Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 5/15 maq. 8-13
  • Ho Hlaolela Setsoalle se Molemohali Bokahohleng Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlaolela Setsoalle se Molemohali Bokahohleng Bohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mofuta oa Bohlokoa oa Setsoalle
  • Bao Jehova a ba Etsang Metsoalle
  • Qoba Setsoalle se tla Fela
  • Jehova—Na ke Motho eo U mo Tloaetseng Feela Kapa ke Motsoalle oa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Kamoo U ka Etsang Metsoalle Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Boloka Metsoalle?
    Tsoha!—1996
  • “Ke le Bitsitse Metsoalle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 5/15 maq. 8-13

Ho Hlaolela Setsoalle se Molemohali Bokahohleng Bohle

‘Empa uena Iseraele, mohlanka oa ka, Jakobo, uena eo ke ikhethetseng eena, leloko la Abrahama, motsoalle oa ka.’—ESAIA 41:8, bapisa NW.

1. Ke eng e etsang hore setsoalle sa ’nete se se ke sa timela le ka mohla?

MOTSOALLE oa ’nete ke oa bohlokoa hakaakang! Empa motheo oa ho ba le motsoalle oa ’nete ke ofe? Ke’ng se leng motsong oa setsoalle se tiisetsang? Ke ntho e ke keng ea timela le ka mohla e le hore motsoalle oa ’nete a se timele le ka mohla. Ntho eo ke efe? Ke tšoaneleho eo moapostola Pauluse a ileng a e qotsa ha a re, “Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong”!—1 Ba-Korinthe 13:8.

2. Leetsi leo lentsoe la Segerike bakeng sa “motsoalle” le nkiloeng ho Iona le na le moelelo ofe o khethehileng?

2 Mangolong a Seheberu, lereho le fetoletsoeng e le “lerato” le nkiloe leetsing le bolelang “ho rata.” (Deuteronoma 6:4, 5; bapisa Mattheu 22:37.) ’Me ho Septuagint Version ea Segerike leetsi le fetoletsoeng e le “u rate” ho tsoa temaneng ea Seheberu ke a·ga·panʹ. Leha ho le joalo, phetolelong eo ea boholo-holo le Mangolong a Bakreste a Segerike lereho le fetoletsoeng e le “motsoalle” ha lea theoa leetsing leo empa ke lereho la Segerike phiʹlos, le nkiloeng leetsing le bolelang “ho ba le kameho bakeng sa.” Ka hona, ho latela Segerike sa pele, kameho e lerato e bontšoa ho motsoalle kapa pakeng tsa metsoalle. Esita le ka puo ea Senyesemane lentsoe “motsoalle” le nkiloe leetsing la “Anglo-Saxon” le bolelang “ho rata.”

3. Barutuoa ba Jesu ba ne ba lokela ho ba le lerato la mofuta ofe, ha le bapisoa le lerato la Molimo bakeng sa batho?

3 Ka hona leetsi la Segerike leo lebitso “motsoalle” le nkiloeng ho Iona le bolela boikutlo bo mofuthu le bo haufi-ufi ho feta lerato le boleloang ke leetsi a·ga·panʹ, le hlahang temaneng ea Segerike ea Johanne 3:16, moo Jesu a qotsitsoeng a re: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” Kahoo lerato (a·gaʹpe, ka Segerike) ka lehlakoreng la Jehova Molimo le leholo ka ho lekaneng hore le ka aparela lefatše lohle la batho ho sa tsotellehe sebe sa moloko oa motho. Empa Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo o boleletse baapostola ba hae ba khabane ba 11 hore ba ne ba tlameletsoe ho eena ke mofuta o mofuthu le o haufi-ufi haholo oa lerato.

Mofuta oa Bohlokoa oa Setsoalle

4. Ke ka ho etsa eng barutuoa ba Jesu ba ka tsoelang pele e le “metsoalle” ea hae, hona boemo boo bo tla ba lumella botsoalleng bofe?

4 Jesu o boleletse baapostola bano ba hae hore e ne e tla ’ne e be “metsoalle” ea hae hafeela ba ntse ba tsoela pele ho etsa lintho tseo a ba laetseng hore ba li etse. Ho bontša hore hona ho ne ho tla akarelletsa setsoalle se khethehileng se hlahisoang ke ho tšepana, o itse: “Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etsoang ke morena oa hae; ke le bitsitse metsoalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tsee ke li utloileng ho Ntate.” (Johanne 15:14, 15) Ka ho rialo, Jesu o ile a sebelisa lentsoe phiʹlos ho e mong le e mong oa baapostola bano.

5. Setsoalle seo ho builoeng ka sona ho Liproverbia 18:24 se itšetlehile ka eng, hona setsoalle se joalo se tiile hakae?

5 Ho latela Liproverbia 18:24, monna ea bululetsoeng ea bohlale o itse: “Motho ea nang le metsoalle e mengata ho eena ke tšenyeho, empa mohlomong motsoalle e mong o’a khomarele motho ho fetisa ngoan’abo motho.” Setsoalle se joalo ha sea theoa likamanong tsa nama; se theiloe holim’a kananelo ea ho tšoaneleha ha ’nete ha ea entsoeng motsoalle. E, beng ka motho ba nama ba ka ’na ba arohana ka mabaka a fapaneng a boithati, empa motsoalle ea tiileng a ke ke a sisinyeha ’me o tla tšoarella setsoalleng sa hae ho sa tsotellehe maemo a lekang, kapa a thata kapa maemo a batlang maikutlo a pelo a ka ’nang a hlaha.

6. Re hopotsoa ka setsoalle sa mang se matla, ’me hamorao Davida o ile a felehetsa setsoalle seo joang?

6 Mona re ka ’na ra nahana ka Jonathane, mora Morena Saule ea lahliloeng, le ka Davida, eo Jehova Molimo a neng a mo khethile le ho mo tlotsetsa ho ba morena oa Iseraele. Setsoalle sa bona se ile sa tšoarella ho fihlela lefung la Jonathane lebaleng la ntoa. Davida ha a utloa litaba tse bohloko, ha a ka a thiba sello se tlalehiloeng ho 2 Samuele 1:17-27. A bontša kamoo kamano ea hae le Jonathane e neng e le matla kateng, Davida a re: “Ke tsielehile ka baka la hao, Jonathane, ngoan’eso: u no u khahleha ho ’na; lerato la hao ho ’na e ne e le le makatsang, le fetang lerato la basali!” Setsoalle se kang seno se ne se sa lokela ho lebaloa kapa se fele se sa lebohuoa. Se susumelelitse hore Davida a bontše mohau ho Mefiboshethe, mora ea setseng a phela oa Jonathane.—2 Samuele 9:1-10.

7. (a) Na setsoalle se kang sa Davida le Jonathane se fehle lefatšeng la rōna, haholo-holo ‘bofelong bona ba lefatše’? (b) Setsoalle se joalo se etsa hore motho a amohelehe pontšong ea botsoalle bofe, joalokaha Jesu a hlaloselitse baapostola ba hae ba tšepahalang?

7 Mofuta oo oa bohlokoa oa setsoalle ha o e-so ho shoe holim’a lefatše. Kajeno, ‘bofelong bona ba lefatše’ ha ‘lerato la ba bangata le tapile,’ mofuthu oa setsoalle se joalo se lerato o utluoa ka matla har’a lipaki tse inehetseng tsa ba tsa kolobetsoa tsa Jehova Molimo tse fanang ka bopaki ba ’Muso boo Jesu a bo profetileng lefatšeng ka bophara. (Mattheu 24:3-14) Metsoalle e sekamela ho ntšana se inong kahobane e-ea tšepana. Hopola hore har’a bosiu ha Jesu a bua le baapostola ba 11 ba neng ba mo khomaretse, o itse: “Ke le bitsitse metsoalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tsee ke li utloileng ho Ntate.” (Johanne 15:14, 15) E, lintho tsa moea tsa Lentsoe la Molimo tse lokelang ho phethahatsoa kapa li sebelisoe li tla senoleloa pele “metsoalle” ea ’nete e tsoetsoeng ka moea ea Morena, Jesu Kreste. Joale “metsoalle” ena e tla ba le tokelo le boikarabelo ba ho senola lintho tsena tseo ho tla fihlela ka nako eo e neng e le lekunutu ho ba batlang ho kena likamanong tsa setsoalle le Jehova Molimo, eo lintho tse joalo tsa lekunutu li tsoang ho eena.

8. Ke mang eo Jehova a batlang ho etsa setsoalle le eena, ’me Jesu o buile joang ka selekane se amehang ka setsoalle se joalo?

8 Ke ka tsela eo Jehova a ’nileng a tsoela pele le barapeli ba hae ba tsoetsoeng ka moea ba kentsoeng selekaneng se secha sa hae ka ’Muelli, Jesu Kreste. Jesu ha a hloma Sejo sa Morena sa Mantsiboea, o itse: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka, a tšolleloang lōna.” (Luka 22:20) Hona ho ne ho le tumellanong le Pesaleme ea 25:14, e reng: “Morena ke motsoalle oa ba mo tšabang, o ba tsebisa selekane sa hae.” (Phetolelo e Ncha ea Sesotho) Ke tsebo e sa tloaelehang hakaakang e fuoang ba kenang kamanong ea setsoalle le Jehova Molimo le ’Muelli oa hae, Jesu Kreste!

Bao Jehova a ba Etsang Metsoalle

9. Na ke boikhohomoso ha re nahana hore Jehova o tla etsa setsoalle le libopuoa feela tjee tse batho, ’me ke litemana life tsa Bibele tseo re ka fanang ka tsona ho hlakisa karabelo ea rōna?

9 Empa, na re ka hla ra ba le Molimo o Holimo-limo le o Matla ’Ohle e le Motsoalle oa rōna? Na o se o hlile o ikokobelitse ho isa boholeng boo e ka bang Motsoalle oa rōna? Ha se boikhohomoso ho nahana joalo. Lengolong le eang ho Baiseraele ba moea pele Jerusalema e timetsoa ka 70 C.E., Jakobo a ngola: “Ha ba ha etsahala lengolo le reng: Abrahama o lumetse Molimo, ’me a balloa hona hoba ke ho loka, ’me a neoa lebitso la motsoalle oa Molimo.” (Jakobo 1:1; 2:23; Genese 15:6; Ba-Galata 6:16) ‘Lengolong’ le leng la Seheberu leo Jakobo a le qotsitseng mona re bala boipiletso bona boo Morena Josefate a bo entseng ho Molimo ha tšireletso ea Jerusalema e ne e tšosoa ka ho futuheloa ka tekanyo e khōlō: “Na hase uena, Molimo oa rōna, u nong u falatse baahi ba lefatše lena pel’a sechaba sa hao sa Iseraele, u bileng ua le nea litloholo tsa Abrahama, motsoalle oa hao, hore e be la tsona ka mehla na?” (2 Likronike 20:7) Mona re ka hlokomela hore lentsoe la motheo la Seheberu le fetoletsoeng e le “motsoalle” le bolela “moratuoa.” Ho ke ke ha latoloa hore Abrahama e ne e le moratuoa oa Jehova, Molimo o mo ntšitseng Ure oa Bakalde ’me oa mo tlisa Lefatšeng la Pallo. E le moratuoa ea joalo, Abrahama e ne e le motho eo Jehova a neng a ka mo etsa motsoalle, kapa a mo kenya setsoalleng sa Hae.

10. Ho Esaia 41:8 ke mang ea ipuelletseng tabeng ea botsoalle, hona e bile motheong oa boikutlo bofe ho Jehova Abrahama a ileng a beoa boemong bo khethehileng ho Molimo?

10 Leha ho le joalo, ho Esaia 41:8 Jehova o buile mantsoe ana a khothatsang ho litloholo tsa Abrahama e le sechaba: “Empa uena Iseraele, mohlanka oa ka, Jakobo, uena eo ke ikhethetseng eena, leloko la Abrahama, moratuoa oa ka.” Molimo o Holimo-limo o hlomphile setsoalle sena le Abrahama ka ho mo etsa ntate moholo ea hlahelletseng oa Jesu Kreste, Mopholosi oa batho bohle, ho akarelletsa le Abrahama ka boeena. Setloholo sena sa Abrahama se ne se le boemong bo fetang ba ho ba motsoalle oa Jehova Molimo feela, hobane ke Mora ea ratoang oa Molimo.—Johanne 3:16.

11. Ke hobane’ng ha setsoalle le Jehova se tlameha ho beoa tekong?

11 Ho latela sohle se fetileng, re ka etsa qeto efe? Hore ho ka etsahala hore libopuoa tse batho tse mona ‘bonamelong ba maoto’ a Jehova e be metsoalle ea hae. (Esaia 66:1) Ha e le hantle, setsoalle sa rōna sa bohlokoa le eena lefatšeng lena la khale se tla beoa tekong, hobane Satane Diabolose, “molimo oa lefatše lena,” o tla leka ho se qhala.—2 Ba-Korinthe 4:4.

12. Joaloka Jobo oa naheng ea Utse, re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng ka setsoalle sa rōna le ea Holimo-limo?

12 Nahana taba ea monna eane ea neng a hlahelletse oa mehleng ea boholo-holo ea bitsoang Jobo, eo morutuoa oa Mokreste Jakobo a buileng tjena ka eena: “Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utloile mamello ea Jobo, ’me le bone tsa qetello ea Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.” (Jakobo 5:11) Jobo e ne e se motho oa tšomong empa o hlile a phela naheng ea Utse. Diabolose a belaella boemo bo mamellang ba setsoalle sa Jobo le Molimo, ’me Jehova a lumella Satane hore a bee Jobo tekong e bohloko haholo. Ka likotsi tse utloisang bohloko tseo a li tliselitseng Jobo, Satane o ne a leka ho etsa hore Jobo a latole Jehova. Empa Jobo a hana ho tšehetsa Diabolose ka ho latola Molimo, ho neng ho tla fella ka hore Jobo a shoele ka lehlakoreng la Satane la tseko ea borena ba bokahohleng. Ho fapana le hoo, Jobo a paka Satane Diabolose e le raleshano ea mobe. Lefatšeng, Jesu Kreste o pakile ntho e tšoanang. Empa ho thoe’ng ka rōna kajeno? Ba batlang setsoalle le Jehova ba ikemiselitse ho tšoarella lehlakoreng la hae la tseko ena e amang bokahohle. ’Me ba tla etsa joalo ho fihlela Satane le bademona ba hae ba qetella ba lihetsoe sekoting ’me ba tholisitsoe pele ho Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste.—Tšenolo 20:1-4.

13. Setsoalle le Jehova Molimo le Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši se tsamaea joang, ’me re tlameha ho phallela tsela efe e le hore ka tšoantšetso re tle re se ke ra khetholloa le “bafebi”?

13 Ha ho setsoalle se teng se fetang setsoalle le Molimo o Holimo-limo, Jehova. Setsoalle le Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši se hlahlama setsoalle le Molimo. Setsoalle se joalo sa khotso le bona se bolela bophelo bo sa feleng thabong e se nang meeli bakeng sa rōna. Ka nepo ba batla hore re tšepahale ho bona feela. Re ke ke ra tloaelana le lefatše lena la khale le ahloletsoeng timelo ’me ka nako e tšoanang ra hlaolela setsoalle sa bona. Ha re bua ka puo ea moea, ha re batle ho khetholloa le bafebi, ho latela Jakobo 4:4, e beang taba ka ho toba ’me e re: “Banna le basali ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatše ke ho loantša Molimo na? Efela ea phehellang ho iketsa motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.” Mantsoe ao a ne a tobisitsoe ho Baiseraele ba moea ba lekholong la pele la lilemo C.E., empa a boetse a sebetsa ho Lipaki tsa Jehova tse phelang lefatšeng lena la lekholo la bo20 la lilemo, kapa tsamaisong ena ea lintho.

Qoba Setsoalle se tla Fela

14. Mabapi le setsoalle, Lipaki tsa Jehova li qoba joang ho ba le phihlelo e profetiloeng ho Zakaria 13:4-6?

14 Ka lebaka la ho se ipee metsoalle ea lefatše lena le silafetseng le le befileng la khale, Lipaki tsa Jehova li emeloa hampe, li tšoaroa hampe, hape lia hlorisoa. Ho bile joalo le ka paki ea Jehova e khōlōhali e kileng ea e-ba teng lefatšeng, Jesu Kreste, ’me ha li molemo ho mo feta. (Tšenolo 1:5; 3:14) Hobane ka botšepehi li ntse li lokisa monahano oa tsona ho latela Lentsoe la Motsoalle oa tsona ea molemohali, Jehova Molimo, li qobisitsoe phihlelo e hlalositsoeng ka boprofeta ho Zakaria 13:4-6, moo ho ngotsoeng tjena: “Ka tsatsi leo, baprofeta ba tla hlajoa ke lihlong, e mong le e mong ka pono ea hae, ha a ntse a profeta; ha ba sa tla apara kobo [ea molao] ea boea, ho bolela leshano. Ba tla re: Ha ke moprofeta, ke motho ea lemang mobu, hobane ke ne ke rekoe ke motho bocheng ba ka. Etlare ha ba re ho eena: Ke a’ng maqeba ana a har’a matsoho a hao? o tla re: Ke ao ke a entsoeng tlung ea metsoalle ea ka.”

15. Ke hobane’ng ha baruti ba Bokreste-’motoana ba ’nile ba apara liaparo tse khethehileng phatlalatsa, hona ba entse setsoalle se ipatlang le mang?

15 Ka makholo a lilemo joale, baruti ba Bokreste-‘motoana ba apere ‘kobo ea molao’ ka morero oa ho hlokomelisa ka maemo a bona a bolumeli le ka morero oa ho ikhetholla ho hao ho thoe’ng ke “litho feela tsa kereke.” Baruti bana baa ho etsa le hoja ho se bopaki ba letho bo pakang hore Jesu Kreste le baapostola ba hae le baboleli ba evangeli hao a ba romileng ba kile ba apara liaparo tsa molao tsa bolumeli ho hlokomelisa ka boemo ba bona le ho bo hōlisa. Hona joale re kenelletse ka botebo, ‘bofelong ba lefatše’ bo qalileng ha ho fela “mehla e khethiloeng ea balichaba,” kapa “mehla ea lichaba” ka selemo sa 1914. (Mattheu 24:3; Luka 21:24; KJ) Ke khale baruti ba lekile ho iketsa metsoalle ea hlooho ea khomo le likarolo tsa khoebo, sesole, le lipolotiki tsa lefatše lena. Hona ba ho entse molemong oa bona oa boithati ’me e le ntle ho pelaelo ea letho ea letsoalo. Empa setsoalle sa bona sa boithati sa mofuta ona se tla feta.

16. (a) Ho latela boprofeta ba Bibele, “metsoalle” ea lefatše e tla tloha e etsa’ng ho sehlopha sa baruti? (b) Esita leha ba le boemong bo bocha, ke phihlelo efe ea ho qetela eo baruti ba ke keng ba e pholoha?

16 Baruti le phutheho ka ho tšoanang ba iphumana ba le mehleng e phahameng haholo ea bohlale bo tebileng. Likamano tsa lefatše li imelitsoe ka ho fetisisa tlas’a khatello ea mehla ena. Ho sa tsotellehe ho ipolela ha bona hore ba eme le Molimo oa leholimo, baruti ha baa fumana tšehetso ho eena bakeng sa tokisetso ea lintho ea khoebo, ea sesole, le ea lipolotiki ’me ha ba fane ka pheko ea letho bakeng sa boemo ba lefatše bo mpefalang. Haufinyana, “metsoalle” ea bona ea lefatše e tla etsoa hore e hlokomele hore baruti ha ba na molemo, e, ke moroalo ho bona, ba leshano boprofeteng ba bona ba mehla e molemo ea maruo ntle ho ’Muso oa Molimo ka Kreste. Ka sebele, “metsoalle” eo ea lefatše qetellong e tla susumeletsoa ho bontša ka botlalo ho felloa ha eona ke tšepo, ho nyelisa le lehloeo. Ka mabifi e tla timetsa baruti kapa bonyane e ba hlobolise liaparo tsa bona tsa molao le ho ba theolela boemong bo tlase, ba litho feela tsa kereke, kamoo ho hlalositsoeng ho Zakaria 13:4-6. Empa phetoho ena ea boemo e ke ke ea ba sireletsa ho timetsoeng le Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, joalokaha bo profetiloe ho Tšenolo likhaolo 17 le 18. “Metsoalle” ea baruti ea lefatše e tla ba soetsa ka ho feletseng.

17. Ke setsoalle sefe se lokelang ho hlaoleloa, hona e le ka nako e kae?

17 Ho sa tsotellehe sena, ke habohlokoa hakaakang ho qoba setsoalle sa boithati sa mofuta o fosahetseng! Empa setsoalle se molemohali e lokela ho ba sa bohlokoa hakaakang ho rōna bokahohleng bohle! Re lokela ho se hlaolela ka ho sa feleng.

Menahano ea Hao ke Efe?

◻ Ke ka ho etsa eng feela barutuoa ba Jesu ba ka tsoelang pele e le metsoalle ea hae?

◻ Re tseba joang hore batho baka thabela setsoalle sa Jehova, ’me o lumella setsoalle le bo-mang?

◻ Ke hobane’ng ha setsoalle le Molimo se tlameha ho beoa tekong?

◻ Mabapi le setsoalle, Lipaki tsa Jehova li qoba ho ba le phihlelo ea se profetiloeng ho Zakaria 13:4-6 joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Davida le Jonathane ba ile ba thabela setsoalle se tlohang botebong ba pelo le sa bohlokoa. Le uena u ka se thabela

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Abrahama e ne e le ‘motsoalle oa Jehova.’ Uena?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela