema le Jeriko. Thahasello e ne e hōla ka potlako libakeng tsena ’me ho ile ha e-ba le bahoeletsi ba bangata ba bacha ba ’Muso. ’Nete ea Bibele e ile ea hlahisa liphello tse babatsehang hakaakang ho batho baa! Boikutlo ba hore moloko o mong o phahametse o mong bo ile ba fela ha ho tšepahalla ’Muso ho momahanya batho ba Jehova. Meloko e fapaneng e bile ea nyallana, e leng ntho e sa tloaelehang haholo har’a batho bao e seng Lipaki.

Baboleli ba bacha ba ’Muso ba ile ba amohela ’nete ka cheseho. Ka mohlala, Samson o ne a labalabela hore sebaka sa habo se fumane ’nete ea Bibele hoo a ileng a lula a kōpa hore ho romeloe bo-pula-maliboho moo. Ha e le hantle, o ile a atolosa ntlo ea hae e sebakeng sa Ukambani e le hore a ba fumantše bolulo. Ka potlako, phutheho e ncha ea baboleli ba ’Muso e ile ea thehoa moo.

Ke ile ka etela barab’abo rōna ba naheng ea Ethiopia, Afrika Bochabela, ka makhetlo a ’maloa. Ho sa tsotellehe ho kenngoa teronkong, ho otloa le ho behoa leihlo kamehla ka lebaka la seo ba se etsang, ka karolelano ba ne ba qeta lihora tse fetang 20 ka khoeli tšebeletsong. Ka nako e ’ngoe, libese tse peli tse tletseng bara le barali babo rōna ba Ethiopia li ile tsa tsamaea beke, li haola makhalong a lithaba hore ba be teng kopanong ea setereke Kenya. Mahlahahlaha a bona a hore lingoliloeng tsa ’Muso li fumanehe naheng ea bona, a ne a babatseha. Rōna ba Kenya re ne re thabela ho ba thusa hore ba li fumane.

Ka 1973, mosebetsi oa rōna o ile oa thibeloa ka molao Kenya ’me baromuoa ba ile ba qobelloa hore ba tsamaee. Ka nako eo re ne re e-na le Lipaki tse ka holimo ho 1200 Kenya, ’me tse ngata tsa tsona li ne li le teng boema-fofane ho re lakaletsa tsela-tšoeu eo re ke keng ra e lebala. Boteng ba tsona bo ile ba susumelletsa motho e mong eo re neng re tsamaea le eena hore a re botse hore na re batho ba itseng ba tummeng na. ’Na le Vera re ile ra khutlela Engelane ’me ra fuoa kabelo teng, empa re ne re labalabela ho khutlela Afrika.

Ho Khutlela Afrika

Kahoo, likhoeli tse seng kae hamorao re ile ra fumana kabelo ea rōna e ncha Bethele ea Accra, motse-moholo oa naha ea Afrika bophirimela ea Ghana. Mona, e ’ngoe ea likabelo tsa ka e ile ea etsa hore ke tobane le bothata boo barab’abo rōna ba moo ba thulanang le bona. Kaha ke ne ke ikarabella bakeng sa ho reka lijo le lisebelisoa tsa lelapa la Bethele, ke ile ka qakoa ke theko e phahameng ea lijo. Hangata motho o ne a sa khone ho reka lintho tse hlokahalang. Ho haella ha peterole le leqeme la litšepe tse lokisang likoloi ho ile ha eketsa mathata.

Ke ile ka ithuta bohlokoa ba mamello, e leng ntho e ’ngoe eo barab’abo rōna ba Ghana ba neng ba e hlaoletse. Ho ne ho khothatsa haholo ho bona boikutlo bo thabileng ba bona ha ba qhela teko ea ho fumana litlhoko tsa bophelo ka ho ntša tjotjo. Ka lebaka leo, batho ba Jehova Ghana ba ile ba tsebahala ka botšepehi ba bona ’me ba thabela botumo bo botle ho bahlanka ba bangata ba ’muso.

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho haella ha lintho tse bonahalang, ho ne ho e-na le katleho e eketsehang moeeng. Ho pholletsa le naha eohle, lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele li ne li batla li fumaneha lelapeng le leng le le leng. ’Me re bone ha palo ea baboleli ba ’Muso Ghana e nyoloha ho tloha ho 17 156 ka 1973 ha re ne re fihla, ho ea ho 23 000 ka 1981. Selemong seo, ho hlaseloa ha ka ka makhetlo ke kankere ea letlalo, hoo ntle ho pelaelo ho neng ho totisitsoe ke ho pepesehela letsatsi ka lilemo tse ngata India le Afrika, ho ile ha re qobella hore re tlohe Ghana ’me re khutlele Engelane bakeng sa phekolo ea kamehla.

Maemo a Macha Engelane

Ho ’na, ho khutla ha rōna ho ne ho bolela phetoho e khōlō tšebeletsong ea ka. Ke ne ke se ke tloaetse ho bua ka bolokolohi le batho ba hlomphang Molimo le Bibele. Empa London, ke seoelo ke fumanang boikutlo bo joalo. Ke tsota mamello ea barab’abo rōna ba Brithani. Sena se entse hore ke bone tlhokahalo ea hore ke hlaolele kutloelo-bohloko e eketsehileng bakeng sa batho ba ‘sohlokehileng ’me ba qhalakane’ moeeng.—Matheu 9:36.

Ka mor’a hore re khutle Afrika, ’na le Vera re ile ra sebetsa Bethele ea London ho fihlela ha a e-shoa ka September 1991 a le lilemo li 73. Ha hoa ba bonolo ho lahleheloa ke molekane ea tšepahalang joalo, ea sebelitseng le ’na tšebeletsong ka lilemo tse ngata hakaalo. Ke mo hlōloheloa haholo. Empa ke thabela tšehetso e molemo eo ke e fumanang lelapeng la rōna la Bethele la litho tse 250.

Ka sebele ke ho nka e le tokelo ho bona ha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o hōla le ho bona ba bangata ba etsa tšebeletso ea nako e tletseng mokhoa oa bona oa bophelo. Nka le tiisetsa hore ha ho tsela e ’ngoe ea bophelo e molemo ho feta ena, kaha “Jehova . . . a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae.”—Pesaleme ea 37:28, NW.

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Re butse maliboho Engelane ho tloha ka 1947 ho fihlela ka 1955

Ke le tšebeletsong ka lekhetlo la pele nakong ea kopano India

Ha re ne re le baromuoa Rhodesia Leboea

Ka 1985, re e-na le metsoalle eo re neng re arohane le eona ka lilemo tse 12

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela